Liahona
Re Bilelitsoe ho Etsa Botle
Phuptjane 2024


“Re Bilelitsoe ho Etsa Botle,” Liahona, Phuptjane 2024.

Molaetsa oa khoeli le khoeli oa Liahona Phuptjane 2024

Re Bilelitsoe ho Etsa Botle

Re aha ´muso oa Molimo ha re sebeletsa ba bang, re phahamisa lebone la rona, ′me re emela bolokolohi ba bolumeli.

Gideone o ile a tseba thuto ea tumelo ea bohata ha a e utloa. O ne a kile a e utloa ho Morena Noe le baprista ba hae—baprista “ba neng ba phahametse boikhohomosong ba lipelo tsa bona” le “ba neng ba ts′ehelitsoe botsoeng ba bona, le borapeling ba bona ba melimo ea lits′oants′o, le bofebeng ba bona, ka likhafa tseo morena Noe a neng a li behile holim´a batho ba hae” (Mosaia 11:5–6).

E mpe ka hofitisisa, Morena Noe o ne a bolaile moporofeta Abinadi´me a batla ho timetsa Alma le basokolohi ba hae (Bona Mosaia 17; 18:33–34). Ho felisa bokhopo bo joalo, Gideone a ikana ho thibela morena, eo a kileng a mo pholosa feela ka lebaka la tlhaselo ea Ba-Lamane.(Bona Mosaia 19:4–8).

Hamorao, Gideone ka nepo o ile a beha baprista ba Noe molato ka ho inkela barali ba 24 ba Ba-Lamane. O ile a hlokomela hore boporofeta ba Abinadi khahlanong le batho bo ne bo phethahetse hobane ba ne ba hanne ho baka. (Bona Mosaia 20:17–22.) O ile a thusa ho lopolla batho ba Limhi, ba neng ba le bokhobeng ho Ba-Lamane (Bona Mosaia 22:3–9).

Ha a se a le moholo, Gideone hang hape o ile a tobana le boikhohomoso le bokhopo ha a eme ka pel´a Nehore, ea neng a hlahisitse boprista ba bohata har´a batho. Nehore o ne a “nyenyefatsa kereke” ´me a leka ho khelosa batho. (Bona Alma 1:3, 7, 12; Bona hape 2 Nefi 26:29.)

ka ho sebelisa lentsoe la Molimo e le sebetsa sa hae, Gideone ea sebete o ile a eletsa Nehore bakeng sa bokhopo ba hae. Ka khalefo, Nehore o ile a hlasela ´me a bolaea Gideone ka sabole ea hae. (Bona Alma 1:7–9.) Kahoo a ile a fela matsatsi a “monna ea lokileng” ea neng a “entse tse molemo haholo har´a sechaba sena”(Alma 1:13).

Matsatsi a ho qetela ao re phelang ho oona a re fa menyetla e mengata ea ho etsisa Gideone joaloka “sesebelisoa ka matsohong a Molimo” (Alma 1:8) ka ho ba “mosebeletsi” (Mosaia 22:4) ho ba bang, ho emela ho loka, le ho mamella lits′oso tsa bolokolohi ba rona ba ho khumamela le ho sebeletsa Molimo. Ha re ntse re latela mohlala oa Gideone oa bots´epehi, le rona re ka etsa lintho tse ngata tse molemo.

Setśoantśo
mosali ea nang le terei ea lijo aa emeng pel´a mosali ea robetseng liphateng.

Kopanang Ts′ebeletsong

“Joaloka balateli ba [Mopholosi], re batla ho rata Molimo le baahisane ba rona lefats′eng ka bophara,” ho boletse Boetapele ba Pele. “Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, ena le cheseho ea ho hlohonolofatsa ba bang le ho thusa ba hlokang. Re hlohonolofalitsoe ka ho ba le bokhoni, lisebelisoa, le likhokahano tse ts′epahalang tsa lefats′e ho phethahatsa boikarabelo bona bo halalelang.”1

Ke leboha ka ts′ebeletso e senang boikhohomoso le bosebeletsi boo litho tsa Kereke li lbo fanang litempeleng le makaleng, makalaneng le literekengtse ikemetseng tsa habo bona. Ke boetse ke leboha hore ebe litho tsa Kereke li sebeletsa mekhatlong e mengata ea sechaba, ea thuto, le ea lithuso le hore ba kenya letsoho mererong ea liphallelo selemo le selemo, ba ithaopa ka lihora tse limilione-milione libakeng le linaheng tse ka bang 200.2

Tsela e ′ngoe eo Kereke e atolosang menyetla ea bosebeletsi linaheng tse ′maloa ke ka JustServe.org. E ts′ehelitsoe ke Kereke empa e fumaneha ho bohle ba ka batlang ho hlohonolofatsa ba bang, JustServe.org “E hokahanya litlhoko tsa baithaopi ba sechaba le baithaopi” ba “ntlafatsang boleng ba bophelo sechabeng.”3

