2022
Selekane sa Ka ho sa feleng
Mphalane 2022


“Selekane sa Ka ho sa feleng” Liahona, Mphalane 2022

Molaetsa oa khoeli, Liahona Mphalane 2022

Selekane Sa Ka ho sa feleng

Bohle ba entseng selekane le Molimo ba na le phihlello ho lerato le mohau tse ikhethang.

Setśoantśo
sets´oants´o sa Jesu Kreste

Morena Jesu Kreste, ka Del Parson

Lefats´eng lena le harotsoeng ke lintoa le melumo ea lintoa, tlhokeho ea ´nete, khanya, le lerato le hloekileng la Jesu Kreste e kholohali ho feta kamehla. Evangeli ea Kreste e ea khanya, ´me re hlohonolofalitsoe ho ithuta eona le ho phela ho ea ka litaelo tsa eona. Re thabela menyetla ea ho arolelana ka eona—ho paka ka linnete tsa eona hohle moo re leng teng.

Ke buile khafetsa ka bohlokoa ba selekane sa Abrahama le ho bokeletsoa hoa Israele. Ha re ananela evangeli ´me re kolobetsoa, re inkela ho rona lebitso le halalelang la Jesu Kreste. Kolobetso ke tsela e lebisang ho ho ba majalefa a kopanetseng lits´episo tse fanoeng khale ke Morena ho Abrahama, Isaaka, Jakobo le maloko a bona.1

“Selekane se secha sa ka ho sa feleng”2 (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 132:6) le selekane sa Abrahama lia ts´oana—litsela tse peli tse bolelang selekane seo Molimo a se entseng le monna le mosali ka linako tse fapaneng.

Sehlalosi ka ho sa feleng se bolela hore selekane sena esale se le teng le pele ho thehoa hoa lefats´e! Morero o ileng oa behoa ka pele ho Lekhotla le Leholo Leholimong o kenyeletsa tlhokomelo e tebileng ea hore bohle re ka khaholoa ponts´eng ea Molimo. Le ha hole joalo, Molimo o ile a ts´episahore o tla fana ka Mopholosi ea tlang ho hlola litlamorao tsa Ho oa. Molimo o boleletse Adama kamor´a kolobetso ea hae:

“Uena u joaloka eena eo ea neng a sena qalo ea matsatsi kapa qetello ea lilemo, ho tloha ho bosafeleng ho isa bosafeleng bohle.

“Bona, uena u mong ho ´na, Mora oa Molimo; hore bohle e tle ebe bara baka” (Moshe 6:67–68).

Adama le Eva ba ile ba amohela ts´ebeletso ea kolobetso ´me ba qala ts´ebetso ea ho ba mong le Molimo. Ba ne ba kene tseleng ea selekane.

Ha ´na le uena re kena hape tseleng eo, re na le tsela e ncha ea bophelo. ´Ka hoo, re theha kamano le Molimo eo e mo lumellang ho re hlohonolofatsa le ho re fetola. Tsela ea selekane e re khutlisetsa ho Eena. Ha re lumella Molimo ho nka taolo maphelong a rona, selekane seo se tla re atametsa haufi le haufi ho Molimo. Lilekane tsohle li reretsoe ho tlama. Li theha likamano ka litlamo tsa ka ho sa feleng.

Lerato le Mohau tse Khethehileng

Hang ha re etsa selekane le Molimo, re sia boemo ba ho se nke lehlakore ka ho sa feleng. Molimo a ke ke a tlohela kamano ea hae le bao ba entseng setlamo se joalo le Eena. Haele hantle, bohle ba entseng selekane le Molimo ba na le phihlello ho lerato le mohau tse khethehileng. Ka puo ea Seheberu, lerato leo la selekane le bitsoa hesede (חֶסֶד).3

Hesed ha le na lentsoe le lekaneng la Sekhooa. Bafetoli ba King James Version ea Bibile ba tlameha ba ile ba sokola ka ho ngola hesed ka Sekhooa. Ba ile ba khetha “lerato le mosa.” Sena le hapa boholo empa eseng moelelo kaofela oa hesed. Liphetolelo tse ling li ile tsa fanoa, tse kang “mohau” le “molemo.” Hesed ke lentsoe le hlalosang kamano ea selekane eo ho eona mahlakore a mabeli a tlamahaneng ho ts´epahala le ho ts´epahallana.

