Mangolo a halalelang
Mekhoa ea Ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang


“Mekhoa ea Ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang,” Mekhoa ea Boithuto ba Mangolo a Halalelang (2021)

“Mekhoa ea Ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang,” Mekhoa ea Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Setśoantśo
mosali ea ithutang mangolo a halalelang

Mekhoa ea Ho Ntlafatsa Boithuto ba Hau ba Mangolo a Halalelang

Mona ke llitsela tse ling tse bobebe tsa ho ntlafatsa boithuto ba hao ba lentsoe la Molimo ka har´a mangolo a halalelang.

Rapella Pululelo.

Mangolo a halalelang a tśetse lentsoe la Molimo. Ha u ithuta ona, kopa Ntate oa hao ea Maholimong ho u tataisa ´me u amohele Moea o Halalelang ho u thusa ho a utloisisa.

Sheba Linnete ka Jesu Kreste

Mangolo a halalelang a re ruta hore lintho tsohle li paka ka Kreste (bona 2 Nefi 11:4; Moses 6:63), ka hona mo shebeng ka liketsong, lipaleng, le lithutong tsa mangolo a halalelang. Nahana ka ho hlokomela kapa ho tśoaea litemana tse rutang ka Mopholosi le ka tsela eo u ka molatelang ka eona.

Sheba Mantsoe le Lipoleloana tse Hlasimollang

U ka fumana hore mantsoe le lipoleloana tse ling kahara mangolo a halalelang lia u thabisa joalokaha eka li ne li ngolloa uena ka kotloloho. Li ka utloahala ka kotloloho li u tobile hape li u hlasimolla e bile li u khothatsa. Nahana ka ho li tśoaea kahar´a mangolo a hau kapa u ngole ka tsona kahar´a buka ea boithuto.

Sheba Linnete tsa Evangeli

Ka nako e ´ngoe linnete tsa evangeli (ha ngata li bitsoa lithuto tsa tumelo kapa melaoana) li boleloa ka kotloloho hape ka nako e ´ngoe ka mokhoa oa mohlala kapa moqoqo. Ipotse, “ke linnete life tsa evangeli tse rutoang litemaneng tsee?”

Mamela Moea o Halalelang

Ela hloko ho maikutlo le boinahano ba hau, leha li ka utloahala li sa amane le seo u se balang. Ona maikutlo ao, e kaba tsona lintho tseo Ntat′ao ea Maholimong a batlang u li utloe ′me u ithute.

Setśoantśo
Mosali ea ithutang mangolo a halalelang 2

Bapisa Mangolo a Halalelang le Bophelo ba Hau

Nahana ka moo lipale le lithuto tse u li balang li ka sebetsang bophelong ba hau. Mohlala, u ka ipotsa, “ke liketsahalo life tse kileng tsa nketsahalla tse tśoanang le seo ke se balang?” kapa “Nka latela mohlala oa motho eo ea mangolong a halalelang joang?”

Sebelisa Lipotso

Ho ipotsa lipotso ka evangeli ho ka u thusa ho etsa qeto ka seo u ka se balang. Ha u bala mangolo a halalelang, lipotso le tsona li ka tla kelellong. Lipotso tsena li ka amana le seo u se balang kapa bophelo ba hau ka kakaretso. Nahanisisa ka lipotso tsena, ´me u shebe likarabo ha u ntse u bala mangolo a halalelang. Kamor´a boithuto ba hau, botsa ka ho hong hoo Molimo o neng o batla hore u ithute hona, ´me u lebelle likarabo lihoreng le matsatsing a tlang.

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Ho fumana kutloisiso e eketsehileng litemaneng tseo u li balileng, sebelisa lintlha tse qetellong ea leqephe, Topical Guide, Bible Dictionary, the Guide to the Scriptures (scriptures.ChurchofJesusChrist.org), le lingoloa tse ling tse ka thusang.

Nahana ka Moelelo oa Mangolo a Halalelang

U ka fumana kutloisiso e phethahetseng ka lengolo ha u nahana ka moelelo—liketsahalo kapa ´moko-taba oa lengolo. Mohlala, ho tseba semelo le litumelo tsa batho beo moporofeta a neng a bua ka bona ho ka u thusa ho utloisisa maikemisetso a molaetsa oa hae.

Setśoantśo
monna o bala mangolo a halalelang

Ngola Maikutlo le Menahano ea Hau

Litsela li ngata tseo u ka ngolang maikutlo a tlang ha u ntse u bala. Mohlala, u ka tśoaea lentsoe kapa poleloana e fanang ka moelelo, e be u ngola maikutlo e le sehopotso ka hara mangolo a halalelang. Kapa u ka boloka buka ho ngola seo u hlakelang, maikutlo, le mehopolo eo u e fumanang. Kapa u ka ngola potso eo u e botsitseng pele u qala boithuto ba hau, e lateloa ke likarabo tseo u tataiselitsoeng ho tsona.

Ithute Mantsoe a Baporofeta le Ba-Apostola ba Mehla ea Kajeno

Bala seo baporofeta le ba-apostola ba mehla ea kajeno ba se rutileng ka melaoana eo u e fumanang mangolong a halalelang. Melaetsa ea bona e ka fumaneha “Seboka se Akaretsang,” “Limakasine,” le tse ling tse kahara pokello ea Libuka tsa Evangeli.

Bala Lipale

Bala lipale tse kahare ho mangolo a halalelang, u batle kutloisiso ea moelelo (nako, sebaka, sebui, le bamameli). Lipale tse hlalositsoeng mangolong ke tsona mohloli, haholo bakeng sa bana le litho tse sa tloaelang mangolo a halalelang.

Arolelana Kutloisiso

Ho bua ka kutloisiso ea boithuto ke tsela e ntle ea ho ruta babang, ´me e thusa ho matlafatsa kutloisiso ea seo u se balileng.

Phela ka Seo u Ithutang Sona

Boithuto ba mangolo a halalelang bo ka re hlasimolla, ´me ba re isa moo re tla fetola tsela eo re phelang ka eona. Mamela seo Moea o u bolellang hore u se etse ha u ntse u bala, ´me u itlame ho latela litśusumetso tseo.

Hatisa