Kereke le litho tsa eona e boetse e hokahane le mekhatlo e meng ea bosebeletsi lefats′eng ka bophara. Kereke, ka lebaka la litho tsa eona, e ne e le “eona e le ´ngoe mokhatlo o moholo ka ho fetisisa oa ho kenya letsoho lets′olong la Sefapano se Sefubelu la phano ea mali la 2022.” Ka holimo ho moo, Kereke e sa tsoa phallela ka limilione tse $8,7 ho Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu.4

Kereke e boetse e ikopanya le mekhatlo ho tlisa merero ea metsi a hloekileng le likhoerekhoere libaka ho pota lefats′e. Ka 2022, Kereke e kentse letsoho ho merero e joalo e 156.5 Re boetse re sebelisana ′moho le ho phallela mekhatlo e meng e thusang bana ba Molimo ba mahlomoleng.6

“Ha re kopanya matsoho a rona ho sebeletsa batho ba hlokang”, ho bolela Mookameli Henry B. Eyring, Moeletsi oa bobeli Boetapeleng ba Pele,.“Morena o kopanya lipelo tsa rona.”7

Setśoantśo
matsoho a koetsoeng ka khanya ea letsatsi

Phahamisa Lebone la Hao

Joaloka barutuoa ba Mopholosi, re boetse re hlohonolofatsa bahaisane ba rona ha re boloka lilekane tsa rona le ho phela bophelo bo kang ba Kreste. Buka ea Mormon e ruta hore “batho ba kereke” ba se ke ba khetha ho loka feela empa hape ba etse hore mantsoe a bona a lokileng a utluoe haeba ba lakatsa hore Morena a ba sireletse le ho ba atlehisa.(Bona Alma 2:3–7; see also Mosaia 29:27). Morena o lebelletse hore re arolelane tumelo le litumelo tsa rona le ho phahamisa mabone a rona. “Bonang, ke leseli leo le tla le phahamisa” (3 Nefi 18:24).

“Ha re sebeletse Mopholosi oa rona hantle haeba re ts′aba batho ho feta Molimo,” ho boletse Mookameli Dallin H. Oaks, Moeletsi oa Pele Boetapeleng ba Pele. O boetse a re: “Re bilelitsoe ho theha litekanyetso tsa Morena, eseng ho latela tsa lefats′e.”8

Ebang ke sekolong, mosebetsing, kapa ha ba bapala, ha ba le phomolong, ha ba ea ho kopana le batho , kapa marang-rang, barutuoa ba Morena “ha ba hlajoe ke lihlong ho jara lebitso la Kreste” (Alma 46:21). Ka mantsoe a rona le mesebetsi ea rona, re paka hore Molimo oa phela le hore re latela Mora oa Hae.

“Tumelo ea rona ha e ea aroloa, ′me ha ea lokela ho ba joalo. Tumelo ha se ea kereke fela, ha se ea lepeng fela, ha se ea [sekolo] fela,” Ho ile hoa hlokomela Paul Lambert, setsebi sa Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ka ho fapana ha bolumeli. “Ke ho tsohle tse u li etsang.”9

Ha re tsebe ka moo bopaki ba rona, mohlala oa rona o motle le liketso tse molemo li ka amang ba bang. Empa ha re emela ho loka le ho phahamisa leseli la Mopholosi, batho ba tla re hlokomela ′me leholimo le tla re ts´ehetsa.

Setśoantśo
mosali kantle ho temple

Emela Bolokolohi ba Bolumeli

Boruti ba bohata ba kajeno, bo nang le mekhatlo e ntseng e eketseha ea lefats′e e hanyetsang batho ba tumelo, ha e fapane hakaalo le ea linakong tsa Buka ea Mormone. Lentsoe la ba hanyetsang karolo ea bohlokoa ea bolumeli mabaleng a sechaba le a lipolotiki le ntse le eketseha. Bats′ehetsi ba lefats′e le mebuso, ho kenyelletsa le likolo le li univesithi tse ngata, ba susumetsa boits´oaro le ho sokolla batho ba boits′oaro bo bobe, ba ho se lumele hore Molimo o teng, le ho se lumellane ha boits′oaro.

Litlhaselo tsa bolokolohi ba bolumeli li tla atleha haeba re sa emele litokelo tsa rona tsa bolumeli. “Re le Kereke,” Ke sa tsoa ruta haufinyane, “re ikopanya le balumeli ba bang ba sireletsang batho ba litumelo tsohle le lits′usumetso le tokelo ea bona ea ho bua seo ba se lumelang.”10

Ho ile ha ba le ntoa e loanoang leholimong mabapi le matla a ho iketsetsa liqeto—bolokolohi ba rona ba ho ikhethela. Ho boloka boikhethelo ba rona ho hloka hore re be mafolo-folo ho sireletseng bolokolohi ba rona ea bolumeli.

