Liahona
Mopholosi oa Bohle, Evangeli ea Bohle
Tlhakubele 2024


“Mopholosi oa Bohle, Evangeli ea Bohle,” Liahona, Tlhakubele 2024.

Molaetsa oa khoeli Liahona Tlhakubele 2024

Mopholosi oa Bohle, Evangeli ea Bohle

Evangeli, Topollo, le Ho Tsoha Bafung ha Jesu Kreste li hlohonolofatsa bana bohle ba Molimo.

Setśoantśo
Kreste le motho ea shoeleng litho

Kreste le motho ea shoeleng litho, ka J. Kirk Richards, e keke ea kopitsoa

Evangeli ea Jesu Kreste e tsosolositsoeng ke mohloli oa thabo e sa feleng, khotso ea ´nete, le thabo ho e mong le e mong matsatsing a na a ho qetela. Mahlohonolo a phallang ho tsoa evangeling le mohaung o se nang moeli oa Kreste ha ho ka mohla a neng a reretsoe ba seng bakae feela ba khethiloeng, khale-khale kapa mehleng ea kajeno.

Ha ho na taba hore na re ka ikutloa re sa ts´oanelehe hakae, hape ho sa natsoe libe tse ka re suthisetsang hole le Eena ha nakoana, Mopholosi oa rona o re tiisetsa hore “o nanabetsa matsoho a hae ho [rona] letsatsi lohle” (Jakobo 6:4), ho re mema bohle hore re tle ho Eena ´me re utloe lerato la Hae.

Mahlohonolo a Evangeli a Lefats´e Lohle

Evangeli ea Jesu Kreste “e tsosolositsoe mehleng ena ea kajeno ho fihlela … litlhoko tsa lichaba tsohle, meloko, maleme, le batho bohle lefats´eng.”1 Evangeli e fetela lichabeng le mebaleng eohle ha e ntse e tlola meeli eohle ea meetlo ho ruta hore “bohle rea ts′oana ho Molimo” (2 Nefi 26:33).2 Buka ea Mormone e eme e le bopaki bo tsotehang ba ′nete ena.

Tlaleho ena e kholo e paka hore Kreste o hopola lichaba tsohle (sheba 2 Nefi 29:7) ´me o tla iponahatsa “ho bohle ba lumelang ho eena, … [le ho etsa] mehlolo e matla, le mats′oao, le meeka, har´a bana ba batho” (2 Nefi 26:13). Hara mehlolo e matla, mats′oao, le meeka ke ho hasa evangeli. Kahoo, re romela baruti-har’a-lichaba lefats′eng lohle ho paka litaba tsa eona tse molemo. ´Me re arolelana evangeli le ba re potileng. Ts′ebeliso ea linotlolo tsa boprista bo tsosolositsoeng bakeng sa ba phelang le ba shoeleng e netefatsa hore evangeli e phethahetseng e tla anela mora le morali e mong le e mong oa batsoali ba rona ba leholimong—nakong e fetileng, hona joale, kapa kamoso.

Khubu ea evangeli ena—molaetsa oa mantlha oa moporofeta le moapostola e mong le e mong ea kileng a biletsoa mosebetsing ona—ke hore Jesu ke Kreste le hore O tlile ho hlohonolofatsa e mong le e mong. Re le litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, re phatlalatsa hore sehlabelo sa Hae sa topollo ke sa lefats´e lohle.

Tlhokahalo ea Topollo e kekeng ea Lekanngoa ea Bosafeleng

Ha ke ntse ke potoloha le lefats′e, ke ts′oara lipuisano le palo e pharaletseng ea litho tsa Kereke. Ke hlolloa ke tsela eo ba hlalosang ka moo ba utloang tlhohonolofatso ea Topollo ea Jesu Kreste bophelong ba bona, le ha ba ipolela sebe se seng se hole. Ho babatseha hakakang hore mats′eliso a hloekisang a Topollo ea Hae a lula a fumaneha ho rona bohle!

“Ho tlameha hore ho be le topollo e etsoang,” Amuleke a bolela, “kapa ho seng joalo batho bohle ba tlameha ho timela ho sa qobehe.” Re ka be re “oele hape … re lahlehile, … ntle le ka topollo,” e neng e hloka “sehlabelo sa kamehla se sa feleng.” Hobane “ka baka leo ho ke ke ha eba le letho le sa fihlelleng topollo e sa feleng e tla lekana bakeng sa libe tsa lefats′e” (Alma 34:9, 10, 12).

Moporofeta e moholo Jakobo le eena o ile a ruta hore “Lefu le feta ho batho bohle, … e ka khona ho be le matla a tsoho ea bafu” ho re tlisa ponts´eng ea Molimo (2 Nefi 9:6).

