Mangolo a halalelang
1 Nefi 5


Khaolo ea 5

Saria o tletleba khahlanong le Lehi—Bobeli ba thabela ho khutla ha bara ba bona—Ba etsa lihlabelo—Matlapa a ts’epe e khubelu a ts’etse lingoliloeng tsa Moshe le tsa baporofeta—Matlapa ao a hlalosa hore Lehi ke oa leloko la Josefa—Lehi o porofeta ka peo ea hae le ka polokeho ea matlapa. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora’ ho theohela lefelleng ho ntate, bonang, o ne a tletsoe ke monyaka, hape le ’m’e, Saria, o ne a nyakaletse haholo, hobane kannete a ile a lla ka lebaka la rona.

2 Hobane o ne a nahana hore re shoeletse lefelleng; ’me hape a ile a tletleba khahlano le ntate, a ’molella hore ke monna oa lipono; a re: Bona o re nts’itse lefats’eng la rona la bojalefa, ’me bara ba ka ha ba sa le eo, ’me re shoella lefelleng.

3 ’Me ke ka mokhoa ona oo ’m’e a neng a bua ka oona ha a tletleba khahlanong le ntate.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ntate a bue le eena, a re: Kea tseba hore ke monna oa lipono; hobane ha ke ne ke sa bona lintho tsa Molimo ponong nka be ke sa ka ka tseba ho molemo oa Molimo, empa nka be ke lutse Jerusalema, ea ba ke timela le bana b’eso.

5 Empa bona, ke fihletse lefats’e la pallo, e leng lintho tseo ke nyakallang ka tsona; ee, ’me kea tseba hore Morena o tla lokolla bara ba ka liatleng tsa Labane, ’me a ba tlise ho rona mona lefelleng.

6 ’Me ke ka mokhoa ona oo ntate, Lehi, a ileng a bua ka oona, a khothatsa ’m’e, Saria, ka rona, ha re ne re nkile leeto lefelleng ho ea lefats’eng la Jerusalema, ho ea lata lingoliloeng tsa Ba-Juda.

7 ’Me ha re se re khutletse tenteng ea ntate, bonang nyakallo ea bona e ne e tletse, ’me ’m’e o ne a ts’elisehile.

8 ’Me o ile a bua, a re: Joale ke tseba e le kannete hore Morena o laetse monna oa ka ho balehela lefelleng; ee, ’me hape ke tseba e le kannete hore Morena o ile a sireletsa bara ba ka, ’me a ba lokolla liatleng tsa Labane, ’me a ba neha matla ao ka oona ba ileng ba phetha ntho eo Morena a neng a ba laetse eona. Ke ka mokhoa ona oa puo a ileng a bua.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba nyakalle haholo, ’me ba etsetsa Morena sehlabelo le licheso; ’me ba lebisa liteboho ho Molimo oa Iseraele.

10 ’Me kamora’ ho leboha Molimo oa Iseraele, ntate, Lehi, o ile a nka lingoliloeng tse neng li ngotsoe holim’a matlapa a ts’epe e khubelu, ’me o ile a li lekola ho tloha qalong.

11 ’Me o ile a bona hore li ne li ts’etse libuka tse hlano tsa Moshe, tse neng li bua ka ts’imoloho ea lefats’e, le hape ka Adama le Eva, bao e neng e le batsoali ba rona ba pele;

12 Le hape lingoliloeng tsa Ba-Juda ho tloha qalong, esita le ho fihlela qaleho ea puso ea Zedekia, morena oa Juda;

13 Le hape boporofeta ba baporofeta ba halalelang, ho tloha qalong, ho fihlela qaleho ea puso ea Zedekia; le hape boporofeta bo bongata bo builoeng ka molomo oa Jeremia.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ntate, Lehi, a boele a fumane tatellano ea leloko la bo ntat’ae matlapeng a ts’epe e khubelu, ka baka leo o ile a tseba hore ke oa leloko la Josefa; ee, esita Josefa eane eo e neng e le mora oa Jakobo, ea ileng a rekisoa Egepeta, ’me ea ileng a bolokoa ka letsoho la Morena, hore a tle a boloke ntat’ae, Jakobo, le bohle ba lelapa la hae ba se timele ke tlala.

15 ’Me ba ile ba nts’oa litlamong le ho nts’oa lefats’eng la Egepeta, ke eena Molimo eo a ileng a ba boloka.

16 ’Me ke ka hoo ntate, Lehi, a ileng a fumana tatellano ea leloko la bo ntat’ae. Hape le Labane e ne e le oa leloko la Josefa, ka baka leo eena le bo ntat’ae ba ile ba boloka lingoliloeng tseo.

17 ’Me joale ha ntate a bona lintho tsena tsohle, o ile a hloloa ke Moea, eaba o qala ho porofeta ka peo ea hae—

18 Hore matlapa ana a ts’epe e khubelu a tla ea le lichaba tsohle, meloko, maleme le batho bao e neng e le ba peo ea hae.

19 Ka baka leo, o ile a re matlapa ao a ts’epe e khubelu a ke ke a senyeha lekhale; le ha e le ho fifatsa molaetsa oa oona ke nako. ’Me o ile a porofeta lintho tse ngata ka peo ea hae.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ho fihlela ha joale ’na le ntate re ne re bolokile litaelo tseo Morena a neng a re laetse tsona.

21 ’Me re ne re fumane lingoliloeng tseo Morena a neng a re laetse tsona, ’me ra li lekola eaba re fumana li laba-labeha; ee, esita tsa boleng bo boholo ho rona, haholo hobane re ne re ka bolokela bana ba rona litaelo tsa Morena.

22 Ka baka leo, e ne e le bohlale ho Morena hore re li nke, ha re le leetong lefelleng ho leba lefats’eng la pallo.

Hatisa