Liahona
Fepa Moea oa Hau ka Thapelo Khafetsa
´Mesa 2024


“Fepa Moea oa Hau ka Thapelo Khafetsa,” Liahona, ´Mesa. 2024

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Liahona ,´Mesa 2024

Fepa Moea oa Hau ka Thapelo Khafetsa

Re hloka phepo ea moea ea ho buisana le Ntat´a rona ea Maholimong, tlhohonolofatso e fumanehang bakeng sa rona hohle le kamehla.

Setśoantśo
Enose oa rapela

Set´oasnts´o sa sebapali se ts´oants´isitseng Enos ka Matt Reier

Kaofela re kile ra ikutloa re lapile pele. Bohloko ba tlala ke tsela ea ´mele ea ho re bolella hore o hloka phepo. ´Me ha re lapile, re tseba seo re hlokang ho se etsa—ho ja.

Moea oa rona le oona o na le litsela tsa ho re tsebisa hore re hloka phepo ea moea. Empa ho bonahala hore ho bobebe bakeng sa rona ho iphapanyetsa tlala ea moea ho feta tlala ea nama.

Joaloka ha ho ena le mefuta e mengata ea lijo tseo re ka li jang ha re lapile, ho na le lintho tse fapaneng tseo re ka li etsang ho tlatsa tlala ea rona ea moea. Mohlala, re ka “keteka ka mantsoe a Kreste” (2 Nefi 32:3) ka mangolong a halalelang ka montsoe a baporofeta. Re ka kena kereke kamehla le ho nka selallo (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 59:9). Re ka sebeletsa Molimo le bana ba hae (bona Mosaia 2:17).

Empa ho na le mohloli o mong oa phepo ea moea o fumanehang bakeng sa rona ka linako tsohle, ka motsotso o mong le o mong oa bophelo ba rona, ho sa tsotellehe maemo a rona. Re ka buisana le Ntate ea Maholimong kamehla ka thapelo.

“Moea oaka o ne o Lapile”

Joaloka ka ha moporofeta Enos a ne a ntse a tsoma libata ka morung, o ile a nahana ka “mantsoe ao hangata [a]neng [a] utloe ntate [oa hae] a bua malebana le bophelo ba bosafeleng, le nyakallo ea bahalaleli.” Mantsoe a na “a tebela botebong [ba] pelo [ea hae]” (Enos 1:3).

Hobane Enos o ne a le boemong ba kelello ea moea, o ile a utloa tlhoko e matla: “Moea oa ka o ne o lapile,” o ile a bolela (Enos 1:4; khatiselletso e ekelitsoe).

Ke eng seo Enos a ileng a se etsa ha a utloa tlala ea semoea, tlhoko e ea phepo ea semoea? “Ke ile ka khumama fats´e ka pela ´Mopi oa ka,” o ile a bolela “´me ka llela ho eena ka thapelo e matla le kōpo ea boikokobetso bakeng sa moea oa ka” (Enos 1:4).

’Tlala ea moea e ne e le kholo ho Enos hoo a ileng a rapela “letsatsi lohle … le ha bosiu bo fihla [o ile a] nna [a] phahamisetsa lentsoe la [hae] holimo hore le fihle Maholimong” (Enos 1:4). Qetellong, Molimo o ile a araba thapelo ea hae ´me a mo ts´oarela libe. Enos o ile a utloa molato oa hae o fielloa hole. Empa phepo ea hae ea moea ha e ea ka ea fella moo.

O ile a ithuta ka matla a tumelo ho Jesu Kreste, ´me o ile a ts´ollela moea oa hae oohle bakeng sa sechaba sa habo—esita le lira tsa hae. O ile a etsa lilekane le Morena ´me a iphumanela lits´episo ho tsoa ho Eena. ´Me kamor´a thapelo e matla ea Enos, o ile a kena har´a sechaba sa habo a porofeta le ho pakahatsa ka lintho tseo a li boneng le ho li utloa. (Bona Enos 1:5–19.)

Ha se thapelo e ´ngoe le e ´ngoe e tlang ho arajoa ka tsela e khahlisang joalo, empa boiphihlelo ba rona ka thapelo e ka ′na eaba bo tletseng moelelo le bo fetolang bophelo. Re ka ithuta lithuto tse ling tsa bohlokoa ho tsoa boiphihlelong ba Enos ka thapelo. Mohlala:

  • Ho pheella ho phela evangeli ka botlalo ho ka re thusa ho utloa tlala ea rona ea moea.

  • Tlala ea rona ea moea e ka leka ho re tlisa mangoeleng a a rona ho batla thuso ea Ntate ea Maholimong.

