Mangolo a halalelang
1 Nefi 17


Khaolo ea 17

Nefi o laeloa ho aha sekepe—Bana babo ba hanana le eena ba—O eletsa ka ho ba bolella nalane ea ts’ebetso ea Molimo le Iseraele—Nefi o tlaloa ke matla a Molimo—Bana babo ba haneloa ho mo thetsa, esere ba omella joalo ka lehlaka le ommeng. Ka bo 592–591 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore re boele re nke leeto la rona lefelleng; ’me re ile ra tsamaea re lebile ’nga ea bochabela ho tloha ka nako eo. ’Me re ile ra tsamaea le ho qaputsa har’a mahlomola lefelleng; ’me basali ba rona ba ile ba beleha bana lefelleng.

2 ’Me li ne li le kholo hoo litlhohonolofatso tsa Morena holim’a rona, hoo le ha re ne re phela ka ho ja nama e tala lefelleng, basali ba rona ba neng ba sisa ho fepa bana ba bona, ’me ba ne ba le matla, ee, esita joalo ka banna; ’me ba ile ba qala ho mamella maeto a bona ntle le litletlebo.

3 ’Me joale rea bona hore litaelo tsa Molimo li tlameha ho phetsahatsoa. ’Me haeba bana ba batho ba boloka litaelo tsa Molimo oa ba fepa, le ho ba matlafatsa, ’me o fana ka mekhoa eo ba ka phethahatsang ntho eo a ba laetseng eona; ka baka leo, o ile a re fa mekhoa eo ha re ntse re jakile lefelleng.

4 ’Me re ile ra jaka nako ea lilemo tse ngata, ee, esita lilemo tse robeli lefelleng.

5 ’Me re ile ra fihla lefats’eng leo re ileng ra le bitsa Nala, ka lebaka la litholoana tsa lona tse ngata hape le mahe a linots’i; ’me ntho tsena tsohle li ne li lokisitsoe ke Morena hore re se ke ra timela. ’Me re ile ra bona leoatle, leo re ileng ra le bitsa Ireantume, leo, ha le tolokoa, e leng metsi a mangata.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore re hlome litente tsa rona pel’a lebopo la leoatle; ’me le ha ho le joalo re ne re hlokofalitsoe ke mahlomola a mangata le mathata a mangata, ee, esita a mangata hoo re ke keng ra a ngola kaofela, re ile ra nyakalla haholo ha re fihla lebopong la leoatle; ’me ra reha sebaka seo Nala, ka lebaka la litholoana tsa teng tse ngata.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ha ke se ke bile lefats’eng la Nala sebaka sa matsatsi a mangata, lentsoe la Morena le tle ho ’na, le re: Tsoha, ’me o ee ka holima thaba. ’Me ho ile ha etsahala hore ke tsohe ’me ke ee ka holima thaba, eaba ke llela ho Morena.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a bue le ’na, a re: U tla aha sekepe, ho latela mokhoa oo ke tla u bonts’a oona, hore ke tle ke ts’elise batho ba heno metsi ana.

9 ’Me ke ile ka re: Morena, ke ee kae hore ke tle ke fumane ts’epe ke e qhibilihise, hore ke tle ke etse lisebelisoa ho aha sekepe ho latela mokhoa oo o mponts’itseng oona?

10 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a mpolelle moo ke ts’oanetseng ho ea teng ho ea fumana ts’epe, hore ke tle ke etse lisebelisoa.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke etse sebutsoelo seo ke tlang ho butsoela mollo, ka matlalo a liphoofolo; ’me kamor’a hore ke etse sebutsoelo, hore ke tle ke be le seo ke tla butsoela mollo, ke ile ka otlanya majoe a mabeli ’moho hore ke etse mollo.

12 Hobane ho fihlela ha joale Morena o ne a so re lumelle ho besa mollo, ha ntse re tsamaea lefelleng; hobane o ile a re: ke tla etsa lijo tsa lona li be monate, hore le se ke la li pheha;

13 ’Me ke tla ba khanya ea lona lefelleng; ’me ke tla le lokisetsa tsela ka pel’a lona, haeba le tla boloka litaelo tsa ka; ka baka leo, haeba le tla boloka litaelo tsa ka le tla lebisoa lefats’eng la pallo; ’me le tla tseba hore ke ka ’na le etelloang pele.

14 Ee, ’me Morena o ile a boela a bua hape hore: Kamor’a hore le fihle lefats’eng la pallo, le tla tseba hore ’na, Morena, ke Molimo; le hore ’na, Morena, ke ile ka le lokolla timelong; ee, hore ke ile ka le nts’a lefats’eng la Jerusalema.

