Liahona
Nyakallang ho Mpho ea Linotlolo tsa Boprista.
Mots´eanong 2024


Molaetsa oa Khoeli Liahona, Mots´eanong 2024

Nyakallang ho Mpho ea Linotlolo tsa Boprista.

Linotlolo tsa boprista li laola ka moo boprista ba Molimo bo ka sebelisoang ho phethahatsa sepheo sa Morena le ho hlohonolofatsa bohle ba amohelang evangeli e tsosolositsoeng.

Bana beso ba ratehang, kajeno ke letsatsi la nalane ho Mookameli Dallin H. Oaks le ´na. Ke lilemo tse 40 tse fetileng ka la 7 ´Mesa 1984, ha re ne re bitsetsoa Lekhotleng la Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli. Ho tloha nakong eo, re ile ra nyakalla ke seboka se akaretsang se seng le se seng, ho kenyeletsa le sona sena. Re hlohonolofalitsoe hape ka ts´usumetso e ngata e halalelang ea Moea. Kea ts´epa le tla ithuta melaetsa ea seboka sena se akaretsang khafetsa likhoeling tsena tse tlang kaofela.

Setśoantśo
Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. April 6 - 7, 2024. Pictures were taken in England.

United Kingdom

Ha ke ne ke hlaha, ho ne ho e-na le litempele tse t´seletseng feela tse sebetsang kahare ho Kereke—e le ´ngoe ho St. George, Logan, Manti, and Salt Lake City, Utah; hammoho le Cardston, Alberta, Canada; le Laie, Hawaii. Litempele tse peli tsa pele li ile tsa sebetsa nakoana ho Kirtland, Ohio, le Nauvoo, Illinois. Ha litho tsa kereke li fallela bophirima, Bahalaleli ba ile ba qobelleha ho siea litempele tseo morao.

Tempele ea Nauvoo e ile ea senngoa ka mollo ke motho ea chesang. E ile ea ahoa hape ′me ea hlohonolofatsoa ke Mookameli Gordon B. Hinckley. Tempele ea Kirtland e ile ea nyelisoa le ho senngoa ke lira tsa Kereke. Hamorao Tempele ea Kirtland e ile ea nkoa ke Community of Christ, eo ba e ruhileng ka lilemo tse ngata.

Khoeling e fetileng re phatlalalitse hore Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e rekile Tempele ea Kirtland hammoho le libaka tse ´maloa tsa bohlokoa tsa nalane Nauvoo. Re ananela haholo lipuisano tse monate le kutloano eo re bileng le eona le baetapele ba Community of Christ tse lebisitseng tumellanong ena.

Setśoantśo
Tempele ea Kirtland.

Tempele ea Kirtland

Tempele ea Kirtland e na le bohlokoa bo sa tloaelehang Tsosolosong ea evangeli ea Jesu Kreste. Liketsahalo tse ´maloa tse etsahetseng moo ho ile ha porofetoa ka tsona ka lilemo tse likete, ´me li ne li le molemo bakeng sa kereke ea Morena e tsosolositsoeng ho fihlela thomo ea eona ea kajeno.

E bohlokoa ka ho fetisa ea liketsahalo tsena e etsahetse ka Sontaha sa Paseka ea la 13 ´Mesa 1836. Ka letsatsi leo, Joseph Smith le Oliver Cowdery ba ile ba etsahalloa ke letoto la liketelo tse makatsang. Ea pele, Morena Jesu Kreste o ile a hlaha. Moporofeta o ngotse hore Mopholosi “mahlo a hae e ne eka lelakabe la mollo; moriri oa hlooho ea hae o ne o le mosoeu joaloka lehloa le hloekileng; sefahleho sa hae se ne se khanya ho feta khanya ea letsatsi, ´me lentsoe la hae e ne eka molumo oa metsi a maholo a phallang.”

Nakong ea ketelo ena, Morena o ile a netefatsa botho ba Hae. O ile a re, “Ke ´na qalo le qetello; ke ´na ea phelang, ke ´na ea ileng a bolaoa, Ke ´na ´muelli oa lona ho Ntate.”

Jesu Kreste o ile a bolela hore O amohetse tempele joaloka ntlo ea Hae ´me a etsa ts´episo ena e ntle: “Ke tla itlhahisa ho sechaba saka ka mohau ka hare ho ntlo ena.”

Ts´episo ena e bohlokoa e sebetsa litempeleng tsohle tse hlohonolofalitsoeng kajeno. Ke le mema ho nahanisa ka botebo ka seo ts´episo ea Molimo e se bolelang ho lona.

Kamor´a ketelo ea Mopholosi, Moshe o ile a hlaha. Moshe o ile a nehelana ka linotlolo tsa pokello ea Israele le ho khutla ha meloko e leshome ho Joseph Smith.

Ha pono eo e fela, “Eliase o ile a hlaha ´me a nehelana ka evangeli ea nako ea Abrahama ho Joseph.”

