2020
Ho arolelana khanya ea Mopholosi ka Keresemese
Ts´itoe 2019


“Ho arolelana khanya ea Mopholosi ka Keresemese,” Liahona, Ts’itoe 2020

Setśoantśo
bosebeletsi

Sets´oants´o sa tsoalo ea Jesu ka Niltza Beatriz Santillan Castillo; sets´oants´o sa mpho ho tsoa ho Getty Images

Metheo ea Bosebeletsi, Ts’itoe 2020

Ho arolelana khanya ea Mopholosi ka Keresemese

Ela hloko bao u ba sebeletsang. U ka ba thusa joang ho fihlela ba ba pela Kreste keresemeseng ee?

Le ha re hopola Mopholosi Jesu Kreste selemo kaofela, Keresemese ke nako eo re ketekang mpho e kholohali e kileng ea fanoa: “Hobane Molimo o ratile lefats´e hakalo, o bile a le nea Mora oa hae a tsoetsoeng a ´nots´i” (Johanne 3:16). Ha re ntse re sebeletsa ka Keresemese, le rona re ka fana ka limpho tse thusang ba bang ho atamela pela Mopholosi. Ho a hlolla ho nahana ka rona re le liipone tsa mpho e fanoeng ke Ntate ea Maholimong.

Ke ntse ke Ananela Mpho

Susan Hardy, California, USA.

Ha ke ne ke le lilemo tse 11, tichere ea ka ea sekolo sa Sontaha, ntate Deets, o ile a bolella sehlopha sa rona hore ha re ka ts´oara ka hlooho Metheo ea Tumelo ´me ra mo hlalosetsa hore na e bolelang, o tla re rekela sete ea rona ea mangolo a halalelang.

Ntate le ´m´e Deets e ne le banyalani ba bacha,ba qalong. Ke ne ke sena bonnete ba hore ntate Deets a ka khona ho rekela mang kapa mang mpho. Empa ke ile ka nka qeto ea hore haeba Metheo ea Tumelo e ne e le bohlokoa ho lekana ho e ts´oara ka hlooho, ke tla nka phephetso eo.

Kamora ho e qeta kaofela e le 13, nako e ile ea feta ´me ka lebala ka ts´episo ea hae.

Eaba, ka letsatsi la Keresemese, ke amohela sephutheloana se nang le lebitso la ka ho sona. Ke ile ka se bula ho fumana sete ea mangolo a halalelang bakeng sa ka feela, le karete e nkhothaletsang ho a bala khafetsa. E ne e le ka 1972, ´me le ho fihlela kajeno ke ntse ke na le mangolo ao a halalelang. A bohlokoa ho ´na.

E ne e se theko ea mpho empa mosa a o bonts´itseng ho ´na le sehlabelo seo a neng a ikemiselitse ho se etsa bakeng sa ka tse nts´ihileng le takatso e tebilelng ea ho ithuta lentsoe la Molimo. Ke leka ho latela mohlala oa ntate Deets oa ho sebeletsa ka ho fana ka limpho tse nang le moelelo ho ba mpotapotileng, ka ts´epo ea ho hlohonolofatsa maphelo a bona joalo ka ha a ile a hlohonolofatsa ba ka.

Memo ea ho Bapala Karolo

Richard M. Romney, Utah, USA

Ha ba neng ba etsa moralo oa moketjana oa keresemese oa lekala la rona ba nkopa ho etela e mong oa litho ea khathetseng moeeng ´me ke mo memele ho nka karolo lenaneong, ke tlameha ho amohela hore ke ne ke ts´ohile. Ke ne ke ile ka kopana le Darren ha nngoe feela pele ho moo, ha a ne a nkile karolo pelenyana ketsahalong ea lekala. O ne a roetse lerapo la sethuthuthu le parolang phatla ea hae. Moriri oa hae o mo putsoa o molele o ne tlanngoe mohatla, a le litelu li putsoa kaofela,´me liphaka tsa hae li aparetsoe ke li tatoo.

Ke ne ke felehelitsoe ke setho sa komiti, ke eme monyako oa Darren, ke ntse ke ipotsa hore na ebe o tla reng. O ile a re kopa hore re kene, ´me ra mo bolella hore na hobaneng re le moo. A re, “Oh, nka thabela ho etsa joalo!”