Lenyalo la celestiale ke kamano ea ka ho sa feleng. Monna le mosali ba etsa selekane le Molimo le ho bona ho ts´epahallana le ho ts´epahala e mong ho e mong.

Hesed ke lerato le mohau tse ikhethang leo Molimo a le utloang bakeng sa bao ba entsneg selekane le Eena. ´Me re buseletsa ka hesed ho Eena.

Setśoantśo
banyalani ba bacha kantle ho temple

Hang ha nna le uena re se re entse selekane le Molimo, kamano ea rona le Eena eba haufi ho feta pele ho selekane sa rona. Joale re tlamahane hammoho,

Sets´oants´o ka Jerry L. Garns

Hobane Molimo o na hesed bakeng sa ba entseng selekane le Eena, O tla ba rata. O tla tsoelapele ho sebetsa le bona ´me a ba fe menyetla ea ho fetoha. O tla ba ts´oarela ha ba baka. ´Me ha ba ka kheloha, O tla ba thusa ho fumana tsela ea bona ea ho khutlela ho Eena.

Hang ha nna le uena re se re entse selekane le Molimo, kamano ea rona le Eena eba haufi ho feta pele ho selekane sa rona. Joale re tlamahane hammoho. Ka lebaka la selekane sa rona le Molimo, a ke ke a khathala mesebetsing ea hae ea ho re thusa, ´me ha ka mohla re ka qetang mamello e mohau ea hae ho rona. E mong le e mong oa rona o na le sebaka se khethehileng pelong ea Molimo. O na le ts´epo e holimo bakeng sa rona.

U tseba ka phatlalatso ea nalane eo Morena a e fileng Moporofeta Joseph Smith. E tlile ka ts´enolo. Morena a re ho Joseph “Ts´episo ena le uena ke ea hau, hobane u oa Abrahama, me ts´episo e ile ea etsetsoa Abrahama” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane132:31).

Ka hona, selekane sa ka ho sa feleng se ile sa tsoseletsoa ele karolo ea Tsosolotso e kholo ea evangeli ka botlalo. Nahana ka seo! Lenyalo la selekane tempeleng le tlanngoe ka kotloloho ho selekane seo sa Abrahama. Ka tempeleng banyalani ba tsebisoa ka tsohle lihlohonolofatso tse behetsoeng leloko le ´tletseng tumelo la Abrahama, Isaka le Jakobo.

Joaloka ha Adama a entse, nna le uena ka bo mong re ile ra kena tseleng ea selekane kolobetsong. Joale re kena ka botlalo ho sona tempeleng. Mahlohonolo a selekane sa Abrahama a fetisoa tempeleng. Mahlohonolo ana a re lumella hore, ha re se se tsohile bafung, ho ba majalefa a terone, marena, matla, lihooho, le mebuso, ho phahamiso le khanya ea rona linthong tsohle [Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 132:19].”4

Mantsoeng a ho qetela a Testamente ea Khale, re bala ka ts´episo ea Malakia hore Elija o tla “fetolela lipelo tsa bontate ho bana ba bona, le lipelo tsa bana ho bo ntat´a bona” (Malakia 4:6). Israeleng ea khale, sesupo se joalo ho bo ntate e ka be e ile ea kenyeletsa bo ntate Brahama, Isaaka, le Jakobo. Ts´episo ena e hlakisa ha re bala phetolelo e fapaneng ea khaolo ena eo Moroni a e qotsitseng ho Moprofeta Joseph Smith: “Eena [Elija] o tla lema lipelong tsa bana lits´episo tse etselitsoeng bo ntat´a bona ´me lipelo tsa bana li tla fetohela ho bo ntat´a bona ”(Joseph Smith—Nalane 1:39). Bo ntate bao kannete ba kenyeletsa Abrahama, Isaaka, le Jakobo. (Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 27:9–10).

