2022
Ho Oa e ne e le Karolo ea Morero oa Molimo
Pherekhong 2022


“Ho Oa e ne e le Karolo ea Morero oa Molimo,” Liahona, Pherekhong 2022

Molaetsa oa Khoeli, Liahona Pherekhong 2022

Ho Oa e ne e le Karolo ea Morero oa Molimo

Ka lebaka la Ho Oa, re tla lefatśeng ´me ka letsatsi le leng re ka khutla ho phela le Ntat´a rona ea Maholimong.

Setśoantśo
Adama le Eva

Adama le Eva Tśimong ea Edene, ka Robert T. Barrett

Tśimong ea Edene, Molimo o ile a laela Adama le Eva ho se je tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe. O ile a ba bolella, “Le ka ikhethela,… empa le hopole hore ha kea le lumella” (Moshe 3:17). Satane o ile a eka Eva ho ja tholoana ea sefate. O ile a mo bolella, “ U tla ba joaloka melingoana, u tsebe botle le bobe” (Moshe 4:11). O ile a ja tholoana ´me a e arolelana le Adama. Molimo o ile a ba leleka Tśimong ea Edene.

Ho Oa

Setśoantśo
Adama le Eva

Adama le Eva ba Lelekoa Tśimong, ka Gary L. Kapp, e keke ea kopitsoa

Ha Adama le Eva ba tloha Tśimong ea Edene, ba ne ba se ba se pontśeng ea Molimo. Karohano ena ho Molimo e bitsoa ho shoa hoa moea. Ho tloha Tśimong hape ho bolela hore Adama le Eva ba ile ba ba ho shoeng ´me ba ne ba se ba ka shoa. Le ha Adama le Eva ba ne ba se pontśeng ea Molimo ´me ba se ba ka shoa, ba ne ba thabile ba bile ba na le tśepo ha ba bona hore ba ka tsoelapele (sheba Moshe 5:10–11). “Adama o oele hore batho ba be teng, ´me batho ba teng hore ba ke ba be le nyakallo.” (2 Nefi 2:25).

Nako Ea ho Lekoa

Ha re tsoaloa, re phela hole le Molimo, joaloka Adama le Eva ba entse kamor´a Ho Oa. Satane o re leka hore re etse likhetho tse fosahetseng. Liteko tsena li re lumella hore re lekoe le ho khetha pakeng tsa botle le bobe (sheba Alma 12:24). Nako eohle ha re etsa sebe ´me re sa bake, re ba thoko le Ntate ea Maholimong. Empa ha re baka, re ba haufi le Ntat´a rona ea Maholimong.

Ho Shoa ha Nama

Setśoantśo
mabitleng

Lefatśe le bopetsoe rona (sheba 1 Nefii 17:36). Ho Oa ho entse hore Adama le Eva ba etse litaelo tsa Molimo tsa ho etsa bana, ho re lumella ho tla lefatseng ka ´mele. ´Mele ea rona e tla shoa ka le leng, empa meea ea rona etla tsoelapele ho phela. ´Mele le meea ea rona e tla kopanngoa ha re tsoha bafung.

Poloko ka Jesu Kreste

Setśoantśo
Tsoho ea Bafu ea Jesu Kreste

Tsoho ea Bafu, ka Harry Andersen

Ka matla a topollo ea Jesu, re ka hlola lefu la ´mele le la moea. Hobane Kreste o tsohile, e mong le e mong ea tsoetsoeng lefatśeng lena o tla tsoha ´me a phele ka ho sa feleng. ´Me hobane Kreste o sotletsoe libe tsa rona, re ka baka ´me ra tśoareloa hore re tle re phele le Ntat´a rona ea Maholimong hape.

Hatisa