15 Ka baka leo, ’na, Nefi, ke ile ka pheella ho boloka litaelo tsa Morena, ’me ke ile ka eletsa bana b’eso ho ba le bots’epehi le mafolofolo.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ke etse lisebelisoa ka ts’epe eo ke ileng ka e qhibilihisa ho tsoa lefikeng.

17 ’Me ha bana b’eso ba bona hore ke qala ho aha sekepe, ba ile ba qala ho tletleba khahlanong le ’na, ba re: Ngoana bo rona ke sethoto, hobane o nahana hore a ka aha sekepe; ee, ’me hape o nahana hore a ka ts’ela metsi ana a maholohali.

18 ’Me ke joana bana b’eso ba ileng ba koma-koma khahlanong le ’na, ’me ba ne ba lakatsa hore ba se ke ba sebetsa, hobane ba ne ba sa lumele hore nka aha sekepe; le ha ele ho lumela hore ke ne ke laetsoe ke Morena.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke hlomohe ka ho fetisisa ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona; ’me joale ha ba bona hore ke qala ho hlomoha ba ile ba thaba ka lipelong tsa bona, hoo ba ileng ba inyakalatsa ka ’na, ba re: Re ne re tseba hore o ke ke oa khona ho aha sekepe, hobane re ne re tseba hore o fokolloa ke kahlolo; ka baka leo, o ke ke oa phetha mosebetsi o moholo ha kaalo.

20 ’Me o ts’oana le ntate, a ileng a lebisoa hole ke menahano e booatla ea pelo ea hae; ee, eena ea re eteletseng pele ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ’me re se re lelerile lefelleng lilemo tsena tse ngata; ’me basali ba rona ba sebelitse ha boima, ba le baholo ke boimana; ’me ba belehile bana lefelleng ’me ba utloile bohloko nthong tsohle, ntle le lefu; ’me ho ka be ho bile molemo hore ba shoe pele ba tsoa Jerusalema ho ena le ho utloisoa bohloko ke mahlomola ana.

21 Bonang, lilemo tsena tse ngata tseo re utloileng bohloko lefelleng, ke nakong eo re ka beng re inyakalalitse ka thepa tsa rona le lefats’e la rona la bojalefa; ee, ’me re ka be re thabile.

22 ’Me rea tseba hore batho ba neng ba le lefats’eng la Jerusalema e ne e le batho ba lokileng; hobane ba ne ba bolokile melao le likahlolo tsa Morena, le litaelo tsohle tsa hae, ho latela molao oa Moshe; ka baka leo, rea tseba hore ke batho ba lokileng; ’me ntat’a rona o ba ahlotse, ’me a re lebisa hole hobane re ne re ile ra mamela mantsoe a hae; ee, ’me le ngoana bo rona o tso’ana le eena. ’Me ke ka kamora mokhoa ona oa ho bua bana b’eso ba ileng ba tletleba le ho koma-koma khahlanong le rona.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bue le bona, ke re: Le lumela hore bo ntat’a rona, bao e neng e le bana ba Israele, ba ne ba ka nts’oa liatleng tsa Ba-Egepeta haeba ba ne ba sa ka ba mamela mantsoe a Morena?

24 Ee, le lenyaka hore ba ne ba ka be ba nts’itsoe litlamong, haeba Morena a ne a sa laela Moshe hore a ilo ba nts’a litlamong?

25 Joale lea tseba hore bana ba Israele ba ne ba le litlamong; ’me lea tseba hore ba ne ba imelitsoe ka mesebetsi, eo e neng e utloisa bohloko ho e jara; ka baka leo, lea tseba hore e ne e le ntho e ntle e hlokahalang bakeng sa bona, hore ba ilo nts’oa litlamong.

26 Joale lea tseba hore Moshe o ne a laetsoe ke Morena ho etsa mosebetsi oo o moholo; ’me lea tseba hore ka lentsoe la hae metsi a Leoatle le Lefubelu a ile a aroha a leba koano le koana, ’me ba ile ba feta hara oona mobung o ommeng.

27 Empa lea tseba hore Ba-Egepeta bao e neng e le mabotho a Faro, ba ile ba noela ka Leoatleng le Lefubelu.

28 ’Me le boetse lea tseba hore ba fepiloe ka manna lefelleng.

29 Ee, ’me le boetse lea tseba hore Moshe, ka lentsoe la hae ho latela matla a Molimo a neng a le ka ho eena, o ile a otla lefika, ’me ho ile ha tsoa metsi, hore bana ba Israele ba ka felisa lenyora la bona.