Setśoantśo
sets´oants´o sa Jesu Kreste

Ba etsang likelane tse halalelang ´me ba li boloka ba ts´episoa bophelo ba bosafeleng le phahamiso. Jesu Kreste ke mofani oa lilekane tseo tsohle.

Lintlha ho tsoa ho Kreste Le Mohlankana oa ´Musi oa Morui, ka Heinrich Hofmann

Jesu Kreste: Khubu ea Selekane

Sehlabelo sa topollo ea Mopholosi e entse hore Ntate a phethahatse ts´episo ea hae eo a e entseng ho bana ba hae. Hobane Jesu Kreste ke “tsela, nnete le bophelo: ´me e lateloa ke hore “haho ea ka tlang ho Ntate, empa ke ka [Eena]” (Johanne 14:6). Bophethahatsi ba selekane sa Abrahama se bonahala ka lebaka la Topollo ea Mopholosi oa rona, Morena Jesu Kreste. Jesu Kreste o khubung ea selekane sa Abrahama.

Testamente ea Khale hase feela buka ea mangolo a halalelang; ke hape buka ea nalane. U oa hopola hau bala ka lenyalo la Sarai le Abrame. Hobane bane ba se na bana, Sarai o ile a mo neha mosebeletsi oa hae, Haga, ho ba mosali oa Abrame, a ipapisitse le tataiso ea Morena. Haga o ile a tsoala Ishmaele5 Abrame o ne a rata Ishamele, empa e ne e se ngoana eo selekane se ka etsoang ka eena. (Bona Genese 11:29–30; 16:1,3,11; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 132:34.)

Ele lehlohonolo ho tsoa ho Molimo, ´me ele karabo ho tumelo ea Sarai,6 o ile a ima lilemong tsa hae tsa botsofali hore selekane se tle se etsoe ka mora oa hae Isaaka (bona Genese 17:19). Jesu o tsoalletsoe selekaneng.

Molimo o ile a neha Sarai le Abrame mabitso a macha—Sara le Abrahama (bona Genese 75:5,15). Phano ea mabitso ao a macha e ne e ts´oaea qaleho ea bophelo bo bocha le qetello ea lelapa lena.

Abrahama o ne a rata Ishmaele le Iska. Molimo o ile a bolella Abrahama hore Ishmaele o tla ngatafala ´me ebe sechaba se seholo (bona Genese 17:20). Ka nako e tsoanang, Molimo o ile a hlakisa hore selekane sa ka ho sa feleng se ne se tla thehoa ka Isaaka (bona Genese 17:1).

Bohle ba amohelang evangeli e ba karolo ea litloholo tsa Abrahama. Ho Bakhalata re bala:

“Hobane lona bohle ba kolobelitsoeng ho Kreste le ba Kreste.

“… Le ntho e le nngoe ho Jesu Kreste.

“´Me ha le le ba Kreste, le peo ea Abrahama, le majalefa ho latela ts´episo” (Bagalata 3:27–29).

Joale, re ka ba majalefa ho selekane e ka ba ka tsoalo kapa ka kamohelo.

Setśoantśo
batho ba bokane bakeng sa ts´ebeletso ea kolobetso

Hang ha re etsa selekane le Molimo, re sia ho se tsebe botle le bobe ka ho sa feleng. Molimo a ke ke a tlohela kamano ea hae le bao ba tlamahaneng le Eena.