O ile a etsa mosebetsi o babatsehang, ho thusa ho etsa ketsahalo e molemo bakeng sa ba bangata haholo. Nako e khuts´oane hamorao, molekane oaka bosebeletsing le ´na ra kopuoa ho etela Darren khafetsa. O bonahala kamehla a thabela ho re bona, ´me re se re bile le meqoko e monate. Ke leboha hore nyenyeletso ea ho mo memela ho nka karolo lenaneong la ketsahalo ea lekala ho eteletse ho kutloano ea bohlokoa.

Ho sebeletsa ba bang ka Keresemese

Mona ke tse ling tsa lintho tseo u ka li etsang ho netefatsa hore bao u ba sebeletsang ba tla tseba hore u ntse u nahana ka bona, haholo-holo nakong ena ea selemo.

  1. Ka nako e ngoe ho teea mohala kapa molaetsa oa tsoibila o ka etsa limaka. Ho qala puisano ka se bobebe joalo ka “Lumela, u ntse u ea joang?” ho ka etsa phetoho.

  2. Keteka le bona ha boemo bo lumela. Keresemese e ka ba nako e ntle ea ho ithuta ka seo re se lumelang ka ho ts´oana. Ha u arolelana tumelo ea hau le ba bang, u bula monyako oa kuitloisiso e eketsehileng.

  3. Rapella emong le e mong ka lebitso. Kopa Ntate ea Maholimong ho u thusa ho nahana ka litsela tseo u ka ba atametsang haufi le Mora oa Hae.

  4. Limpho tse theko e tlaase hangata li hopoleha hofeta. Limpho ha lia tlameha ho ba kholo hore li ratoe. Mpho ea nako, mpho ea ho mamela, ho arolelana sets´oants´o kapa mohopolo—tsena e ka ba limpho tse tsoang pelong.

  5. Fana ka mpho ea bopaki. Ba kope hore ba arolelane lerato la bona le Mopholosi le oena, ´me le uena u fane ka karolo ea lerato la hau ho Eena le bona.

  6. Mema ba bang ho ba teng ts´ebeletsong ea Keresemese. Batho ba bang ba ka batla ho rapela feela ebe ha ba tsebe moo ba ka eang. Ba meme ho tla rapela le uena.

  7. Tlatsa lehae la bona ka khotso. Balumelle hore ba tsebe hore barumuoa ba boruti lichabeng ba na le molaetsa o khethehileng oa Keresemese oo ba ka o arolelanang, oo o tlang ho ba tlisetsa ts´epo le lerato lipelong tsa bona.

Ho sebeletsa bohle e le Phutheho

Litlhoko tsa phutheho e nngoe le e nngoe li khethehile. Ba bang ba fumana molemo ka ho hlophisa ketsahalo e kholoanyane. Liphutheho tse ling li ka fumana molemo ho tsoa nthong e ´nyane e bobebe. Ba keneletseng mererong le litlhophisong tsa liketsahalo ba ela hloko ho rapella ho arabela litlhoko tse teng.

  • Litho tsa makala a maholo a mararo Paris, Fora, li ile tsa thusa ho ts´ehetsa moketjana oa ho khants´a Lefats´e o neng o kenyelelitse liponts´o tsa talenta le moaparo. Ba ile ba lokisa lintho tse ileng tsa fuoa bats´abeli le batho ba neng ho hloka lehae.

  • Lekala le leholo la Charlotte North Carolina Central le ile la ts´oara ketsahalo ea “Keresemese ho potoloha le lefats´e” bakeng sa sechaba, ka moketjana oa ho keteka Kreste ka lijo, liponts´o tsa meetlo ea machaba ea Keresemese, ´mino, merero ea ho sebeletsa, le tsoalo ea Jesu ea bana.

  • Litho tsa lekala le leholo la Vero Beach Florida li ile tsa kenella khopotsong ea sechaba ea hore na hobaneng re keteka Keresemese. Lintho tsa ho bapala li ile tsa neheloa ele liphallelo tsa sechaba. K´hoaere ea bana e ile ea bina, ´me likereke tse ngata li ne li na le maphephe a bapalitseng tlhahiso -leseling.

  • Lekala le leholo la Jacksonville Florida South la bapalisa Mopholosi oa Lefats´e e le pale e hlahisitsoeng ke sechaba.

Hatisa