  • Ho rapela ho Ntate ea Maholimong ho ka re thusa ho khotsofatsa tlala ea rona ea moea—le tse ling.

  • Re ka rapela kae kapa kae, nako e fe kapa e fe.

  • Thapelo e ka re thusa ho sokoloha.

  • Thapelo e ka matlafatsa tumelo ea rona ho Jesu Kreste.

  • Re ka fumana bopaki ba botho ka bo mong hore Ntat´a rona ea Maholimong o oa re utloa ´me o re ela hloko.

  • Bopaki le matla ao re a fumanang ka thapelo a ka re thusa ho sebeletsa le ho matlafatsa ba bang.

Setśoantśo
Moholo Soares ha e sa le moshanyana

Boiphihlelo ba ka ka Matla a Thapelo

Joaloka Enos, ke ithutile tse ling tsa lithuto tsena tse ts´oanang ka boiphihlelo ba botho. Batsoali ba ka ba ile ba kena Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ha ke ne ke le moshanyana ea monyenyane, ´me ke ile ka kolobetsoa ha ke na le lilemo tse robeli. Kamehla ke ne ke eba le boikutlo bo botle, bo mofuthu pelong ea ka, ka ntate oa ka ea Maholimong le ka Jesu Kreste, Evangeli ea hae e tsosolositsoeng, le Kereke ea Hae. Empa ha e ka ea eba hofihlela ke le lilemo tse ka bang 16 hore e be ke ile ka fihlela ho rapela ka ´nete ea lintho tsena.

Mobishopo oa ka ea nyenyelelitsoeng o ile a kopa hore ke rute sehlopha sa sekolo sa Sontaha sa bacha. Ke ne ke tlameha ho ruta thuto ka kamoo re ka fumanang bopaki ba evangeli ka thapelo. Thomo ena ho tsoa ho mobishopo oa ka e ile ea etsa hore ke nahane ka botebo ka bopaki ba ka ka bo ´na. Ke ne ke ile ka nka nako ho ithuta Buka ea Mormone ´me kamehla ke ne ke ikutloa hore Kereke e ne e le ea ´nete. Kamehla esale ke lumela ho Mopholosi Jesu Kreste, empa ha hona ka mohla ke ileng ka nkela pelong ts´episo ea Moroni e fumanehang ka ho Moroni 10:4–5. Ho ne ho so be le ka mohla ke ileng ka rapela ka bonnete bo tletseng ba evangeli.

Ke hopola ke ikutloa ka pelong ea ka hore haeba ke ne ke tlo ruta bacha ba na hore ke joang ba ka fumanang bopaki ka thapelo, ke tlameha ho rapella bopaki ka bo ´na. Moea oaka o ne o lapile—mohlomong ka tsela e fapaneng ho tsoa ho ea Enos, empa le ha ho le joalo ke ne ke utloa tlhoko ea moea.

Ha ke ntse ke lokisa thuto, ke ile ka khumama le ho fana ka takatso ea pelo eaka ho Ntate oaka ea Maholimong ho tiisa eo ke neng ke e utloa ka hare. Ke ne ke sa lebella ponts´o e fe kapa e fe e kholo. Empa ha ke botsa Morena haeba evangeli ke ea ´nete, ho ile ha tla pelong eaka boikutlo bo monate haholo—lentsoe leo le khutsitseng le le nyane le ntiisetsa hore e ne e le ´nete le hore ke tsoelepele ho etsa seo ke neng ke ntse ke se etsa.

Boikutlo boo bo ne bo le matla hoo ke neng nke ke ka sitoa ho hlokomoloha karabo eo e be kere ke ne ke sa tsebe. Ke ile ka qeta letsatsi leo lohle ke ikutloa ke thabile hoo. Kelello eaka e ne e le maholimong e nahana boikutlo bo botle ka pelong eaka.

Sontaha se latelang, ke ile ka ema ka pele ho ba baithuti ´moho le ´na ba ka bang bararo kapa ba ba ne, bao ba neng ba le banyenyane ho ´na. Ke ile ka pakahatsa ho bona hore Ntate ea Maholimong o tla araba lithapelo tsa bona haeba ba ena le tumelo.

Setśoantśo
Moholo Soares

Thapelo e ileng ea arajoa ea Moholo Soares eo a e fumananeng ha ele mohlankana e mo lumelletse ho pakahatsa—joaloka morumua oa boruti lichabeng (kaholimo), ntate le molekane, le Moapoastola—hore Ntate ea Maholimong o araba lithapelo tse entsoeng ka tumelo.

