2023
Ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste
Phupu 2023


“Ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste,” Liahona, Phupu 2023.

Molaetsa oa Khoeli Liahona Phupu, 2023.

Ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste

Setśoantśo
Moroetsana ka magolo a halalelang a phetliloeng holim´a hae

Ha re nahana ka lihlohonolofatso tseo re li fumanang hobane re le litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, re batla ho arolelana evangeli le bao re ba ratang. Re ka arolelana bopaki ba rona ka ´nete ka mantsoe a rona le ka mohlala oa rona. Re ka rapella ts´usumetso ho tseba hore na re ka arolelana le mang le ho re na re ka re eng.

Setśoantśo
Jesu o batla monna ea holofetseng

Rata ba bang

Karolo ea bohlokoa ea ho arolelana evangeli ea Jesu Kreste ke ho rata ba bang. Ha re bonts´a lerato ho ba bang ka liketso tse ts´oanang le tsa Kreste re arolelana evangeli ea Jesu Kreste—ka nako e ´ngoe ntle le ho bua. ´Me ha ba bang ba tseba hore re ba khathalla e le ´nete, ba ka phuthuloha ho utloa maikutlo a rona ka evangeli. (Bona Gary E. Stevenson, “Love, Share, Invite,” Liahona, Mots’eanong 2022, 84–87.)

Arolelana ka Litsela tse Tloaelehileng le Tlholeho

Re ka arolelana seo re se ratang ka evangeli. Ha re etsa sena e le karolo ea letsatsi ka leng ea bophelo ba rona, ha ena hoba ntho e thata kapa e kukunelang. Mohlala, re ka bua le ba malapa a rona le metsoalle ka seo re se etsang ka Sontaha. Kapa re ka ba bolella ka thabo eo re e utloang ha re sebeletsa ba bang. (Bona Dieter F. Uchtdorf, “Missionary Work: Sharing What Is in Your Heart,” Liahona, Mots´eanong 2019, 15–18.)

Mema ba Bang ho Ba le Rona

Re ka mema ba bang ho ithuta haholo ka evangeli. Mohlala, re ka ba memela ho tla kopanong ea Kereke kapa ho ketsahalo, ho bala Buka ea Mormone, ho shebella ts´oants´iso ea Kereke kapa ho eta le barumuoa ba boruti lichabeng. Boiphihlelo bona bo ka ba thusa ho utloa Moea le ho batla ho ithuta haholo.

Setśoantśo
basali ba baholo ba babeli ba lutse ´me ba ea bua

Botsa ka Boiphihlelo ba Bona

Kamorao hore metsoalle le ba lelapa ba tle kerekeng kapa ba be le thuto le barumuoa ba boruti lichabeng, re ka ba botsa ka seo ba se fihletseng. Lithuto tse ling tsa evangeli li ka ba ncha ho bona, joale re ka tseba ho araba lipotso tseo ba nang le tsona. Re ka bonts´a lerato la rona le ts´ehetso ka boiteko ba bona ba ho tla ho Kreste.

Eketsa ho Bolumeli ba Bona

Re ananela le ho hlompha bolumeli ba ba bang ´me re leka ho eketsa ho tumelo eo ba se ntseng ba ena le eona. Mohlala, motsoalle ea fumaneng mats´eliso ho mangolo a Bibile a ka fumana hape mats´eliso lithutong tseo re arolelanang ka tsona ho tsoa ho Buka ea Mormone.

Setśoantśo
moroetsana o thusa mosali e moholo ho ts´ela tsela

Thusa Litho tse Ncha tsa Kereke

Ha batho ba qala ho kena Kereke, re ka ba thusa ho matlafatsa tumelo ea bona. Re ka ba metsoalle ea bona, ra araba lipotso tsa bona le ho ba ts´ehetsa ha ba amohetse lipitso. Re ka thusa ka ho ba khothatsa ho tsoelapele ho latela Jesu Kreste le ho ithuta ka evangeli ea hae.

Setśoantśo
barumuoa ba babeli ba boruti lichabeng le monna ba shebile mohala oa letsoho ´moho.

Eba Morumuoa oa Boruti Lichabeng oa ka Nako Eohle.

Ho tlatseletsa ho ho arolelaneng evangeli bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi, litho tsa Kereke li ka bitsoa ho ba basebeletsi ba ka nako eohle ba borumuoa ba boruti lichabeng. Ha ba itokisitse, bahlankana ba ka sebeletsa ho tloha ha ba le lilemo tse 18. Baroetsana le basali ba baholo ba ka sebeletsa le bona. U ka fumana tlhahiso leseling e eketsehileng ho ChurchofJesusChrist.org/callings/missionary.

Hatisa