Liahona
Khanya ea Rona Lefelleng
Pherekhong 2024


“Khanya ea Rona Lefelleng,” Liahona, Pherekhong 2024.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli oa Liahona, Pherekhong 2024

Khanya ea Rona Lefelleng

Ba balang Buka ea Mormone ka bots´epehi, ba phela ka litaelo tsa eona, ´me ba rapela ka ´nete ea eona ba tla utloa Moea o Halalelang ´me ba eketse tumelo ea bona ho, le bopaki ka, Mopholosi.

Setśoantśo
Moholoane oa Jarete le majoe a phatsimang

Sets´oants´o sa moholoane oa Jarete le majoe a phatsimang ka Normandy Poulter

Leha ke sa le moshanyana, ke bile le bopaki ba Buka ea Mormone. Ke ikutloile ke hohetsoe ke pale ea moholoane oa Jarete le batho ba habo leetong le eang “lefats´eng la pallo” (Ethere 2:9).

Ha a ne a tobane le tebello ea ho tsamaea ka liketsoana, moholoane oa Jarete a botsa, “Bona, Oho Morena, na U ka re tlohella ho sotleha hore re ts´ele boliba bo bokaale ba metsi ka lefifi?” A araba, Morena a re, “Ke eng seo le ratang hore ke se etse hore le be le khanya kahar´a liketsoana tsa lona?” (Ethere 2:22, 23).

Moholoane oa Jarete o ne a tseba hore Morena o na le matla oohle. O ne a tseba hore Morena o na le mohloli oa khanya. O ne a tseba hore Morena o laetse batho ba Hae ho bitsa ho Eena nakong ea tlhokahalo. Joale, ho bonts´a tumelo ho Morena, moholoane oa Jarete o ile a hlophisa majoe a manyenyane a 16. U hopola hore o ile a kopa Morena ho thetsa majoe ka monoana oa Hae, “hore a qale ho phatsima lefifing” (Ethere 3:4).

Sets´ants´o sa ha Morena a ama majoe ao se ngotsoe kelellong eaka ho tloha ha ke qala ho bala pale eo. Ke bona ketsahalo eo joaloka ha eka e ne e etsahala ka pel´a mahlo aka. Mohlomong ke hobane sets´ants´o sa lefifi se qhaloang ke khanya ke sa ´nete ho ´na.

Ha ke sa utloe Moea o Halalelang, ha ke sa tsamaisane le Moea oa Morena, ke utloa lefifi. Empa ha ke bala Buka ea Mormone, khanya ea khutla. Buka ea Mormone ho ´na e bile joaloka lejoe le benyang le anngoeng ke Morena. E bonesitse leeto laka bophelo bohle.

Khanya ka Ho safeleng

Joaloka ba tlisitsoeng ke letsoho la Morena linaheng tsa Amerika ea khale-khale, bohle re tobana le lifefo le matsatsi a lefifi nakong ea leeto la rona ho ea lefats´eng la pallo le phahameng. Empa Morena o tla re etsetsa seo A se etselitseng Ba-Jerete le Ba-Nefi. O tla re tataisa le ho bonesa tsela ea rona—haeba re Mo mamela, re ba le tumelo ho Eena, le ho kopa thuso ea Hae.

Morena a bolella Nefi, “Ke tla ba khanya ea lona lefelleng; ´me ke tla le lokisetsa tsela ka pel´a lona, haeba le tla boloka litaelo tsaka; ka baka leo, haeba le tla boloka litaelo tsaka le tla lebisoa lefats´eng la pallo; ´me le tla tseba hore ke ka ´na le etelloang pele” (1 Nefi 17:13).

Morena o bolelletse moena oa Nefi Jakobo, “Ke tla ba fa khanya ka ho safeleng, ba utloang mantsoe aka” (2 Nefi 10:14).

Ka Mopholosi, moporofeta Abinadi o ile a paka, “Ke Eena khanya le bophelo ba lefats´e; ee, khanya e sa feleng, eo le ka mohla e ke keng es fifala” (Mosaia 16:9).

Ka Eena, Mopholosi o pakile, “Ke ´na khanya le bophelo ba lefats´e.” A eketsa, “Bona ke ´na khanya; ke entse mohlala bakeng sa lona” (3 Nefi 9:18; 18:16).

