2022
Ho Thusa Mafutsana le ba Mahlomoleng- Likarolo tse qotsitsoeng.
Pulungoana 2022


Molaetsa oa Khoeli, Liahona Pulungoana 2022

Ho Thusa Mafutsana le ba Mahlomoleng

Likarolo tse qotsitsoeng

Setśoantśo
Oaks data-poster quote

Tsʼebeletso e ngata ea boiketlo le botho ho batho ba bang e rutoa le ho sebelisoa ke Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaledi ba Mehla ea Kajeno le rona re le litho tsa eona. Mohlala, re itima lijo ka letsatsi la pele la khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ’me bonyane re kenya letsoho ka tse lekanang le lijo tse sa jeoang ho thusa ba hlokang liphuthehong tsa habo rona. Kereke e boetse e fana ka litlatsetso tse ngata bakeng sa thuso ea botho lelitsʼebeletso tse ling lefatsʼeng ka bophara.

Ho sa natsoe sohle seo Kereke ea rona e se etsang ka kotloloho, litsʼebeletso tse ngata tsa botho ho bana ba Molimo lefatsʼeng ka bophara li etsoa ke batho le mekhatlo e se nang likamano tse hlophisitsoeng le Kereke ea rona. …

Kereke ea Jesu Kresete e ikemiselitse ho sebeletsa bahloki, ʼme hape e ikemiselitse ho sebelisana ʼmoho le ba bang boitekong bona. …

Tsʼenolelo ea kajeno e ruta hore Mopholosi oa rona, Jesu Kreste, ke “leseli la ʼnete le bonesang motho e mong le e mong ea tlang lefatseng” [ Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:2].

… Ba bangata ba rona re lokela ho ela hloko tse ntle tse entsoeng ke ba bang le ho li ts´ehetsa joalo ka ha re na le nako le mekhoa ea ho etsa joalo. …

Ke paka ka Jesu Kreste, eo leseli la hae le Moea oa hae li tataisang bana bohle ba Molimo ho thusa mafutsana le ba mahlomoleng lefatsʼeng lohle.

Hatisa