30 ’Me le ha e le hore ba ne ba eteletsoe pele, Morena Molimo oa bona, Molopolli oa bona, a tsamaea ka pele ho bona, a ba eteletse pele mots’eare ’me a ba fa khanya bosiu, ’me a etsa tsohle bakeng sa bona tse neng li le bohlokoa ho motho ho li fumana, ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona le ho foufatsa likelello tsa bona, ’me ba ile ba nyefola khahlanong le Moshe le khahlanong le Molimo oa ’nete o phelang.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ea ka lentsoe la hae o ile a ba timetsa; ’me ho ea ka lentsoe la hae o ile a ba etella pele; ’me ho ea ka lentsoe la hae o ile a ba etsetsa lintho tsohle; ’me ho ne ho se letho le entsoeng ntle le ka lentsoe la hae.

32 ’Me kamora hore ba ts’ele noka ea Jordane o ile a ba matlafatsa ho leleka bana ba lefats’e leo, ee, ho ba qhalakanyetsa timelong.

33 ’Me joale, le hakanya hore bana ba lefats’e lee, ba neng ba le lefats’eng la pallo, ba neng ba khannetsoe kantle ke bo ntat’a rona, le hakanya hore ba ne ba lokile? Bonang, ke re ho lona, Che.

34 Le hakanya hore bo ntat’a rona e ka be e le bona ba khethiloeng ho feta bao haeba ba ne ba lokile? Ke re ho lona, Che.

35 Bonang, Morena o hlompha nama eohle e le bonngoe; eo ea lokileng o ratoa ke Molimo. Empa bonang, batho bana ba ne ba hanne lentsoe le leng le le leng la Molimo, ’me ba ne ba butsoitse bokhopong; ’me khalefo e feletseng ea Molimo e ne e le holim’a bona; ’me Morena o ile a rohaka lefats’e leo khahlanong le bona, eaba o le hlohonolofaletsa bo ntat’a rona; ee, o ile a le rohaka khahlanong le bona ho isa timelong ea bona, ’me o ile a le hlohonolofaletsa bo ntat’a rona ho fumaneng matla holima lona.

36 Bonang, Morena o ile a bopa lefats’e hore ho tle ho luloe ho lona; ’me o bopile bana ba hae hore ba tle ba le rue.

37 ’Me o holisa sechaba se lokileng, ’me o timetsa sechaba sa ba khopo.

38 ’Me o lebisa ba lokileng ho mafats’e a bohlokoa, ’me o timetsa ba khopo, ’me o rohaka lefats’e leo bakeng la bona.

39 O busa holimo maholimong, hobane ke terone ea hae, ’me lefats’e lena ke bonamelo ba maoto a hae.

40 ’Me o rata bao ba tla mo amohela ho ba Molimo oa bona. Bonang, o ne a rata bo ntat’a rona, ’me o ile a etsa selekane le bona, ee, esita le Abrahama, Isaka le Jakobo; ’me o ile a hopola lilekane tseo a neng a li entse; ka baka leo, o ile a ba nts’a lefats’eng la Egepeta.

41 ’Me o ile a ba otlolla lefelleng ka thupa ea hae; hobane ba ne ba thatafalitse lipelo tsa bona, esita ka ha le entse; ’me Morena o ile a ba otlolla ka lebaka la bokhopo ba bona. O ile a romela linoha tse bohale tse fofang har’a bona; ’me kamor’a ho longoa ha bona o ile a lokisa tsela ea hore ba ka folisoa; ’me mosebetsi oo ba neng ba hloka ho o etsa e ne e le oa ho sheba; ’me ka lebaka la bonolo ba tsela eo, kapa bobebe ba eona, ho ile ha ba le ba bangata ba ileng ba timela.

42 ’Me ba ne ba thatafatsa lipelo tsa bona nako le nako, ’me ba ne ba nyefola khahlanong le Moshe, ’me hape le khahlanong le Molimo; le ha ho le joalo, ba ne ba tseba hore ba eteletsoe pele ke matla a Hae a sa lekanngoeng ho ea lefats’eng la pallo.

43 ’Me joale, kamora lintho tsena tsohle, nako e fihlile hore ba se ba le khopo, ee, haufinyane le ho butsoa; ’me ha ke tsebe empa ke ka letsatsi lena ba ka ’nang ba timetsoa; hobane kea tseba hore letsatsi lea tla leo ba tlang ho timetsoa, ntle le ba seng ba kae fela, bao ba tlang ho isoa litlamong.

44 Ka baka leo, Morena o ile a laela ntate hore a tsamaee a lebe lefelleng; le Ba-Juda ba ne ba boetse ba batla ho nka bophelo ba hae; ee, ’me le lona le boetse le batla ho nka bophelo ba hae; ka baka leo, le babolai ka lipelong tsa lona ’me le ts’oana le bona.