Ho tloha hoo ho ea pele, bopaki bona bo lutse le ´na. Bo nthusitse ho etsa liqeto, haholo-holo metsotsong eo ke neng ke tobane le liqholotso. Thapelo eo ka letsatsi leo, ′moho le bopaki bo eketsehileng boo ke bo fumaneng ka lilemo, e ntumelletse hore ke pakahatse ho batho, ka kholiseho, hore ba ka fumana likarabo ho tsoa ho Ntate ea Maholimong haeba ba rapela ka tumelo. Sena e bile ´nete joalaoka ha ke ile ka pakahatsa joaloka morumuoa oa boruti lichabeng, joaloka moetapele oa Kereke, joaloka ntate le molekane, esita lekajeno joaloka Moapostola.

Neng le Eng ea Thapelo

Ehlile, ha re rapele feela ha re utloa tlhoko e khethehileng e matla ea moea. Joale, ke neng re tlamehang ho rapela? ´Me ke eng seo re tlamehang ho se rapella? Karabo e khuts´oane ke hore nako e fe kapa e fe le bakeng sa eng kapa eng.

Molimo ke Ntat´a rona ea Maholimong. Ho tseba sena ho fetola tsela eo re rapelang ka eona. Moporofeta Joseph Smith o rutile: “Ka ho ba le tsebo ea Molimo, re qala ho tseba hore na re mo atamela joang, le hore ke joang re kopang hore re tle re fumane karabo. … Ha re lokile bakeng sa ho tla ho Eena, O lokile bakeng sa ho tla ho rona.”1

Ntat´a rona ea Maholimong kamehla o lokile bakeng sa ho re mamela ´me o batla hore re Mo rapele kamehla le khafetsa. Re lokela ho “eletsana le Morena liketsong tsohle tsa [rona]” (Alma 37:37) le ho rapela hoseng, nyene, le bosiu. Re lokela ho rapela hae, mosebetsing, sekolong—kae kapa kae moo re ka bang teng le holim´a boiteko bo fe kapa bo fe ba rona (bona Alma 34:17–26).

Re lokela ho rapela ka malapeng a rona (bona 3 Nefi 18:21). Re lokela ho rapela “ka mantsoe le ka lipelong tsa [rona], bathong le lekunutung” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 81:3). ´Me“ ha [re] sa llele ho Morena, [re lokela ho] etsa hore lipelo tsa [rona] li tlale, li huleloe kantle thapelong ho tsoelapele ho ea ho eena bakeng sa litlhoko tsa [rona], le bakeng sa litlhoko tsa bohle ba [re] pota-potileng” (Alma 34:27). ´Me re tlameha ho rapela kamehla ho Ntate ka lebitso la Jesu Kreste (bona 3 Nefi 18:19–20).

Setśoantśo
Joseph Smith ha e le mohlankana

Sets´oants´o sa Joseph Smith ka Walter Rane, se ka se kopitsoe

Ho atamela Ntat´a rona ea Maholimong

Ntat´a rona ea Maholimong o batla ho re hlohonolofatsa. ´Me o tla etsa joalo—haeba re kopa. Moporofeta Joseph Smith o rutile, “Hopolang hore ntle le ho kopa re ka se fumane letho; ka baka leo, kopang ka tumelo, ´me le tla fumana litlhohonolofatso tse joalo ka ha Molimo a bona ho lokela ho li fana holim´a lona.”2

Lithapelo tsa rona tsa kamehla tse khafetsa ke karolo e bohlokoa ea lijo tsa phepo ea moea ho meea ea rona e lapileng. Puisano le Ntate ea Maholimong ka thapelo e fumaneha le ho amoheleha hohle le kamehla.

Le leng la mangolo a halalelang leo e leng thatohatsi ea ka le re ruta hore ke joang re atamelang Ntat´a rona ea Maholimong ha re khumama ho rapela: “U Ikokobetse; ´me Morena Molimo oa hau o tla u etella ka letsoho, ´me a u fe karabo lithapelong tsa hau” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 112:10). Ha re ikokobelitse le ho mamela, Ntate ea Maholimong o tla ba le rona. O tla re etella ka letsoho. O tla re nyenyeletsa ka hore re tla ea kae le seo re tla se etsa. O tla araba lithapelo tsa rona ho latela thato ea hae, tsela, nako, le tsebo ea hae e feletseng ea tse molemo bakeng sa rona.

Re lokela ho hopola sena ´me re baballe menyetla ea ho atamela terone ea Molimo le ho amohela litlhohonolofatso letsohong la hae.

Lintlha

  1. Teachings of Presidents of the Church: Joseph Smith 2007), 64.

  2. Teachings: Joseph Smith, 131.

Hatisa