Mangolo a halalelang
1 Nefi 13


Khaolo ea 13

Nefi o bona ponong kereke ea diabolose e thehoa har’a Balichaba, ho fumanoa le ho ahoa ha Amerika, tahleho ea likarolo tse ngata tse hlakileng le tsa bohlokoa tsa Bibele, litlamorao tsa boemo ba Balichaba ba koeneho, tsosoloso ea evangeli, ho tla ha mangolo a halalelang a matsatsi a morao, le khaho ea Sione. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore lengeloi le bue ho ’na le re: Sheba! ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona lichaba tse ngata le mebuso.

2 ’Me lengeloi la re ho ’na: U bonang? ’Me ke ile ka re: Ke bona lichaba tse ngata le mebuso.

3 ’Me o ile a re ho ’na: Tsena ke lichaba le mebuso ea Balichaba.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone hara’ lichaba tsa Balichaba ho thehoa ha kereke e kholo.

5 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na: Bona ho thehoa ha kereke e manyala ka mokhoa o fetisang ka holimo ho likereke tsohle tse ling, e bolaeang bahalaleli ba Molimo, ee, ’me e ba hlokofatsa le ho ba tlamella fats’e, le ho ba pana ka joko ea ts’epe, ’me e ba theholela tlaase litlamong.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone kereke ena e kholo e manyala; ’me ka bona hore diabolose ke eena mothehi oa eona.

7 ’Me ke ile ka bona hape khauta, le silivera, le sei, le sekarelata, le lesela le lohiloeng hantle, le mekhoa eohle ea liaparo tsa boleng; ’me ke ile ka bona liotsoa tse ngata.

8 ’Me lengeloi le ile la bua ho ’na la re: Bona khauta eno, le silivera, le li sei, le li sekarelata, le lesela le louoeng hantle, le liaparo tsa boleng, le liotsoa, ke litakatso tsa kereke ena e kholo ’me e manyala.

9 ’Me hape ho fumana thoriso ea lefats’e ba timetsa bahalaleli ba Molimo, ’me ba ba tlisa tlaase litlamong.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ke shebe ’me ka bona metsi a mangata, ’me a ne a arotse Balichaba ho peo ea bana b’eso.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore lengeloi le re ho ’na: Bona khalefo ea Molimo e holima peo ea bana b’eno.

12 ’Me ke ile ka sheba ’me ka bona motho har’a Balichaba, ea neng a arohantsoe le peo ea bana b’eso ke metsi a mangata; ’me ke ile ka bona Moea oa Molimo, hore o ile oa theohela tlaase ’me oa sebetsa holima motho eo; ’me o ile a ea pele holima metsi a mangata, esita le ho ea ho peo ea bana b’eso, ba neng ba le lefats’eng la pallo.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone Moea oa Molimo, hore o ile oa sebetsa holima ba bang ba Balichaba; ’me ba ile ba ea pele ho tsoa litlamong, holima metsi a mangata.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone bongata bo boholo ba Balichaba holima lefats’e la pallo; ’me ke ile ka bona khalefo ea Molimo, hore e ne e le holima peo ea bana beso, ’me ba ile ba qhalana ka pele ho Balichaba ’me ba ile ba otloa.

15 ’Me ke ile ka bona Moea oa Morena, hore o ne o le holima Balichaba, ’me ba ile ba atleha ’me ba hapa lefats’e leo ho ba la bona la bojalefa; ’me ke ile ka bona hore ba ne ba le basoeu, ’me ba khahleha ka ho fetisisa ba le batle, joalo ka batho ba heso pele ba bolaoa.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bone hore Balichaba ba ileng ba tla pele ho tsoa litlamong ba ile ba ikokobetsa ka pele ho Morena; ’me matla a Morena a ne a na le bona.

17 ’Me ke ile ka bona hore bo ’m’a Balichaba ba ne ba phuthehile ha ’moho holima metsi, le holima lefats’e hape, ho loana khahlanong le bona.

18 ’Me ke ile ka bona hore matla a Molimo a ne a na le bona, ’me hape le khalefo ea Molimo e ne e le holima bohle ba neng ba phuthehile khahlanong le bona ho loana.

