Mangolo a halalelang
1 Nefi 7


Khaolo ea 7

Bara ba Lehi ba khutlela Jerusalema ’me ba mema Ishmaele le ba ntlo ea hae ho kopana le bona leetong la bona—Lamane le ba bang ba fetoha—Nefi o eletsa bana b’abo ho ba le tumelo ho Morena—Ba mo tlama ka lithapo ’me ba rera timelo ea hae—O lokolloa ke matla a tumelo—Bana b’abo ba kopa ts’oarelo—Lehi le batho ba hae ba etsa sehlabelo le secheso. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me joale ke batla le tsebe, hore kamora’ hore ntate, Lehi, a qete ho porofeta ka peo ea hae, ho ile ha etsahala hore Morena a bue le eena hape, a re ho ne ho sa nepahala hore eena, Lehi, a nke lelapa la hae a ee lefelleng a le nosi; empa hore bara ba hae ba nke barali e be basali, hore ba tle ba hlahisetse Morena peo lefats’eng la pallo.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a mo laele hore ’na, Nefi, le bana b’eso, re tla boela re khutlele lefats’eng la Jerusalema ’me re theohele lefelleng le lelapa la Ishmaele.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke boele, le banab’eso, ke tsamaee lefelleng ho nyolohela Jerusalema.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore re lebe ntlong ea Ishmaele, ’me re ile ra fumana mohau mahlong a Ishmaele, hoo re ileng ra ’molella mantsoe a Morena.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a nolofatse pelo ea Ishmaele, le ba ntlo ea hae, hoo ba ileng ba nka leeto la ho theohela lefelleng tenteng ea ntate le rona.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ha re ntse re tsamaea lefelleng, bonang Lamane le Lemuele, le barali ba babeli ba Ishmaele, le bara ba babeli ba Ishmaele le malapa a bona, ba re fetohele; ee, khahlanong le ’na, Nefi, le Seme, le ntat’a bona Ishmaele, le mosali oa hae, le barali ba bang ba hae ba bararo.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ho fetoheng hoo, ba lakatse ho khutlela lefats’eng la Jerusalema.

8 ’Me joale ’na, Nefi, ka ha ke ne ke hlokofetse ke ho thatafala ha lipelo tsa bona, ka hoo ke ile ka bua le bona, ka re, ee, esita ho Lamane le Lemuele: Bonang le baholoane ba ka, ’me ke joang ha lipelo tsa lona li thatafetse, ’me le foufetse ha kana likelellong tsa lona, hoo le hlokang hore ’na, moena oa lona, ke bue le lona, ee, ’me ke le behele mohlala?

9 Ke joang le sa kang la mamela lentsoe la Morena?

10 Ke joang le seng le lebetse hore le bone lengeloi la Morena?

11 Ee, ke joang le lebetseng lintho tse kholo tseo Morena a re etselitseng tsona, ka ho re lokolla liatleng tsa Labane, le hore hape re fumane lingoliloeng?

12 Ee, ’me ke joang le seng le lebetse hore Morena o khona ho etsa lintho tsohle ho ea ka thato ea hae, ka lebaka la bana ba batho, haeba ba sebelisa tumelo ea bona ho eena? Ka baka leo, ha re mo ts’epahalleng.

13 ’Me haeba re mo ts’epahalla, re tla fumana lefats’e la pallo; ’me le tla tseba ka nako e tlang hore lentsoe la Morena le tla phethahala ka timelo ea Jerusalema; hobane lintho tsohle tseo Morena a li buileng ka Jerusalema li tla phethahala.

14 Hobane bonang, Moea oa Morena o tla emisa ho ba kholisa; hobane bonang, ba hanne baporofeta, ’me ba akhetse Jeremia chankaneng. ’Me ba lekile ho nka bophelo ba ntate, hoo ba ileng ba mo leleka lefats’eng leo.

15 Joale bonang, ke re ho lona ha le ka khutlela Jerusalema le tla timela le bona. ’Me joale, ha le na le khetho, nyolohelang lefats’eng leo, ’me le hopole mantsoe ao ke a buang ho lona, hore ha le ea le ilo timela le lona; hobane ke ka moo Moea oa Morena o nsusumetsang hore ke bue.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ’na, Nefi, ke se ke buile mantsoe ana ho ban b’eso, ba ile ba nkhalefela. ’Me ho ile ha etsahala hore ba nts’oare ka liatla, hobane bonang, ba ne ba halefile haholo, ’me ba ile ba ntlama ka lithapo, hobane ba ne ba batla ho nka bophelo ba ka, hore ba tle ba nts’iee lefelleng hore ke metsoe ke liphoofolo tse hlaha.

17 Empa ho ile ha etsahala hore ke rapele ho Morena, ke re: Oho Morena, ka tumelo ea ka eo e leng ho uena, a ko mpholose liatleng tsa bana b’eso; ee, esita o mphe matla hore ke qhashole litlamo tsena tseo ke tlanngoeng ka tsona.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ke se ke buile mantsoe ana, bonang, litlamo li ile tsa tlamoloha matsohong le maotong a ka, eaba ke ema kapele ho bana b’eso, ’me ka bua le bona hape.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore ba boele ba nkhalefele, ’me ba batle ho nts’oara ka liatla; empa bonang, e mong oa barali ba Ishmaele, ee, le ’m’e oa hae, le e mong oa bara ba Ishmaele, ba ile ba mpuella le bana b’eso, hoo ba ileng ba nolofatsa lipelo tsa bona; ’me ba ile ba emisa ho pheella ho batla ho nka bophelo ba ka.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba be masoabi, ka lebaka la bokhopo ba bona, hoo ba ileng ba khumama ka pele ho ’na, ’me ba ile ba nthapela hore ke tle ke ba ts’oarele ka ntho eo ba e entseng khahlano le ’na.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ba ts’oarele ka sebele tsohle tseo ba neng ba li entse, ’me ke ile ka ba eletsa hore ba rapelle ts’oarelo ho Morena Molimo oa bona. ’Me ho ile ha etsahala hore ba etse joalo. Ka mor’a hore ba qete ho rapela Morena re ile ra boela ra kena leetong la rona la ho leba tenteng ea ntate.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore re theohele tenteng ea ntate. ’Me ka mor’a hore ’na le bana b’eso le bohle ba ntlo ea Ishmaele re theohele tenteng ea ntate, ba ile ba lebisa liteboho ho Morena Molimo oa bona; ’me ba ile ba nehela sehlabelo le secheso ho eena.

Hatisa