Isaaka le mora oa Rebeka Jakobo o ile a tsoalloa selekaneng. Ho tlatseletsa, o ile a khetha ho kena ka bo eena. Joalo ka ha u tseba, lebitso la Jakobo le ile la fetoleloa ho Israele (bona Genese 32:28), e leng “Molimo a hlole” kapa “ea hlolang le Molimo.”7

Ho Exoda re bala hore “Molimo o ile a hopola selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo” (Exoda 2:24). Molimo o ile a bolella, “Ha le ka mamela lentsoe la ka e le nnete, la boloka selekane, le tla ba letlotlo le ikhethang ho nna” (Exoda 19:5).

Lentsoe “letlotlo le ikhethang” le fetoletsoe ho tsoa ho Seheberu segullah, e leng se bolelang leruo le babatsehang haholo —a “letlotlo.”8

Buka ea Deuteronoma e pheta bohloka ba selekane. Ba-apostola ba Testamente e Ncha ba ne ba tseba ka selekane sena. Kamor´a hore Petrose a folise monna oa sehlotsa monyako oa tempele, o ile a ruta ba neng ba shebile ka Jesu. Peterose o ile a re,“Molimo oa Abrahama, le oa Isaaka, le oa Jakobo, Molimo oa bo ntat´a rona, o ile a tlotlisa Mora oa hae Jesu” (Liketso 3:13).

Peterose o ile a koala molaetsa oa hae ka ho bolella lets´oele “Le bana ba baprofeta, ba selekane seo Molimo a se entseng le bo ntat´a rona, se reng ho Abrahama, Le peong ea hau lichaba tsohle tsa lefats´e litla hlohonolofatsoa” (Liketso 3:25). Peterose o hlakisitse ho bona hore karolo ea mosebetsi oa Kreste e ne e le ho phethahatsa selekane sa Molimo.

Morena o fane ka thuto e batlang e ts´oana ho batho ba khale ba Amerika. Moo, Kreste ea tsohileng bafung o ile a bolella batho hore na ha hantle ke bo mang. O ile a re:

“Le bana ba baprofeta, le ba ntlo ea Isaele; ´me le selekane seo Molimo a se entseng le bo ntat´a lona,se reng ho Abrahama, Le peong ea hau lichaba tsohle tsa lefats´e litla hlohonolofatsoa.

“Ntate ea ileng a nkemisa ho lona pele, le ho nthomella ho le hlohonolofatsa ka ho le fetola e mong le e mong oa lona ho makhopo a lona; ´me hobane le bana ba selekane” (3 Nefi 20:25–26).

Na u bona bohlokoa ba se? Ba bolokang lilekane tsa bona le Molimo e tla ba meea e hanyetsang sebe! Ba bolokang lilekane tsa bona ba tla ba le matla a ho hlola ts´usumetso ea kamehla ea lefats´e.

Setśoantśo
monna o ja selallo

Ba bolokang lilekane tsa bona le Molimo e tla ba meea e hanyetsang sebe! Ba bolokang lilekane tsa bona ba tla ba le matla a ho hlola ts´usumetso ea kamehla ea lefats´e.

Mosebetsi oa borumuoa ba boruti lichabeng: Ho Arolelana ka Selekane

Morena o laetse hore re hase evangeli ´me re arolelane ka selekane. Ke ka lebaka leo re nang le barumuoa lichabeng. O lakatsa hore e mong le e mong oa bana ba hae a be le monyetla oa ho khetha evangeli ea Mopholosi ´me ba qale tsela ea selekane. Molimo o batla ho hokahanya batho bohle ho selekane seo a se entseng khale-khale le Abrahama.

Ke joana bosebeletsi e leng karolo ea bohlokoa ho bokella Israele. Pokello eo ke mosebetsi oa bohlokoahali o ntseng o tsoelapele lefats´eng hona joale. Haho o bapisoang le oona ka boholo. Haho o bapisoang le oona ka bohlokoa. Barumuoa lichabeng ba Morena—Barutuoa ba Hae—ba phathahane ke qholotso e kholohali, sesosa se seholohali, mosebetsi o moholo ka hofetisisa lefats´eng kajeno.

