Mangolo a halalelang
1 Nefi 22


Khaolo ea 22

Israele e tla qhalangoa holima sefahleho sohle sa lefats’e—Balichaba ba tla oka le ho fepa Israele ka evangeli matsatsing a qetelo—Israele e tla bokelloa le ho pholosoa, ’me ba khopo ba tla cha joale ka serite—’Muso oa liabolose o tla timetsoa, ’me Satane o tla tlangoa. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala kamor’a hore ’na, Nefi, ha ke se ke balile lintho tse neng li ngotsoe holim’a matlapa a ts’epe e khubelu, bana b’eso ba ile ba tla ho ’na ’me ba re: Li bolelang lintho tseo tse u qetang ho li bala? Bona, na li tlo utloisisoa ka ho latela lintho tseo e leng tsa moea, tse tlang ho etsahala ka moea ’me e seng ka nama?

2 ’Me ’na, Nefi, ke ile ka re ho bona: Bonang li ile tsa bonahatsoa ho moporofeta ka lentsoe la Moea; hobane ka Moea lintho tsohle li tsebisoa baporofeta, tseo li tlang ho tla holima bana ba batho ho ea ka nama.

3 Ka baka leo, lintho tseo ke seng ke li balile ke lintho tse amehang ho bobeli lintho tsa nama le moea; hobane ho shebahala hore ntlo ea Israele, hona joale kapa hamorao, e tla qhalangoa holim’a lefats’e, le hape har’a lichaba tsohle.

4 ’Me bonang, ba bangata ba seng ba lahlehile tsebong ea bao ba Jerusalema. Ee, karolo e fetang ea maloko ohle e se e lebisitsoe hole; ’me ba qhalantsoe koa le koa holim’a lihlekehleke tsa leoatle; ’me hore na ba kae ha ho oa rona ea tsebang, ntle le hore rea tseba hore ba se ba lebisitsoe teng.

5 ’Me e re ka ha ba se ba lebisitsoe hole, lintho tsena li se li porofetuoe ka bona, ’me hape le ka bao ba tla qhalangoa kamor’a mona ’me ba ferekanngoe, ka lebaka la Ea Halalelang oa Israele; hobane khahlanong le eena ba tla thatafatsa lipelo tsa bona; ’me ka baka leo, ba tla qhalangoa har’a lichaba tsohle ’me ba tla hlouoa ke batho bohle.

6 Le ha ho le joalo, kamor’a hore ba fetjoe ke Balichaba, ’me Morena a se a phahamisitse letsoho la hae holim’a Balichaba ’me a ba phahamisitse e le folakha, ’me bana ba bona ba se ba ile ba nkuoa ka matsohong a bona, le barali ba bona ba se ba ile ba jaroa mahetleng a bona, bonang lintho tsena tseo ho buuoang ka tsona ke tsa nama; ke ka baka le joana lilekane tsa Morena li leng ho bo ntat’a rona; ’me e re bolella ka matsatsi a tlang, le hape ka bana ba bo rona bao e leng ba ntlo ea Israele.

7 ’Me e re bolella hore nako e ea tla eo kamora tsohle ha ntlo eohle ea Israele e se e qhalantsoe ’me e ferekantsoe, hore Morena Molimo o tla phahamisa sechaba se matla har’a Balichaba, ee, esita le holim’a sefahleho sa lefats’e lena; ’me ke ka bona peo ea rona e tlang ho qhalangoa.

8 ’Me kamora hore peo ea rona e qhalangoe Morena o tla tsoela pele ho etsa mosebetsi o tsotehang har’a Balichaba, oo e tlang hoba oa bohlokoa ho peo ea rona; ka baka leo, e ts’oants’itsoe le ha ba fepuoa ke Balichaba le ha ba nkuoa ka matsohong a bona le ho jaroa mahetleng a bona.

9 ’Me e tla ba ea bohlokoa ho Balichaba; ’me e seng feela ho Balichaba empa le ho ntlo eohle ea Israele, ho tsebahatseng lilekane tsa Ntate oa maholimo ho Abrahama, a re: Ho peo ea hao maloko ohle a lefats’e a tla hlohonolofatsoa.

10 ’Me nka rata, bana b’eso, hore le ka tseba hore maloko ohle a lefats’e a ke ke a hlohonolofatsoa ntle le ha ka beha pepenene letsoho la hae mahlong a lichaba.

11 Ka baka leo, Morena Molimo o tla tsoela pele ho beha letsoho la hae pepenene mahlong a lichaba tsohle, ho tlisa lilekane tsa hae le evangeli ea hae ho batho bao e leng ba ntlo ea Israel.

12 Ka baka leo, o tla ba nts’a hape litlamong, ’me ba tla bokelloa ’moho mafats’eng a bona a bojalefa; ’me ba tla nts’oa ho se tsebahaleng le ho nts’oa lefifing; ’me ba tla tseba hore Morena ke Mopholosi oa bona le Molopolli oa bona, Ea Matla oa Israele.

13 ’Me mali a kereke eane e kholo e manyala, eo e leng seotsoa sa lefats’e lohle, ba tla phikoloha ka lihlooho tsa bona; hobane ba tla loants’ana, ’me sabole tsa matsoho a bona li tla oela holim’a lihlooho tsa bona, ’me ba tla taoa ka mali a bona.