Setśoantśo
Mookameli Russell M. Nelson oa tsamaea

Ho Utloa Khanya

Ke rata moporofeta oa rona, Mookameli Russell M. Nelson. Ke na le hlohonolofatso ea ho sebeletsa lehlakoreng la hae. Ha a kena ka kamoreng, kamore eo e utloahala e khanya hanghang. O jere Khanya ea Kreste ho eena.

Khanya ea Kreste ke ea ´nete. Ke “mafolofolo a bomolimo, matla, kapa ts´usumetso e tsoang ho Molimo ka Kreste ´me e re fang bophelo le khanya linthong tsohle.” Ke mpho ea moea e tlotloang e ka lebisang bana ba Molimo ho Moea o Halalelang le evangeli ea Jesu Kreste.1 Ho bala Buka ea Mormone ho matlafatsa Khanya eo.

Ka linako tse ling re lokela ho hetla morao bophelong ba rona ho hopola kamoo re ileng ra thusoa kateng leetong la rona. Ha re hetla morao, re ka utloa ts´usumetso ea Mopholosi hape. Ha mangolo a re, “Hopola, hopola” (Helamane 5:12), ke nahana hore ba re bolella, “Se ke oa hopola feela seo o se tsebileng kapa oa se utloa; ho fapana le sena, utloa khanya eo hape.”

Ho ba bang, ho utloa khanya ea moea ho tla ha bonolo. Ho ba bang, ho ka ba thata ho utloa khanya ea moea ka lebaka la mathata a botho kapa lits´itiso tsa lefats´e. Empa haeba re ts´epahala, khanya e tla tla—ka linako tse ling ka litsela tseo re sa li lebellang.

Mookameli Nelson, o re elelitse hore re “ka thapelo re ithute Buka ea Mormone letsatsi le leng le le leng,”2 o arolelane litsela tse ngatanyana tseo ka tsona Buka ea Mormone e ka re tlisang ho Mopholosi le ho re thusa ho utloa khanya ea evangeli, ho tseparela linnete tsa evangeli, le ho phela ka lithuto tsa evangeli.

Ha re bala Buka ea Mormone, Mookameli Nelson o itse, kutloisiso ea rona, le kananelo ea rona bakeng sa Topollo ea Jesu Kreste e tla hola.

Re tla ikutloa re na le takatso ea “ho tsoaloa hape” (Mosaia 27:25) ha buka e re thusa ho ba le phetoho lipelong (bona Mosaia 5:2).

Ha re bala le ho ithuta lithuto tsa Buka ea Mormone mabapi le ho bokelloa ha Israele, re tla utloa takatso e eketsehileng ea ho batla bafu ba rona le ho etsa lits´ebeletso tsa pholoho bakeng sa bona tempeleng.

Re tla ikutloa re le bobebe ha re amohela likarabo tsa lipotso tsa rona, tataiso ea ho etsa liqeto, le matla a ho baka le ho hanyetsa bobe.

´Me ha re bala linnete tse fumanoang Bukeng ea Mormone, re tla utloa pholo, mats´eliso, tsosoloso, thuso, matla, ts´eliso, le thoholetso ea moea oa rona.3

“Oho joale, na see ha se ´nete?” Alma o ile a botsa mabapi le ho ruruha, ho mela ha peo ea ´nete, tsebo, le bopaki. “Ke re ho lona, Ee, hobane ke khanya; me eng kapa eng e khanyang e molemo, hobane e ea utloisiseha, ka baka leo le tlameha ho tseba hore e molemo” (Alma 32:35).

Setśoantśo
sets´ants´o sa Jesu Kreste

Sets´ants´o sa Kreste, ka Heinrich Hofmann

Fumana Mopholosi Lefifing

Ha motsoalle oaka Kamryn a le lilemo tse 10, o ile a ts´oaroa ke lefu la seoelo la leihlo le ts´oaelitseng lera le bonaletsang la leihlo la hae le letona.4 Ka linako tse ling, ha bohloko bo amanang le sena bo pheella ´me bo sa mamellehe, Kamryn o ne a sitoa ho tiisetsa khanya leha e le efe. Batsoali ba hae, ba neng ba ts´oenyehile hore a ka foufala, ba ne ba fifatsa lifensetere tsa kamore ea hae ea ho robala ho leka ho mo boloka a phutholohile. ´M´e oa Kamryn, Janna, a hopola:

“Hoo e ka bang likhoeli tse ´ne kamor´a hore a hlahlojoe, ke ile ka kena ka kamoreng ea hae e lefifi. Ha mahlo aka a ntse a tloaela, ke ile ka bona Kamryn a kotlobane betheng ea hae. O ne a utloa bohloko hoo a sa kang a sisinyeha kapa hona ho lla ha a utloa ke kena. O ne a robetse moo ka mahlo a mabeli a koalehileng ke borurusi.