Empa ho na le ho fetisang—haholo-holo. Ho na le thlokeho e kholo ea ho hasa evangeli ho batho ka mose oane. Molimo o batla e mong le e mong, mose oane, ho natefeloa ke litlhhonolofatso tsa selekane sa hae. Tsela ea selekane le buletsoe bohle. Re kopa bohle ho tsamaea tsela eo le rona. Ke mosebetsi o akaretsang bohle esita le ba shoeleng. Hobane “Morena o mosa ho bohle bao, ka bots´epehi ba lipelo tsa bona, ba bitsang lebitso la hae le halalelang” (Helamane 3:27).

Hobane Boprista ba Melchizedeke bo tsosololitsoe, banna le basali ba bolokang selekane ba ka fihlella ho mahlohonolo oohle a semoea a evangeli (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 107:18; khatiso e ekelitsoe).

Nakong ea nehelano ea Tempele ea Kirtland ka 1836, tlasa tatsiso ea Morena, Elija o ile a hlaha. Morero oa hae? “Ho fetolela … bana ho bo ntate” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 110:15). Elia le eena o ile a hlaha. Morero oa hae? Ho itlama ho Joseph Smith le Oliver Cowdery “Nakong ea evangeli ea Abrahama, a re ka ho rona le peo ea rona meloko eohle e tla tla kamorao ho rona e lokela ho hlohonolofatsoa” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 110:12). Kahoo, Monghali a fetisetsa ho Joseph Smith le Oliver Cowdery matla a boprista le tokelo ea ho fetisetsa mahlohonolo a ikhethileng a selekane sa Abrahama ho ba bang.9

Ka hare ho kereke, re tsameaea tsela ea selekane ka bonngoe le ka bongata. Joaloka ha manyalo le malapa ba arolelana tekano le tlamahano tse bopang lerato le ikhethileng, joalo feela ka kamano e ncha e ba teng ha re itlamahanya ka selekane ka kotloloho ho Molimo oa rona.

Se na e ka nna eaba seo Nefi a neng a se bolela ha a re Molimo “o rata bao ba tlang ho mo amohela e le Molimo oa bona” (1 Nefi 17:40). Ke ka lebaka lena, joaloka karolo ea selekane, mohau le lerato tse ikhethang—kapa hesed—li teng ho bohle ba kenang kamanong ena e tlamahanyang le haufi-ufi le Molimo le ho isa “melokong e sekete” (Deuteronoma 7:9).

Ho etsa selekane le Molimo, ho fetola kamano ea rona le eena ka ho safeleng. E re hlohonolofatsa ka tekanyo e eketsehileng ea lerato le mohau.10 E ama seo re leng sona le ka moo Molimo a tla re thusa ho ba seo re ka bang sona. Re ts´episoa hore le rona, re ka ba “letlotlo le ikhethang” ho Eena (Pesaleme ea 135:4).

Lits´episo le Litokelo

Ba etsang likelane tse halalelang ´me ba li boloka ba ts´episoa bophelo ba bosafeleng le phahamiso. “Mpho ea Molimo e fetang tsohle” (Lithuto tsa Tumelo le Likelane 14:7). Jesu Kreste ke mofani oa lilekane tseo. (bona Baheberu 7:22; 8:6). Baboloki ba selekane ba ratang Molimo ´me ba mo lumella ho ba teng holim´a lintho tse ling tsohle bophelong ba bona ba mo etsa ts´usumetso e matla bophelong ba bona.

Nakong ea rona re lumeletsoe ho amohela litlhohonofatso tsa mopatriareka ´me re ithuta ka khokahano le bapratriareka ba khale-khale. Litlhohonolofatso tseo li fana ka ho nyarela se tlang kapele.

