2022
Selallo: Tsela ea ho Hopola Mopholosi
´Mesa 2022


“Selallo: Tsela ea ho Hopola Mopholosi,” Liahona, ´Mesa. 2022.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli, Liahona ʹMesa 2022

Selallo: Tsela ea ho Hopola Mopholosi

Setśoantśo
placeholder altText

Paseka, ka Simon Dewey

Ka bosiu bo etellang pele ho thakhisoa ha Hae, Jesu Kreste o kopane le Baapostola Pasekeng. Teng O ba file selallo lekhetlo la pele. O hlalositse hore ke tsela eo ka eona ba tla Mo hopola. Selallo ke tśebeletso moo re nkang bohobe le metsi ho hopola Topollo . Bohobe ke sehopotso sa ´mele oa Kreste, ´me metsi ke sehopotso sa mali a Hae.

Re nka selallo Sontaha ka seng nakong ea kopano ea selallo. Re bina sefela ha ba tśoereng boprista ba roba bohobe likotoana.

Ba tsoereng boprista ba robileng bohobe ba etsa lithapelo tse khethehileng. Lithapelo tsena li fumanoa ho LIthuto tsa Tumelo le Lilekane 20:77, 79. Lithapelo li re hopotsa seo re se ts´episitseng Ntate ea Maholimong le seo A re ts´episitseng sona.

Ba bang ba tśoereng boprista ba fetisetsa selallo ho litho tsa lekala le leholo kapa tsa lekala. Ha re ja selallo, re hopola Mopholosi le Sehlabelo sa Hae molemong oa rona. Hape re itlama bocha ho boloka lilekane (litśepiso) tseo re li etselitseng Ntate ea Maholimong.

Setśoantśo
Ngoanana o ja bohobe kopanong ea selallo

Re fana ka hlompho ha selallo se hlohonolofatsoa le ho fetisoa. Ke nako ea hore re nahane ka bophelo ba Jesus Kreste, lithuto, le Topollo. Hape re ka nahana mabapi le ka moo re ka latelang mohlala oa Hae.

Hatisa