45 Le phakisa ho etsa bokhopo empa le lieha ho hopola Morena Molimo oa lona. Le bone lengeloi, ’me le ile la bua le lona; ee, le utloile lentsoe la hae nako le nako; ’me o buile ho lona ka lentsoe le khutsitseng le lesesane, empa lona le timeletsoe ke kutlo, hore le se ke la utloa mantsoe a hae; ka baka leo, o se a buile ho lona ka lentsoe le ts’oanang le letolo, le ileng la baka ho reketla ha lefats’e joalo ka ha eka le tlo aroha ka lehare.

46 ’Me le boetse lea tseba hore ka matla a lentsoe la hae le matla ohle a ka etsa lefats’e hore le tle le timele; ee, ’me lea tseba hore ka lentsoe la hae a ka etsa libaka tse makukuno li batalle, ’me tse bataletseng li tle li pshatlehe. Oho, joale he, ke ka lebaka la’ng, hore le ka thatafala ha kana lipelong tsa lona?

47 Bonang, moea oa ka o tabotsoe ke masisa-pelo ka lebaka la lona, ’me pelo ea ka e bohloko; ke ts’aba hore le tla lahloa ka ho sa feleng. Bonang, ke tletsoe ke Moea oa Molimo, hoo ’mele oa ka o se nang matla.

48 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha ke se ke buile mantsoe ana ba nkhalefela, ’me ba ne ba lakatsa ho nkakhela botebong ba leoatle; ’Me ha ba etla ho tla nts’oara ka liatla ke ile ka bua ho bona, ka re: Ka lebitso la Molimo ea Matla ’Ohle, ke le laela hore le se nthetse, ka ha ke tletse ka matla a Molimo, esita le ho timeletsa ruri ha nama ea ka; ’me mang kapa mang ea tla nts’oara ka liatla o tla omella joalo ka lehlaka le omeletseng; ’me e ke ke ea eba letho ka pel’a matla a Molimo, ka ha Molimo o tla mo otla.

49 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke re ho bona ba se hlole ba tletleba khahlanong le ntat’a bona; le ha e le ho nkhanela ka ts’ebetso ea bona, ka ha Molimo a ne a ntaetse hore ke tle ke ahe sekepe.

50 ’Me ke ile ka re ho bona: Haeba Molimo a ne a ntaetse ho etsa ntho tsohle ke ne ke tla li etsa. Haeba a ne a ntaetse hore ke re ho metsi ana, eba lefats’e, e ne e tla ba lefats’e; ’me haeba ke ne nka cho, ho ne ho tla etsahala.

51 ’Me joale, haeba Morena a na le matla a maholo ka kaale, ’me a se a entse mehlolo e mengata ha kaale har’a bana ba batho, e ka ba joang hore a se ke a nthuta, hore ke tle ke ahe sekepe?

52 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bue lintho tse ngata ho bana b’eso, hoo ba ileng ba ferekana ’me ba hloleha ho tseka khahlanong le ’na; le ha e le ho nts’oara ka liatla kapa ho nthetsa ka menoana ea bona, esita le sebaka sa matsatsi a mangata. Joale ba ile ba ts’aba ho etsa seo esere ba omella ka pela ka, ka moo Moea oa Molimo o neng o le matla; ’me ke joana o ileng oa iponahatsa ho bona.

53 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a re ho ’na: otlollela letsoho la hao hape ho baholoane ba hao, ’me ba ke ke ba omella ka pel’a hao, empa ke tla ba ts’osa, ho bolela Morena, ’me sena ke tla se etsa, hore ba tle ba tsebe hore ke ’na Morena Molimo oa bona.

54 ’Me ho ile ha etsahala hore ke otlollele letsoho la ka ho bana b’eso, ’me ba ile ba se ke ba omella ka pela ka; empa Morena o ile a ba sisinya, esita le ho latela lentsoe leo a ileng a le bua.

55 ’Me joale, ba ile ba re: Re tseba ka tieo hore Morena o na le uena, ka ha rea tseba hore ke matla a Morena a re sisintseng. ’Me ba ile ba oela fats’e ka pela ka, ’me ba ne ba le lekhatheng la ho nkhumamela, empa ka se ke ka ba lumella, ka re: Ke ngoan’a bo lona, ee, esita le moen’a lona; ka baka leo, khumamelang Morena Molimo oa lona, ’me le hlomphe ntat’a lona le ’m’a lona, hore matsatsi a lona a tle a lelefale lefats’eng leo Morena Molimo oa lona a tlang ho le fa lona.

Hatisa