Setśoantśo
Jesu o bua le Petrose

Ka lebaka la selekane sa rona le Molimo, a ke ke a khathala matsapeng a hae a ho re thusa, ´me re ke ke ra qeta mamello e mohau le rona.

Lovest Thou Me More Than These? (Na u rata ´Na Ho Feta Tsee?) ka David Lindsley

Pitso tsa rona joaloka Israele ea selekane ke ho netefatsa hore setho ka seng sa Kereke se hlokomela nyakallo le litokelo tse tsamaeang le ho etsa lilekane le Molimo. Ke pitso ea ho khothaletsa monna le mosali, ngoanana le moshanyana e mong le e mong ea bolokang selekane ho arorelana ka evangeli ho bao ba tlang haufi ho ts´usumetso ea bona. Ke pitso hape ea ho ts´ehetsa le ho khothatsa bona barumuoa ba rona ba boruti lichabeng , ba rometsoeng ka litaelo tsa ho kolobetsa le ho thusa ho bokella Israele, e le hore hammoho re be batho ba Molimo ´me e tlaba Molimo oa rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 42:9).

Monna le mosali e mong le e mong ea nkang karolo ho lits´ebeletso tsa boprista ´me a etsa le ho boloka lilekane le Molimo o fihlella ka kotloloho matla a Molimo. Re inkela lebitso la Morena ho rona ka bo mong. Re inkela lebitso la Morena ho rona re le batho. Ho ba le cheseho ea ho sebelisa lebitso le nepahetseng la Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ke tsela e bohlokoahali eo ka eona rona re le batho re inkelang lebitso la Hae ho rona. ´Kannete, ketso ea mohau ea Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno le litho tsa eona ke ponts´o ea hesedea Molimo.

Hobanang ha Israele e ne e qhalane? Hobane batho ba ile ba roba litaelo ´me ba bolaea baporofeta. Ntate ea ratang empa a hloname o ile a arabela ka ho qhalakanya Israele hoohle.11

Le haho le joalo, O ile a ba qhalakanya ka ts´episo ea hore ka letsati le leng Israele e tla bokelloa hape ho ba mohlape oa hae.

Morabe oa Juda o ile oa nehoa boikarabello ba ho lokisa lefat´se bakeng sa ho tla ha Morena. Ho tloha morabeng oo, Maria o ile a bitsoa ho ba ´m´e oa Mora oa Molimo.

Morabe oa Josefa , ka bara ba hae le ba Asnathe, Efraime le Manasse (bona Genese 41:50–52; 46:20), o ile oa fuoa boikarabello ba ho etella pokello ea Israele pele, ho lokisa lefatse bakeng sa Ho tla ha Morena La bobeli.

Ka nako e sa baloeng tjena ea kamano ea hesed , ho tloaelehile hore Molimo o batla ho bokella Israele. Ke Ntat´a rona ea Maholimong! O batla e mong le emong oa bana ba Hae—ka mahlakore a mabeli a lesira— ho utloa molaetsa oa evangeli ea Jesu Kreste e tsosolositsoeng.

Tsela ea Lerato

Tsela ea selekane ke tsela la lerato—eo e makatsang hesed, tlhokomelo eo e nang le cheseho le ho hloelana. Ho utloa lerato leo hoa lokolla ´me ho ea phahamisa. Thabo e kholohali eo u tlang ho e utloa ke ha tletse ka lerato ho Molimo le ho bana hae bohle.

Ho rata Molimo ho feta mang kapa mang kapa eng kapa eng ke boemo bo tlisang khotso ea ´nete, mats´eliso, boits´epo, le nyakallo.

