Liahona
Thabo e Ts´oarellang ea ho Phela Evangeli
Hlakola 2024


“Thabo e Ts´oarellang ea ho Phela Evangeli” Liahona, Hlakola 2024.

Molaetsa oa khoeli le khoeli Liahona Hlakola 2024

Thabo e Ts´oarellang ea ho Phela Evangeli Gospel Living

Thabo e mamellehang e tla ka ho mamella evangeling ea Jesu Kreste le ka ho thusa ba bang ho etsa se ts´oanang.

Setśoantśo
Adama le Eva le Ts´imo ea Edene kamorao

Ts´imo ea Edene, ka Grant Romney Clawson; Ho Tloha Ts´imong ea Edene, ka Joesph Brickey

Tlhaloso e khuts´oanyane ea sepheeo sa bophelo ba rona e ka fumanoa lithutong tsa boporofeta tsa Lehi mabapi le qalo ea bophelo ba motho lefats´eng. Ts´imong ea Edende, Adama le Eva ba ne ba phela ba se na molato. Haeba ba ne ba ka phela ka boemo boo, ba ka be ba sa ba le thabo hobane ba ne ba sa tsebe mahlomola; ba sa etse botle hobane ba sa tsebe sebe” (2 Nefi 2:23). Ke hore, joalo ka ha Lehi a hlalosa,“Adama o oele hore batho ba be teng; ’me batho ba teng, hore ba ke ba be le thabo” (2 Nefi 2:25; bona hape Moshe 5:10–11).

Ha re ntse re hola lefats′eng lena le oeleng, re ithuta phapang lipakeng tsa botle le bobe ka seo re se rutoang le seo re se utloang. Re “latsoa tse babang re tsebe boleng ba tse ntle” (Moshe 6:55). Thabo e tla ha re hana tse babang me re baballa le ho tsitlallela botle.

Ho Fumana Thabo

Ka lebaka la lerato la Hae le phethahetseng ho rona, Ntata rona ea Maholimong o na le cheseho ea ho arolelana le rona thabo ea Hae e phethahetseng le rona, hona joale le ka ho safeleng. Hoo e sale ele thahasello ea Hae linthong tsohle ho tloha qalong, ho kenyeletsa morero oa Hae o halalelang oa thabo le sehlabelo sa Mora oa Hae ea Inotsi ho re lopolla.

Molimo ha a qobelle nyakallo kapa thabo ho rona, empa O re ruta hore na re e fumana joang. O re bolella hape hore na ke kae moo nyakallo e kekeng ea fumanoa—“bokhopo [ha se]ha eso be thabo” (Alma 41:10). Ke ka litaelo tsa Hae hore Ntate ea Maholimong a hlahise ho rona tsela ea thabo.

Mookameli Russell M. Nelson, o e hlalosa ka tsela ena:

“Empa ʼnete e hlollang ke ena: le hoja lefats´e le tsitlella hore matla, matlotlo, botumo, le menyaka ea nama li tlisa nyakallo, ha ho joalo! Lia sitoa! Tseo li lihlahisang ha se letho haese ntle le sebaka se sekoti “boemo ba lehlohonolo le ba thabo tsa [ba] bolokang litaelo tsa Molimo.” [Mosaia 2:41].

´Nete ke hore ho khathatsa le ho feta ho batla thabo moo u ke keng ua e fumana! Leha ho le joalo, ha u ipana jokong ea hau ho Jesu Kreste ´me u etsa mosebetsi oa moea o hlokahalang ho hlola lefats´e, ke Eena feela, ea nang le matla a ho u phahamisetsa ka holim´a ho hahlameloa ha lefats´e lena.”1

Ke joana, thabo e tsoarellang e fumanoa ka ho boloka litaelo tsa Molimo, me litaelo tsa Molimo li fumanoa evangeling ea Jesu Kreste Empa ke khetho ea rona. Haeba bofokoling ba rona re hloleha ho boloka litaelo, re ka khutla, ra hana tse babang, me ra latela hape botle. Lerato la Molimo ha le lumelle sebe—hoo e ka ba mohau o tlatlapang toka—empa ka Topollo ea hae, Jesu Kreste o fana ka tokoloho ho sebe.