“Ke ile ka khumama pela bethe ea hae, ka ts´oara letsoho la hae ka laka, ´me ka le penya makhetlo a mararo—e leng lets´oao la sephiri sa rona la ho re ‘Kea u rata.’ Ka tloaelo o ne a tla penya laka le eena ka makhetlo a mane a re, ‘Ke u rata ho feta le ´na,’ empa ha a ka a araba. O ne a opeloa ho feta tekanyo. Ka meokho e keleketlang marameng aka, ka sheba ngoana oaka ea neng a le mafolofolo a lilemo tse 10 ea neng a ik´haretse joaloka bolo. Pelo eaka e ile ea robeha.”

Janna o ile a etsa thapelo e khutsitseng, e tsoang botebong ba pelo.

“Ke ile ka bolella Ntate ea Maholimong hore kea tseba hore O tseba tsohle, empa ka rapela, ‘Ke kopa u mo thuse.’ Ha ke ntse ke lutse moo ke rapela, ke ile ka tlala ka leqhubu la mofuthu. Ke ile ka ikutloa ke khobehile mats´oafo ha mohopolo oaka ka Mopholosi Jesu Kreste o fihla kelellong ea ka: ‘Ke Eena khanya. Mo fumane lefifing leo.’”

Janna a phahamisa hlooho ´me a hoeshetsa ka tsebeng ea Kamryn: “U tlameha ho fumana Mopholosi lefifing.”

Kamor´a moo, Kamryn o ile a khaleha a mametse lifela le mangolo a halalelang ho sesebelisoa sa pokello ea libuka ea Kereke.

Setśoantśo
ngoanana ea roetseng sekoahela mahlo

Ha ts´oaetso ea mahlo a hae e tsoha, Kamryn o fumana Mopholosi lefifing.

Sets´oants´o se fanoe ke lelapa la Kamryn

Lefu la Kamryn le lutse le robetse boholo ba nako, empa ha le ´ tsoha, Janna le monna oa hae, Darrin, baa mo kokobetsa ´me ba boele ba behe likobo lifensetereng tsa kamore ea hae ea ho robala. Nakong ea makhetlo ao a bohloko, Kamryn a re, “Ke iphumanela Mopholosi lefifing.”5

Ha bophelo bo bonahala eka ke “lefeela le lefifi le bolutu” (1 Nefi 8:4), re ka ´na ra hloka hape ho fumana Mopholosi lefifing. Ke tiisa hore Buka ea Mormone, ka bopaki ba eona “hore Jesu ke Kreste, Molimo oa Bosafeleng,”6 e tla re lebisa ho Eena. Kea tseba hore ba balang Buka ea Mormone ka bots´epehi, ba phela ka litaelo tsa eona, ´me ba rapela ka ´nete ea eona ba tla utloa Moea o Halalelang ´me ba eketse tumelo ea bona, le bopaki ka, Mopholosi.

Ha re bonts´eng teboho bakeng sa buka ena “e nepahetseng ka ho fetisisa”7 ka ho e bala, ho e baballa, le ho e sebelisa ho matlafatsa tumelo ea rona le tumelo ea batho ba bang Khanyeng ea Lefats´e.

Lintlha

  1. Bona Lihlooho le Lipotso, “Light of Christ,” topics.ChurchofJesusChrist.org.

  2. Russell M. Nelson, “The Book of Mormon: What Would Your Life Be Like without It?,” Liahona, Pulungoana. 2017, 62.

  3. Bona Russell M. Nelson, “The Book of Mormon: What Would Your Life Be Like without It?,” 62, 63.

  4. Herpes simplex virus keratitis.

  5. Ke leboha Janna Cannon le morali oa hae Kamryn ka ho arolelana pale ea bona.

  6. Leqephe le qalang la Buka ea Mormone.

  7. Teachings of Presidents of the Church: Joseph Smith (2007), 64.

Hatisa