Tsela ea selekane eohle ke ka kamano ea rona le Molimo—oa rona kamano ea rona ea hesede le Eena. Ha re kena selekaneng le Molimo, re entse selekane le eena eo a tlang ho boloka lentsoe la hae kamehla. O tla etsa sohle seo a ka se khonang, ntle le ho iphapanyetsa khetho ea rona, ho re thusa ho boloka ea rona.

Buka ea Mormone e qala le ho qetella ka sesupo sa selekane sa ka ho sa feleng. Ho tloha leqepheng la sehlooho sa eona ho isa ho mapaki a Mormone le Moroni, Buka ea Mormone e etsa sesupo ho selekane (bona Mormone 5:20; 9:37). “Ho tla ha Buka ea Mormon ke sesupo ho lefatse lohle hore Morena o qalile ho bekella Israele le ho phethahatsa selekane seo a se entseng ho Abrahama, Isaaka, le Jakobo.”12

Bana beso ba ratehang, re bitsitsoe ka nako ena ea bohlokoa nalaneng ea lefats´e ho ruta lefats´e ka botle le matla a selekane seo sa ka ho sa feleng. Ntat´a rona ea Maholimong o re ts´epa ka mokhoa o sa thekeseleng ho etsa mosebetsi ona o moholo.

Molaetsa ona o ile oa fetisoa hape kopanong ea boetapele ea sebokeng se akaretsang ea Tlhakubele 31, 2022.

Lintlha

  1. Bona Russell M. Nelson, “Children of the Covenant,” Ensign,´Mesa 1995, 34.

  2. Selekane se secha sa ka ho sa feleng ke evangeli ea Jesu Kreste ka ho phetheha. E kenyeletsa lits´ebeletso le lilekane tse hlokehang bakeng sa poloko ea rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 66:2). Se secha nako eohle ha Morena a se nchafatsa kapa a se tsosolotsoa, ´me ke sa ka ho sa feleng hobane ha se fetohe.

  3. Kakaretso ea puisanp mabapi le hesed le selekane sa ka ho sa feleng e fumanoa ho Kerry Muhlestein, God Will Prevail: Ancient Covenants, Modern Blessings, and the Gathering of Israel (2021).

  4. Russell M. Nelson,“Special Witnesses of Christ,” Liahona,, ´Mesa. 2001, 7.

  5. Lentsoe la SeHeberu Ishmaele means “Molimo o na le Rona” (Bible Dictionary, “Ishmaele”).

  6. “Ka tumelo Sara ka bo eena o ile a amohela matla a ho ima peo, ´me o ile a neoa ngoana a se a tsofetse, hobane o ile ts´epa eo ea mo ts´episitseng” (Baheberu 11:11).

  7. Bible Dictionary, “Israele.”

  8. Bona Bible Dictionary, “Peculiar”; “Hebrew and Chaldee Dictionary,” Strong’s Exhaustive Concordance of the Bible (1984), 82, word 5459.

  9. Bona Russell M. Nelson, “Thanks for the Covenant” (Brigham Young University devotional, Nov. 22, 1988), 4, speeches.byu.edu.

  10. “Selekane se seng le se seng le Molimo ke monyetla oa ho atamela haufi le eena. Ho e mong le e mong ea nkang motsotsoana ho tseo a seng a li utloile ka lerato la Molimo, ho ba le tlamahano eo e matla le kamano e haufi ke nyehelo e sa thijoeng” (Henry B. Eyring, “Making Covenants with God” [Brigham Young University fireside, Sept. 8, 1996], 3, speeches.byu.edu).

  11. Morena hape o ile a sebelisa ho qhalana hona habatho ba hae ba khethiloeng hara lichaba tsa lefats´e ho hlohonolofatsa lichaba tseo” (Guide to the Scriptures, “Israele,” scriptures.ChurchofJesusChrist.org; see also Jakobo 5:1-8, 20).

  12. Russell M. Nelson, “The Future of the Church: Preparing the World for the Savior’s Second Coming,” Liahona, ´Mesa. 2020, 9.

Hatisa