Eaba Moporofeta Elia oa hlaha. Ho hlaha ha hae ho ile ha phethahatsa ts´episo ea Malakia ea hore pele ho Ho Tla La Bobeli, Morena o tla romela Elia ho tla “busetsa lipelo tsa bo-ntate ho bana ba bona, le lipelo tsa bana ho bo ntat´a bona.” Elia o ile a fana ka linotlolo tsa matla a ho tlamahanya ho Joseph Smith.

Setśoantśo
Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. April 6 - 7, 2024. Pictures were taken on Temple Square.

Temple Square

Bohlokoa ba hore linotlolo tsena li khutlele lefats´eng ka barumuoa ba bararo ba leholimo tlasa tataiso ea Morena ha bo na tlhaloso e lekaneng. Linotlolo tsa boprista li bopa tokelo le matla a boetapele. Linotlolo tsa boprista li laola ka moo boprista ba Molimo bo ka sebelisoang ho phethahatsa sepheo sa Morena le ho hlohonolofatsa bohle ba amohelang evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste.

Ho bohlokoa ho ela hloko hore pele ho tlhophiso ea Kereke, barumuoa ba leholimo ba ile ba fa Moporofeta Joseph Smith Boprista ba Aarone le ba Melchizedeke ´me ba mo nehile linotlolo tsa bona li lepeli. Linotlolo tsena li ile tsa fa Joseph Smith tokelo ea ho hlophisa Kereke ka 1830.

Joale Tempeleng ea Kirtland ka 1836, nehelano ea linotlolo tse ling tse tharo tsa boprista—e leng, linotlolo tsa pokello ea Israele, linotlolo tsa evangeli ea Abrahama, le linotlolo tsa matla a ho tlamahanya—e ne e hlokahala. Linotlolo tsena li ne li neha Joseph Smith—tokelo, le Baokameli ba mo hlahlamang ba Kereke ea Morena—ho bokella Israele ka mahlakoreng a mabeli a lesira, ho hlohonolofatsa bana bohle ba selekane ka lihlohonolofatso tsa Abrahama, ho beha tiiso ea tlamahano ho lits´ebeletso tsa boprista le lilekane, le ho tlamahanya malapa ka ho sa feleng. Matla a linotlolo tsena tsa boprista ke a sa feleng ´me a khahlisang.

Nahana kamoo bophelo ba hau bo neng bo tla fapana ka teng ha eba linotlolo tsa boprista ha lia khutlisetsoa lefatseng. Ntle le linotlolo tsa boprista u ne u ke ke ua hlohonolofatsoa ka matla a Molimo. Ntle le linotlolo tsa boprista, Kereke e ne e tla sebetsa joaloka mokhatlo feela oa thuto le oa lithuso eseng ho feta moo. Ntle le linotlolo tsa boprista, ha ho le ea mong oa rona ea neng a ka ba le monyetla oa lits´ebeletso tse hlokehang le lilekane tse re tlamahanyang le baratuoa ba rona ka ho sa feleng le ho re lumella ho ea phela le Molimo.

Linotlolo tsa boprista li khetholla Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ho mokhatlo ofe kapa ofe lefats´eng. Mekhatlo e meng e mengata e ka etsa hore bophelo ba hau bo be hantle mona lefats´eng. Empa ha ho mokhatlo o mong o ka etsang kapa oa susumetsa bophelo ba hau ka mor´a lefu.

Linotlolo tsa boprista li re neha tokelo ea ho fetisetsa lihlohonolofatso tsohle tse ts´episitsoeng ho Abrahama ho monna le mosali e mong le e mong ea bolokang selekane. Mosebetsi oa Tempele o etsa hore lihlohonolofatso tsena tse ntlehali li be teng ho bana bohle ba Molimo, ho sa tsotellehe hore na ke kae kapa ke neng moo ba neng ba phela kapa ba phelang joale. Ha re nyakalleng hore linotlolo tsa boprista li teng hape lefats´eng.

Setśoantśo
Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. April 6 - 7, 2024. Pictures were taken in Kenya .

Kenya

Ke le mema ho ela hloko lintho tse tharo tse latelang:

  1. Pokello ea Israele ke bopaki ba hore Molimo o rata bana bohle ba Hae hohle.

  2. Evangeli ea Abrahama ke bopaki bo bong ba hore Molimo o rata bana ba Hae bohle hohle. O mema bohle ho tla ho Eena, “ba bats´o le ba basoeu, ba litlamong le ba lokolohileng, ba batona le ba bats´ehali.”… bohle baa ts´oana ho Molimo.”

  3. Matla a ho tlamahanya ke bopaki bo phahameng ba ka moo Molimo a ratang bana bohle ba hae hohle ´me o batla e mong le e mong oa bona ho khetha ho khutlela ho Eena.

Linotlolo tsa boprista tse tsosolositsoeng ka Moporofeta Joseph Smith li etsa hore ho be bonolo ho monna le mosali e mong le mong ea bolokang selekane ho natefeloa ka bo mong ke menyetla ea moea. Mona hape, ho na le tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho tsoa ho nalane e halalelang ea Tempele ea Kirtland.