14 ’Me lichaba tsohle tse tla loana khahlanong le uena, Oho ntlo ea Israele, ba tla fetohelana, ’me ba tla oela ka har’a lemena leo ba neng ba le chekile ho ts’oasa batho ba Morena. ’Me ntoa eo eohle khahlanong le Sione e tla felisoa, ’me seotsoa sela se seholo, se khelositseng litsela tse nepahetseng tsa Morena, ee, kereke ela e kholo e manyala, e tla helehela leroleng ’me ho oa ha eona e tla ba ho hoholo.

15 Hobane bona, ho bolela moporofeta, nako e ea tla ka potlako eo Satane a tl’o hloka matla holim’a lipelo tsa bana ba batho; Hobane letsatsi lea tla haufinyane leo bohle ba ikhohomosang le bao ba etsang bokhopo ba tlang ho ba joalo ka serite; ’me letsatsi lea tla leo ba tlamehang ho chesoa.

16 Hobane nako e ea tla haufinyane eo khalefo e kholo ea Molimo e tlang ho ts’olohela holim’a bana bohle ba batho; hobane a ke ke a lumella hore ba khopo ba timetse ba lokileng.

17 Ka baka leo, o tla boloka ba lokileng ka matla a hae, esita le haeba khalefo ea hae e tletseng e tlameha ho tla, ’me ba lokileng ba bolokoa, esita le timelo ea lira tsa bona ka mollo. Ka baka leo, ba lokileng ha ba ts’oanela ho ts’oha; hobane ho boletse moporofeta, ba tla pholosoa, esita le ha ekaba ka mollo.

18 Bonang, bana b’eso, ke re ho lona, lintho tsena kapele li tlamehile ho etsahala; ee, esita le mali, le mollo, le moholi oa mosi li tlamehile ho etsahala; ’me e tlamehile hoba holim’a sefahleho sa lefats’e lena; ’me e tla ho batho nameng haeba ba ka thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le Ea Halalelang oa Israele.

19 Hobane bonang, ba lokileng ba ke ke ba timela; hobane nako kannete e ea tla eo bohle ba lonts’ang Sione ba tla khaoloa.

20 ’Me Morena kannete o tla lokisetsa batho ba hae tsela, ho phethahatseng mantsoe a Moshe, ao a buileng, a re: Morena Molimo oa lona o tla le phahamisetsa moporofeta, joalo ka ’na; eo le tla mo mamela linthong tsohle tseo a tlang ho le bolella tsona. ’Me ho tla etsahala hore bohle ba sa tl’o mamela moporofeta eo ba tla khaoloa har’a batho.

21 ’Me joale ’na, Nefi, ke phatlalatsa ho lona, hore moporofeta enoa eo Moshe a buileng ka eena e ne e le Ea Halalelang oa Israele; ka baka leo, o tla phetha kahlolo ka toka.

22 ’Me ba lokileng ha ba ts’oanela ho ts’oha, hobane ke bao ba sa tl’o felisoa. Empa ke ’muso oa diabolose, o tlang ho ahoa har’a bana ba batho, ’muso o thehuoeng har’a bona ba leng nameng-

23 Hobane nako kapele e ea tla eo likereke tsohle tse thehetsoeng ho una leruo, le tsohle tse thehetsoeng ho una matla holim’a nama, le tseo tse thehetsoeng ho tsebahala mahlong a lefats’e, le tseo tse thehetsoeng ho batlana le litakatso tsa nama le lintho tsa lefats’e, le ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo; ee, ka kakaretso, bohle bao e leng ba kereke ea diabolose ke bona ba ts’oanelang ho ts’oha, le ho thothomela, le ho sisinyeha, ke bao ba tlamehang ho tlisoa tlaase leroleng; ke bao ba tlamehang ho felisoa joalo ka serite; ’me sena ke ho latela mantsoe a moporofeta.

24 ’Me nako kapele e ea tla eo ba lokileng ba tlamehang ho huloa e le namane tsa lesaka, ’me Ea Halalelang oa Israele o tlameha ho busa ka hohle, le ka bonatla, le ka matla, le ka khanya e kholo.

25 ’Me o bokella bana ba hae ho tsoa khutlong tse ’ne tsa lefats’e; ’me o bala linku tsa hae, ’me li a mo tseba; ’me ho tla ba le lesaka le le leng le molisa a le mong; ’me o tla fepa nku tsa hae, ’me ho eena li tla fumana makhulo.

26 ’Me ka lebaka la ho loka ha batho ba Hae, Satane ha a na matla; ka baka leo, a ke ke a tlamolloa nako ea lilemo tsa ngata; hobane ha a na matla holima lipelo tsa batho, hobane ba phela ka toka, ’me Ea Halalelang oa Israele oa busa.

27 ’Me joale bonang, ’na, Nefi, ke re ho lona lintho tsena tsohle li tlameha ho etsahala ho ea ka nama.

28 Empa, bonang, lichaba tsohle, maloko, maleme, le batho ba tla lula ba bolokehile ho Ea Halalelang oa Israele haeba ba tla baka.

29 ’Me joale ’na, Nefi, ke qetile; hobane ha ke batle ho bua ho feta mona ha joale ka lintho tsena.

30 Ka baka leo, bana b’eso, ke rata hore le ele hloko hore lintho tsena tse ngotsoeng ho matlapa a ts’epe e khubelu ke ’nete; ’me li paka hore motho o tlameha ho mamela litaelo tsa Molimo.

31 Ka baka leo, ha lea ts’oanela ho hakanya hore ’na le ntate ke rona feela ba seng ba pakile, le hape ba li rutileng. Ka baka leo, haeba le tla mamela litaelo, ’me la mamella ho isa qetellong, le tla pholosoa ka letsatsi la ho qetela. ’Me ho fela ho le joalo. Amen.

Hatisa