2021
Boprista Ke Matla a Molimo
Phato 2021


“Boprista Ke Matla a Molimo,” Liahona, Phato 2021

Molaetsa oa khoeli Liahona Phato 2021

Boprista Ke Matla a Molimo

Molimo o re hlohonolofatsa ka matla a boprista. Litlhohonolofatso tsa boprista li teng ho bohle.

Boprista Ke Matla a Molimo. O sebelisa matla ana ho hlohonolofatsa bana bohle ba hae le ho ba thusa ho khutlela ho ilo phela le eena. Molimo o fane ka matla a boprista ho bana ba hae lefats´eng. Ka matla ana, baetapele ba boprista ba ka etella pele kereke, ´me ba ts´oereng boprista ba ka phetha lits´ebeletso tse halalelang, joaloka kolobetso, tse re thusang ho atamela ho Molimo. Monna le mosali e mong le e mong ea amohelang lits´ebeletso tsa boprista ka ho ts´oaneleha ´me a boloka lilekane (lits´episo tse halalelang) o fihlella matla a Molimo.

Setśoantśo
selallo

Matla a Boprista A Ne a Fuoe Joseph Smith

Ha Jesu Kreste a ne a le lefats´eng, o ne a etelletse pele Kereke ea hae ka matla a boprista. Hape o ile a fa Ba-apostola ba hae matla ana. Makholong a lilemo kamora hore ba shoe, litho tse ngata li ile tsa oela tsa tsoa Kerekeng. Ba ile ba fetola ka ho fosahala evangeli le kamoo kereke e neng e sebetsa. Boprista ba Molimo bo ne bo se bo le sieo lefats´eng. Ka 1829, Jesu a romela Johanne Mokolobetsi le Ba-apostola Petrose, Jakobo, le Johanne ho fa Joseph Smith boprista. Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ke eona feela kopano lefats´eng e nang le tokelo ena ho tsoa ho Molimo.

Setśoantśo
tsosoloso ea Boruti ba Melkisedeke

Lentsoe la Petrose, Jakobo, le Johanne, ka Linda Curley Christensen le Michael T. Malm

Linotlolo tsa Boprista

Linotlolo tsa boprista ke tokelo ea ho etella pele ts´ebeliso ea boprista, joaloka ho fana ka tumello ea ho phetha lits´ebeletso. Jesu Kreste o ts´oere linotlolo tsohle tsa boprista. Mookameli oa kereke ke eena feela motho lefats´eng ea ka sebelisang linotlolotsa boprista ho etella Kereke eohle. Tlasa boetapele ba hae, ba bang ba ka sebelisa linotlolo tse itseng ho etsa mosebetsi oa Molimo. Baetapele joaloka babishopo le baokameli ba litereke tse ikemetseng ba sebelisa linotlolo ho etella makala a bona le litereke tse ikemetseng. Ka lebaka la hore lipitso tsa ho sebeletsa li tsoa ho baetapele ba nang lelinotlolo tsa boprista, banna le basali ba sebeletsang lipitsong tseo ba sebelisa tokelo ea boprista ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona.

Boprista ba Melkisedeke le Boprista ba Aarone

Boprista bo na le likarolo tse peli: Boprista ba Melkisedeke le Boprista ba Aarone. Ka Boprista ba Melkisedeke, baetapele ba Kereke ba etella mosebetsi oohle oa semoea oa Kereke, joaloka borumuoa ba boruti lichabeng le mosebetsi oa tempele. Boprista ba Aarone bo sebetsa tlasa tokelo ea Boprista ba Melkisedeke. Bo sebetsa ho phetha lits´ebeletso tse kang kolobetso le selallo.

Setśoantśo
kolobetso

Litlhohonolofatso tsa Boprista

Ka lilekane le lits´ebeletso, Molimo o etsa hore litlhohonolofatso tsa boprista li be teng bakeng sa bana bohle ba hae. Litlhohonolofatso tsena li kenyeletsa kolobetso, mpho ea Moea o Halalelang, selallo, le lits´ebeletso tsa tempele. Banna le basali ba fumaneng tlhohonolofatso ea tempele ba amohela mpho ea matla a boprista ba Molimo ka lilekane tsa bona. Re ka amohela hape litlhohonolofatso tsa boprista tsa pholo, boiketlo, le tataiso.

Setśoantśo
banyalani ba bacha tempeleng

Mangolo a Halalelang a Reng Ka Boprista?

Boprista bo neng bo le teng matsatsing a khale ke bona bo teng hajoale (bona Moshe 6:7).

Linotlolo tsa boprista li thusa ho etsa bonnete ba hore re fihlela mosebetsi oa Morena ka tsela e laolehang (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 42:11).

Banna ba ts´oereng boprista ba ka bo sebelisa “feela holima metheo ea ho loka” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 121:36).

E meng ea mesebetsi ea bao ba ts´oereng boprista e hlalositsoe ka ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:38–67.

Hatisa