2021
Nalane ea Lelapa E Thusa Baholo-holo ba Rona
Tśitoe 2021


“Nalane ea Lelapa E Thusa Baholo-holo ba Rona,” Liahona, Tśitoe 2021

Molaetsa oa Khoeli, Liahona Tśitoe 2021

Nalane ea Lelapa E Thusa Baholo-holo ba Rona

Nalane ea lelapa ke ho fumana le ho ithuta ka litho tsa malapa a rona. Re boetse re bokella lintlha ka baholo-holo ba rona hore re tle re ba etsetse mosebetsi oa tempele.

Setśoantśo
mongolo o mong

Malapa a khubung ea morero oa Ntate ea Maholimong oa thabo. O lokisitse tsela ea hore malapa a tsoelepele ka hosafeleng. Ha re etsa nalane ea malapa a rona le mosebetsi oa tempele, re thusa ho kopanya litho tsa malapa a rona, ba phelang le ba shoeleng, hammoho. (“Mosebetsi oa tempele” o bolela ho amohela litśebeletso tsa tempele bakeng sa rona, joaloka ho tiisetsoa ho balekane ba rona, le ho etsetsa baholo-holo ba rona litśebeletso ka tempeleng.)

Nalane ea Lelapa le Mosebetsi oa Tempele

Motho e mong le e mong ea phetseng kapa ea tla phela lefatśeng o hloka litśebeletso tsa evangeli. Haeba baholo-holo ba rona ba ne ba sena monyetla oo, re ka ba etsetsa litśebeletso ka tempeleng. E ´ngoe ea litśebeletso tseo ke hore re tiisoe ho litho tsa lelapa. Ho “tiisoa” ho bolela hore re tla khona ho phela ka hosafeleng le malapa a rona haeba re lokile. Re ka tiisetsoa malapa a rona ka litempeleng feela.

Litlhohonolofatso Tsa Mosebetsi oa Nalane ea Lelapa

Setśoantśo
lelapa

Nalane ea lelapa e ka re thusa ho matlafatsa likamano tsa rona le litho tsa malapa a rona tse phelang. Ha re ntse re arolelana lipale, linepe le lintho tse ling tseo re li hopolang, re theha likamano tsa lelapa. Re boetse re matlafatsa lerato leo re ratanang ka lona. Baprofeta le bona ba tśepisitse hore ho etsa nalane ea malapa a rona ho tla re atametsa ho Jesu Kreste.

Ho Fumana Baholo-holo ba Rona

Setśoantśo
lingoloa ka Sechaena

Ntate ea Maholimong o batla hore re tiisoe ho malapa a rona a hona joale le ho baholo-holo ba rona. Pele re ka tiisetsoa ho baholo-holo ba rona, re lokela ho fumana le ho boloka tlhahiso-leseling e mabapi le bona. Empa nalane ea lelapa hase feela ho batlisisa mabitso, matsatsi le libaka. Ha re ntse re ithuta ka baholo-holo ba rona, re tla ikutloa re amana le bona haholoanyane.

Hatisa