“Amuleke … o itse … ruri Morena o tla tla ho lopolla batho ba hae, empa A keke a ba lopolla kahara libe tsa bona, empa ho ba lopolla ho tsoa libeng tsa bona.

“Me o na le matla a fanoeng ho eena ho tsoa ho Ntate ho tla ba lopolla libeng tsa bona ka lebaka la pako; kahona o rometse mangeloi ho phatlalatsa litaba tsa boebo ba pako, boo tlisoang ke matla a Molopolli, ho pholoho ea meea ea bona” (Helamane 5:10–11;).

Jesu o ile a re:

“Ha le ka boloka litaelo tsaka, le tla lula leratong la ka joalo ka ha le nna ke bolokile litaelo tsa Ntate, me ke lula leratong la hae.

“Lintho tsena ke li buileng ho lona, hore thabo eaka e tle lule ka ho lona, le hore thatbo ea lona e tle e be e felletseng” (Johanne 15:10-11).

Sena ke seo Lehi a ileng a se utloa torong ea hae ha a ne a latsoa tholoana ea sefate sa bophelo-se bolelang lerato la Molimo. O ile a re, “Ha ke ntse ke ja tholoana eo, e ile ea tlatsa moea oaka ka thabo e kholo e fetisisang” (1 Nefi 8:12; bona hape 11:21-23).

Lehi hape o ile a hlahisa tsela ea bobeli e ka tlisang thabo maphelong a rona ha a ne a re, “ka baka leo, ka qala ho lakatsa hore ba lelapa la ka ba e je le bona”.(1 Nefi 8:12).

Setśoantśo
letsoho le leng le fetisetsa ho le leng, sefate kamorao

Sefate sa Bophelo, ka Kazuto Uota

Ho Thusa Ba Bang Ho Fumana Nyakallo

Joalo ka sechaba sa Morena Benjamini, re tlela ka khotso ha re fumana ts´oarelo ea libe tsa rona ´me re utloa khotso ea letsoalo” (Mosaia 4:3). Re e utloa hape ha re sheba kantle ´me re batla ho thusa ba lelapa le ba bang ho fumana thabo le khotso tse ts´oanang.

Joalo ka mohlankana, Alma o ile a batla thabo linthong tsohle ntle le ho evangeli ea Jesu Kreste. Kamora hore a khalemeloe ke lengoloi, o ile a tloha tseleng e telele ho tloha ho ho “baba” ho ea ho “botle ka pako “haufi le lefu” (Mosaia 27:28) le mosa oa Mopholosi o mongata Lilemo hamorao,Alma o ile a phatlalatsa ho mora oa hae Helamane:

“’Me oho, thabo e joang, le khanya e tsotehang joang eo ke ileng ka e bona; ee, moea oaka o ne o tlatsitsoe ka nyakallo e fetisisang joaloka bohloko ba ka! …

“Ee, ’me ho tloha nakong eo hofihlela joale, ke sebelitse ntle le ho emisa, hore ke mpe ke tlise meea ho baka; hore ke mpe ke ba tlisetse ho latsoa thabo e khapatsehang eo ke ileng ka e latsoa. …

“Ee, ’me joale bona, Oho mora oaka, Morena o mpha thabo e khapatsehang litholoaneng tsa mesebetsi eaka;

Hobane ka lebaka la lentsoe[evangeli ea Jesu Kreste] leo a le faneng ho ’na, bona, ba bangata ba tsoetsoe ke Molimo, ’me ba latsoitse joalo ka ha ke latsoitse.” (Alma 36:20, 24–26).

Ketsahalong e ngoe, Alma o ile a paka:

“’Me ena ke eona thabo ea ka, hore mohlomong ke tle ke be sesebelisoa ka matsohong a Molimo ho tlisa moea o itseng pakong; ’me eena ke eona thabo ea ka.

