2022
Ho Sebeletsa Lipitsong tsa Kereke
Tlhakubele 2022


“Sebeletsa Lipitsong tsa Kereke,” Liahona, Tlhakubele 2022.

Molaetsa oa khoeli Liahona Tlhakubele 2022

Ho Sebeletsa Lipitsong tsa Kereke

Baetapele ba kereke ba kopa litho ho sebeletsa mesebetsing e itseng e tsejoang ka hore ke “lipitso.” Lipitso li fa litho monyatla oa ho sebeletsa ba bang le ho atamela ho Molimo.

Setśoantśo
monna ea setuloaneng sa mabili o ruta sehlopha sa Kereke

Setśoantśo ka David Bowen Newton

Ha re sebeletsa lipitsong tsa rona, re thusa ho fihlela mosebetsi oa Molimo. Re ruta ba bang ka Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ´me re thusa bao re ba rutang ho atamela ho Bona. Hape re fumana mahlohonolo ha re sebeletsa ka botśepehi.

Ho Amohela Lipitso

Setśoantśo
mohlankana o eme ka pel´a phetheho ea Kereke

Ba sebeletsang ka har´a kereke ba bitsoa ba Molimo. Baetapele ba rapella tśusumetso ho tseba hore na ba kopa mang ho sebeletsa pitsong e ´ngoe le e ´ngoe. Moetapele o kopa setho ho sebeletsa ´me o hlalosa mesebetsi ea pitso. Litho li fuoa tśehetso ka har´a kopano ea kereke moo litho tsa lekala li fanang ka khetho ea tśehetso. Sena se bolela hore ba ikemiselitse ho tśehetsa motho ea bitsitsoeng. Setho joale se fuoa tlhohonolofatso ke moetapele oa boprista. Sena se bitsoa ho tlotsoa. Setho se fuoa matla a ho etsa ka har´a pitso le ho lithohonolofatso tse ling ho mo thusa ho sebeletsa.

Babishopo

Mobishopo ke moetapele oa lebatooa. (Ka har´a lekala, mookameli oa lekala o tśoana le mobishopo.) Mookameli oa setereke o khothaletsa moprista ea lokelang ho bitsoa e le mobishopo. Boetapele ba Pele bo amohela pitso eo. Ebe Mobishopo joale o tśehetsoa le ho tlotsetsoa hore a sebeletse. Hape o amohela linotlolo tsa boprista, ho bolelang hore o na le matla a ho tsamaisa lebatooa. Joalo ka Mobishopo, o sebeletsa le ho etella pele litho tsohle tsa lebatooa.

Bookameli

Makhotla a Boprista le a bo ´M`e, mekhatlo ea Basali ba banyane, Bana, Sekolo sa Sontaha li etelelloa pele ke baokameli, ka tloaelo ke mookameli le batlatsi ba babeli. Bookameli ba makhotla a baholo a bitsoa le ho tlotsoa ke bookameli ba setereke. Babishopo ba kopa litho ho sebeletsa ka har´a bookameli bo bong mabatooeng ´me ba ea ba khetholla. Baetapele bohle ba sebeletsa litho makhotleng kapa mekhatlong ea bona. Ba hlokomela litlhoko tsa litho le ho ba thusa ho utloa lerato la Molimo.

Setśoantśo
mosali o tlisa lijo ho ´me a nkileng ngoana

Lipitso tse Ling

Lipitso tse ling tsa kereke li kenyeletsa ho ruta, ho thusa ka mino, ho boloka libuka, ho etsa meralo ea liketsahalo bakeng sa bacha le bana, le ho sebeletsa ka litsela tse ling. Pitso ka ´ngoe ka har´a kereke e bohlokoa ´me e fa litho monyetla oa ho sebeltsa ba bang le ho sebeletsa Molimo. Ha re sebetsa mmoho ho fihlela lipitso tsa rona, re tiisa ba bang ´me re thusa Kereke ho hola.

Hatisa