Tumelo e matla ea bolumeli e matlafatsa le ho sireletsa malapa, sechaba le lichaba. E khothalletsa ho mamela molao, e toboketsa tlhompho bakeng sa bophelo le thepa, ′me e ruta lerato, bots′epehi le boits′oaro—makhabane a hlokahalang bakeng sa ho nts′etsa pele sechaba se lokileng, se lokolohileng, le se hlomphehang. Le ka mohla ha rea lokela ho kopa ts′oarelo bakeng sa tumelo ea rona.

Boiteko ba rona ba boromuoa ba boruti lichabeng, mesebetsi ea rona litempeleng, boiteko ba rona ba ho aha ′muso oa Molimo, le thabo ea rona haholo li hloka hore re emele tumelo le bolokolohi ba bolumeli. Re ke ke ra lahleheloa ke bolokolohi boo, ntle le ho lahleheloa ke bolokolohi bo bong.

Moporofeta Joseph Smith o rutile, “Ke lerato la tokoloho le susumetsang moea oa ka—tokoloho ea sechaba le ea bolumeli ho moloko oohle oa batho.”11 Tokoloho ea bolumeli le eona e tla khothatsa meea ea rona ha re latela likeletso tse tsoang ho baetapele ba Kereke:

  • “Lula u le leseling ka litaba tsa bohlokoa sechabeng, ′me u bue ka sebete le botho.”12

  • “Lemoha hore khoholeho ea bolokolohi ba bolumeli e tla ama haholo menyetla ea rona ea ho hola ka matla le tsebong ea evangeli, ho hlohonolofatsoa ka lits´ebeletso tse halalelang, le ho its′etleha ka Morena ho tsamaisa Kereke ea Hae.”13

  • “Ema ′me u bue ho tiisa hore Molimo o teng le hore ho na le linnete tse felletseng tseo melao ea hae e li thehang.”14

  • “Phephetsa melao e ka senyang bolokolohi ba rona ba ho sebelisa litumelo tsa rona.”15

  • “E-ea lefats′eng ho ea etsa se molemo, ho haha tumelo ho Molimo ea Matla ′Ohle, le ho thusa ho tlisa ba bang sebakeng se thabileng.”16

  • Lisebelisoa tsa ho ithuta ho religiousfreedom.ChurchofJesusChrist.org le ho religiousfreedomlibrary.org/documents.

Re aha ′muso oa Molimo ha re ntse re sebeletsa, re phahamisa leseli la rona, le ho emela bolokolohi ba bolumeli. A Morena a re hlohonolofatse boitekong ba rona ba ho etsa “molemo o mongata” har´a malapa a rona, lichaba le linaha.

Lintlha

  1. “Molaetsa ho tsoa ho Boetapele ba Pele” ho Caring for Those in Need: 2022 Annual Report of The Church of Jesus Christ of Latter-day Saints, 3, ChurchofJesusChrist.org.

  2. Bona Caring for Those in Need: 2022 Annual Report, 4, ChurchofJesusChrist.org.

  3. Justserve.org/about. JustServe e sebetsa linaheng tse 17. Batho ba likete-kete le mekhatlo ba hlohonolofatsoa ka morero ona.

  4. Bona Kaitlyn Bancroft, “Church Donates $8.7 M as Part of Red Cross Collaboration,” Church News, ′Mesa. 22, 2023, 23.

  5. Bona Mary Richards, “Church Joins with Groups around the World to Tap into the Gift of Water,” Church News, Motseanong 27, 2023, 12.

  6. Bona Dallin H. Oaks, “Helping the Poor and Distressed,” Liahona, Pulungoana 2022, 6–8.

  7. Henry B. Eyring, “Opportunities to Do Good,” Liahona, Mots’eanong 2011, 25.

  8. Dallin H. Oaks, “Unselfish Service,” Liahona, Mots’eanong 2009, 94–95.

  9. Paul Lambert, in Rachel Sterzer Gibson, “Why Is There a Need for Faith in the Workplace?” Church News, ′Mesa. 22, 2023, 16.

  10. Ronald A. Rasband, “To Heal the World,” Liahona, Mots’eanong 2022, 92.

  11. Teachings of Presidents of the Church: Joseph Smith (2011), 345.

  12. D. Todd Christofferson, “Religious Freedom—A Cherished Heritage to Defend” (address at Freedom Festival Patriotic Service, Provo, Utah, June 26, 2016), 5–6, speeches.byu.edu.

  13. Ronald A. Rasband, “Free to Choose” (Brigham Young University devotional, Jan. 21, 2020), 3, speeches.byu.edu.

  14. Dallin H. Oaks, “Truth and Tolerance” (Brigham Young University devotional, Sept. 11, 2011), 2, speeches.byu.edu.

  15. Dallin H. Oaks, “Truth and Tolerance,” 4.

  16. Ronald A. Rasband, “Free to Choose,” 5, speeches.byu.edu.

Hatisa