Hone ho hlokahala hore ka bobeli sebe le lefu, li hloloe. Hona e ne e le thomo ea Mopholosi, eo A ileng a e phetha ka sebete bakeng sa bana bohle ba Molimo.

Setśoantśo
Kreste Gethsemane

Gethsemane, by J. Kirk Richards, e ke ke ea qopitsoa

Sehlabelo sa Mopholosi oa Rona

Bosiung ba Hae ba ho qetela bophelong ba nama, Jesu Kreste o kene Ts′imong ea Gethsemane. Teng, A khumama har’a lifate tsa mohloare ′me a qala ho theohela botebong ba mahlomola ao ′na le uena re ke keng ra a tseba.

Teng, A qala ho inkela libe tsa lefats′e. O ile A utloa bohloko bo bong le bo bong, masisa-pelo, le masoabi, ′me A mamella mahlomola ′ohle le ts´otleho e kileng ea fihleloa ke uena, ′na, le moea o mong le o mong o kileng oa phela kapa o tlang ho phela. Ts´otleho ena e kholo e sa feleng “e [Mo] , … bakela ka holimo ho tsohle, ho thothomela ka lebaka la bohloko, le ho tsoa mali lesojoaneng le leng le le leng” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18). Ke Eena feela ea neng a ka etsa sena.

Ho ne ho se e mong ea neng ea lokile ho lekana

Ho lefa theko ea sebe.

O ne a ka bula khoro

Tsa leholimo ´me ra kena.3

Eaba Jesu o nkeloa Calvary, ´me nakong e bohloko ka ho fetisisa ea ho hloka toka nalaneng ea lefats´e lena, O ile a thakhisoa. Hone ho se ea ka nkang bophelo ba Hae ho Eena. E le Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ´nots´i, O ne a e-na le matla holim’a lefu la nama. A ka be a ile a rapela Ntat´ae, ´me lebotho la mangeloi le ka be le tlile ho tla hlola bahlorisi ba Hae le ho bonts´a matla a Hae holim´a lintho tsohle. “Empa joale mangolo a halalelang a tla phethahala joang” Jesu o ile a botsa nakong ea ho ekoa ha Hae, “a re na e ka khona ho be joalo?” Mattheu 26:54

Ka kutlo e phethahetseng ho Ntate oa Hae—le lerato le phethahetseng bakeng sa rona—Jesu o ile a fana ka bophelo ba Hae ka boithatelo ´me a phethela sehlabelo sa topollo ea Hae se kekeng sa lekanngoa sa bosafeleng, se khutlelang morao nakong ea pele le ka ho sa feleng.

Tlholo ea Mopholosi oa Rona

Jesu o laetse Baapostola ba Hae ho nts´etsa pele mosebetsi oa Hae ka mor´a lefu la Hae. Ba ne ba ka etsa seo joang? Ba bangata ba bona e ne e le bats´oasi ba litlhapi feela, ´me ho ne ho se le ea mong ea ileng a koetlisoa masinakhokheng bakeng sa bosebeletsi. Ka nako eo, ho ne ho bonahala eka Kereke ea Kreste e reretsoe ho timetsoa. Empa Baapostola ba ile ba fumana matla a ho jara pitso ea bona le ho bopa nalane ea lefats´e.

Ke eng e ileng ea etsa hore ho be le matla ho tsoa bofokoling boo bo neng bo bonahala? Moetapele oa kereke ea Chache ebile e le setsebi Frederic Farrar o itse: “Ho na le karabo e le ´ngoe feela e kholisang—tsoho ea bafu. Phetoho ena eohle e kholo e bile ka lebaka la matla a ho tsoha bafung ha Kreste.”4 E le lipaki tsa Morena ea tsohileng bafung, Baapostola ba ne ba tseba hore ha ho letho le ka thibelang mosebetsi ona ho tsoela pele. Bopaki ba bona e ne e le mohloli oa matla a ts´ehetsang ha Kereke ea pele e ne e hlola mathata ´ohle.

Sehleng sena sa Paseka, joalo ka e mong oa lipaki tsa Hae tse tlotsitsoeng, Ke phatlalatsa hore hoseng ho hong ha Sontaha se setle, Morena Jesu Kreste o tsohile bafung ho re matlafatsa le ho khaola maqhama a lefu bakeng sa bohle. Jesu Kreste Oa Phela! Ka lebaka la Hae, lefu ha se pheletso ea rona. Ho Tsoha Bafung ke mpho ea Kreste ea mahala e akaretsang ho bohle.