Thapelo ea hlohonolofatso ea Joseph Smith ea Tempele ea Kirtland ke thuto mabapi le kamoo tempele e matlafatsang ´na le uena moeeng hore re tobane le liqholotso tsa bophelo matsatsing ana a ho qetela. Ke u khothaletsa ho ithuta thapelo ena ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane khaolo 109. Thapelo eo ea tlhohonolofatso, e ileng ea amoheloa ka ts´enolelo, e ruta hore tempele ke “ntlo ea thapelo, ntlo ea boitimo, ntlo ea tumelo, ntlo ea boithuto, ntlo ea khalalelo, ntlo ea tsamaiso, ntlo ea Molimo”.

Lethathamo lena la tlhaloso ka tempele ha le felle mona feela. Ke ts´episo ea se tlang ho etsahala ho ba sebeletsang le ho khumamela ka tlung ea Morena. Ba ka lebella ho fumana likarabo lithapelong tsa bona, ts´enolelo ea botho, tumelo e kholo, matla, mats´eliso, tsebo e eketsehileng, le matla a eketsehileng.

Nako eo u e qetang tempeleng e tla u thusa ho nahana celestiale le ho ba le pono ea seo u leng sona, seo u ka bang sona, le bophelo boo u ka bang le bona ka ho sa feleng. Ho khumamela khafetsa tempeleng ho tla ntlafatsa tsela eo u iponang ka eona le ka moo u leng karolo ea morero o babatsehang oa Molimo. Ke u ts´episa seo.

Hape re ts´episoa hore tempeleng re ka “amohela botlalo ba Moea o Halaleng.” Nahana ka seo ts´episo eo e se bolelang ha ho thoe maholimo a tla buloa bakeng sa e mong le e mong ea batlang nete e sa feleng.

Re laeloa hore bohle ba sebeletsang ka tempeleng ba tla ba le matla a Molimo ′me mangeloi a tla “ba le bona.” Ke ha joang ho ka eketsang boitsepo ba hau ho tseba hore joaloka monna kapa mosali ea nang le tlhohonolofatso ea tempele ea hlometseng ka matla a Molimo, ha ua lokela ho tobana le bophelo u le mong? Ho u fa sebete se sekae ho tseba hore kannete mangeloi a tla u thusa?

Qetellong, re ts´episoa hore ha ho “maquloana a bokhopo” a tlang ho ba teng ho ba khumamelang ka tlung ea Morena.

Setśoantśo
Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. April 6 - 7, 2024. Pictures were taken in Ecuador.

Ecuador

Ho utloisisa menyetla ea moea e teng tempeleng ho bohlokoa ho e mong le e mong oa rona kajeno.

Bana beso ba ratehang, ena ke ts´episo eaka. Ha ho letho le tla u thusa haholo ho ts´oarella ho lere la ts´epe ho feta ho khumamela ka tempeleng khafetsa ha maemo a u lumella. Ha ho letho le tla u sireletsa haholo ha u feta har´a lefifi la lefats´e. Ha ho letho le tla tlatsetsa bopaki ba hau ka Morena Jesu Kreste le Topollo ea Hae kapa le tla u thusa ho utloisisa morero oa Molimo o babatsehang haholo. Ha ho letho le tla thoba moea oa hau haholo nakong ea bohloko. Ha ho letho le tla bula maholimo haholo. Letho!

Tempele ke khoro e isang lihlohonolofatsong tse kholo tseo Molimo a re boloketseng tsona, hobane tempele ke sona feela sebaka lefats´eng moo re ka fumanang lihlohonolofatso tsohle tse ts´episitsoeng Abrahama. Ke ka hoo re etsang tsohle tse matleng a rona, ka tataiso ea Morena, ho etsa llihlohonolofatso tsa tempele li fumanehe ho litho tsa Kereke. Re motlotlo ho phatlalatsa merero ea rona ea ho aha tempele libakeng tsena tse latelang tse 15 :

  • Uturoa, French Polynesia

  • Chihuahua, Mexico

  • Florianópolis, Brazil

  • Rosario, Argentina

  • Edinburgh, Scotland

  • Brisbane, Australia south area

  • Victoria, British Columbia

  • Yuma, Arizona

  • Houston, Texas south area

  • Des Moines, Iowa

  • Cincinnati, Ohio

  • Honolulu, Hawaii

  • West Jordan, Utah

  • Lehi, Utah

  • Maracaibo, Venezuela

Bana beso ba ratehang, ke paka hore ena ke Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. O eme hloohong ea eona. Re barutuoa ba Hae.

Ha re nyakalleng ho tsosoloso ea linotlolo tsa boprista, e etsang hore ho be bonolo hore re natefeloe ke lihlohonolofatso tsohle tsa moea tseo re li ratang ´me re lokelang ho li fumana. Ke pakahatsa joalo ka lebitso la Jesu Kreste, amen.

Hatisa