“’Me bonang, ha ke bona ba bangata bana beso ba bakile e le kannete, ’me ba tla ho Morena Molimo oa bona, joale moea oaka o tlala ka thabo” (Alma 29:9–10).

Alma o ile a tsoelapele ho phatlalatsa thabo e fetisisang eo a e utloang ha ba bang ba tlisa ka katleho meea e meng ho Kreste.

“Empa ha ke nyakalle katlehong eaka ke le mong, empa thabo eaka e tletse ho feta ka lebaka la katleho ea bana beso, ba bileng holimo lefats’eng la Nefi.

“Bonang, ba sebelitse ka ho fetisisa, ’me ba kotutse tholoana e ngata; ’me o tla ba moholo hakakang moputso oa bona!

“Joale, ha ke nahana ka katleho ea bona bana beso moea oaka o nkeloa hole, esita le ho arohana ha ona ho tsoa nameng, ea eba joalo, e kholo hakaalo thabo ea ka.” (Alma 29:14–16).

re ka fumana thabo e ts´oanang ha re rata ba bang ka “lerato le hloekileng la Kreste” (Moroni 7:47; bona hape temana ea 48), arolalana ´nete e tsosololitsong le bona ´me u ba memele ho bokana hammoho le batho ba selekane.

Setśoantśo
Mopholosi Gethesemane

Oho Ntate Oaka, ka Simon Dewey

Thabo Hara Mathata

Ha rea lokela ho tsoha hore mathat le liqholotso tseo re kekeng ra li qoba tseo re kopanang le tsona bophelong, litla thibela kapa tsa senya thabo ea rona. Alma ke e mong eo bosebeletsi bo senang boikhabo ba hae bakeng sa ba bang bo ile ba senyetsa haholo. O ile a ts´oaroa, a lapa, a nyoroa, a otloa, a ts´osoa ka bophelo ba hae, ´me ka makhetlo a ts´ehoa le ho lelekoa. ´Me le hahole joalo a “koenyetsoe holimo kathabo ea Kreste.” (Alma 31:38). Mohlomong ts´otleho ea Alma e entse thabo e kholo e ileng ea latela.

Mookameli Nelson o re hopotsa hore thabo e bapetse karolo tlhorisong eaa Mopholosi—“hobane thabo eo a e behetsoeng kapela hae O ile a mamella sefapano” (Baheberu 12:2).

Nahanang ka seo! Hore a tle a tsebe ho mamella ketsahalo e mahlonoko ka ho fetisisa eo e kileng ea mamelloa lefatseng, Mopholosi oa rona o ile a tsepamisa maikutlo ho thabo!

“Me ke thabo e fe e ileng ea behoa kapele ho Eena? Ruri e ne e kenyeletsa thabo ea ho hloekisa, pholiso, le ho re matlafatsa; thabo ea ho lefella libe tsa rona bohle ba neng ba tla baka; thabo ea ho etsa bokhoni ba hore na le uena re khutlele hae—re hloekile me re lokeloa—ke ho phela le Batsoali ba rona ba Leholimo le malapa a rona.

“Ha re tsepamisa maikutlo ho thabo e tlang ho tla ho rona, kapa ho bao re ba ratang, ke eng seo re ka se mamellang seo kajeno se utloahalang se imela, se le bohloko, se ts′osa, se re hlokela toka, kapa se sa khoneheng?2

Thabo e mamellehang e tla ka ho mamella evangeling ea Jesu Kreste le ka ho thusa ba bang ho etsa se ts´oanang. Thabo e ts´oarellang e tlisoa ke ha re lula leratong la Molimo, re mamela litaelo tsa hae ´me re amohela mosa oa Mopholosi. Tseleng ea evangeli, ho na le thabo leetong le thabo qetellong. Evangeli ea Jesu Kreste ke tsela ea thabo ea kamehla.

Lintlha

  1. Russell M. Nelson, “Overcome the World and Find Rest,” Liahona, Pulungoana. 2022, 97.

  2. Russell M. Nelson, “Joy and Spiritual Survival,” Liahona, Pulungoana. 2016, 83.

Hatisa