Setśoantśo
Kreste le Maria Magdalene lebitleng

Kreste le Maria Lebitleng, ka Joseph Brickey

Tlohong ho Kreste

Evangeli le Topollo ea Jesu Kreste ke tsa bohle—ke hore, bohle. Tsela e le ′ngoe feela eo re fumanang mahlohonolo a tletseng a sehlabelo sa Mopholosi ke ha ka bomong re amohela memo ea Hae: “Tlohong ho ′na” (Mattheu 11:28).

Re tla ho Kreste ha re sebelisa tumelo ho Eena le ho baka. Re tla ho Eena ha re kolobetsoa ka lebitso la Hae ′me re fumana mpho ea Moea o Halalelang. Re tla ho Eena ha re boloka melao, re amohela lits′ebeletso, re hlompha lilekane, re amohela liphihlelo tsa tempele, le ho phela bophelo boo barutuoa ba Kreste ba bo phelang.

Ka linako tse ling, u tla tobana le ho nyahama le masoabi. Pelo ea hau e ka ′na ea robeha kapa ea robehela motho eo u mo ratang. U ka ′na oa imeloa ke libe tsa ba bang. Liphoso tseo u li entseng—mohlomong tse tebileng—li ka ′na tsa etsa hore u ts′ohe hore khotso le thabo li u sietse ruri. Linakong tse joalo, hopola hore Mopholosi ha a tlose feela moroalo oa sebe empa hape “bohloko boo u seng u bo utloile, le litlhoriso le meleko ea mefuta eohle” (Alma 7:11), ho kenyelletsa le tsa hau! Ka lebaka la seo a fetileng ho sona molemong oa hau, O tseba ka kotloloho mokhoa oa ho u thusa ha u amohela memo ea Hae e fetolang bophelo: “Tlohong ho ′na.”

Bohle ba Amohetsoe

Jesu Kreste o hlakisitse hore bana bohle ba Ntate ea Maholimong ba na le tokelo e lekanang litlhohonolofatsong tsa evangeli ea Hae le Topollo. O re hopotsa hore bohle “ba na le tokelo e mong joalo ka e mong, ′me ha ho le ea mong ea thibetsoeng” (2 Nefi 26:28).

“O mema bohle ho tla ho eena le ho amohela molemo oa hae; ´me ha a thibele mang kapa mang ho tla ho Eena, ba bats′o le ba basoeu, ba litlamong le ba lokolohileng, ba ba tona le ba bats′ehali” (2 Nefi 26:33).

“O mema bohle”—sena se bolela hore kaofela ha rona! Ha rea lokela ho ipeha kapa ho beha ba bang mats′oao a maiketsetso a khethollang. Ha rea lokela ho beha lits′itiso li fe kapa li fe leratong la Mopholosi kapa ho mamela mehopolo ea hore rona kapa ba bang re moo A ke keng a re fihlela. Joalo ka ha ke boletse pele, “Ha ho khonehe hore [mang kapa mang] a tebelle tlase ho feta leseli le sa feleng la Topollo ea Kreste e khanyang.”5

Ho ena le hoo, joalo ka ha Mofumahali Holland le ´na re ile ra ruta likhoelinyana pele ho lefu la hae, re laeloa ho “ba le qenehelo, qenehelo eo e leng lerato” (2 Nefi 26:30).6 Lena ke lerato leo Mopholosi a re bonts´itseng lona hobane “ha a etse letho haese molemong oa lefats′e; hobane o rata lefats′e, hoo a ileng a nehela bophelo ba hae hore a tle a tlise batho bohle ho eena” (2 Nefi 26:24).

Ke paka hore evangeli le Topollo ea Jesu Kreste ke tsa batho bohle. Ke rapela hore ka thabo le tla amohela mahlohonolo ao A a tlisang.

Lintlha

  1. Howard W. Hunter, “The Gospel—A Global Faith,” Ensign, Nov. 1991, 18.

  2. See Howard W. Hunter, “All Are Alike unto God” (Brigham Young University fireside, Feb. 4, 1979), 1–5, speeches.byu.edu.

  3. Ho Teng Ralla le Letala,” Lifela, no. 194.

  4. Frederic W. Farrar, Bophelo ba Kreste (1994), 656.

  5. Jeffrey R. Holland, “Basebetsi Ts′imong ea Morara,” Liahona, Mots’eanong 2012, 33.

  6. Sheba Jeffrey R. and Patricia T. Holland, “Bokamoso bo Tletseng Ts′epo” (Ts′ebeletso e ka lefats´e lohle ea bacha, Pherekhong. 8, 2023), broadcasts.ChurchofJesusChrist.org.

Hatisa