19 ’Me ’na, Nefi, ke ile ka bona hore Balichaba ba ileng ba tsoela ka ntle ho litlamo ba ne ba lokollotsoe ke matla a Molimo ho tsoa liatleng tsa lichaba tse ling tsohle.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke bone hore ba ile ba atleha lefats’eng leo; ’me ke ile ka bona buka, ’me ene e nkiloe ho ea pele hara’ bona.

21 ’Me lengeloi la re ho ’na: Na u tseba moelelo oa buka eo?

22 ’Me ke ile ka re ho eena: Ha ke tsebe.

23 ’Me o ile a re: Bona e tsoa molomong oa Mo-Juda. ’Me ’na, Nefi, ke ile ka e bona; ’me a re ho ’na: Buka eo u e bonang ke pale ea Ba-Juda, e ts’etseng lilekane tsa Morena, tseo a li entseng le ntlo ea Israele; ’me hape e ts’etse tse ngata tse porofetiloeng ke baporofeta ba halalelang; ’me ke lingoliloeng tse ts’oanang le lingoliloeng tse holima matlapa a ts’epe e khubelu, ntle le hore ha li ngata hakaalo; le ha ho le joalo, li ts’etse lilekane tsa Morena, tseo a li entseng ho ntlo ea Israele; ka baka leo, ke tsa boleng bo boholo ho Balichaba.

24 ’Me lengeloi la Morena le ile la re ho ’na: U bone hore buka eo e tsoa molomong oa Mo-Juda; ’me ha e tsoa molomong oa Mo-Juda e ts’etse ka botlalo evangeli ea Morena, eo ka eena baapostola ba leshome le metso e ’meli ba pakang; ’me ba paka ho ea ka ’nete e ho Konyana ea Molimo.

25 Ka baka leo, ntho tsena li tsoa ho Ba-Juda li hloekile ho ea ho Balichaba, ho ea ka ’nete e ho Molimo.

26 ’Me kamora hore li ee pele ka letsoho la baapostoloa ba Konyana, ho tloha ho Ba-Juda ho ea ho Balichaba, u bona ho thehoa ha kereke eane e kholo e manyala, e leng e manyala ka mokhoa o fetisang ka holimo ho kereke tsohle tse ling; hobane bona, ba nkile ho tloha evangeling ea Konyana likarolo tse ngata tse hlakileng le tsa bohlokoa ka ho fetisisa; ’me hape le lilekane tsa Morena ba li tlositse.

27 ’Me tsena tsohle ba li entse e le hore ba tle ba khelose litsela tse nepahetseng tsa Morena, hore ba tle ba foufatse mahlo le ho tiisa lipelo tsa bana ba batho.

28 Ka baka leo, u oa bona hore kamora hore buka eo e fete liatleng tsa kereke e kholo e manyala, hore ho na le ntho tse ngata tse hlakileng le tsa bohlokoa tse tlositsoeng ho tsoa bukeng, e leng buka ea Konyana ea Molimo.

29 ’Me kamora hore ntho tsena tse hlakileng le tsa bohlokoa li tlosoe e ile ea ea pele ho lichaba tsohle tsa Balichaba; ’me kamora hore e ee ho lichaba tsohle tsa Balichaba, ee, esita le ka nqane ho metsi a mangata oa o a boneng ka Balichaba ba neng ba ile pele ho tsoa bots’oaruoeng, u oa bona—ka baka la ntho tse ngata tse hlakileng le tsa bohlokoa tse nkuoeng ka hara buka, tse neng li hlakile ho kutloisiso ea bana ba batho, ho latela ho hlaka ho ka ho Konyana ea Molimo—ka baka la ntho tsena tse nkuoeng ho tsoa ka hare ho evangeli ea Konyana, bongata bo fetisisang bo a kheloha, ee, kahona Satane o na le matla a maholo holima bona.

30 Le ha ho le joalo, oa bona hore Balichaba bao ba ileng pele ho tsoa bots’oaruoeng, ’me ba phahamiselitose holimo ka matla a Molimo ka holimo ho lichaba tse ling tsohle, holima sefahleho sa lefats’e le neng le khethehile ka holimo ho mafats’e a mang, lefats’e leo Morena a entseng selekane le ntat’ao hore peo ea hae e tle e ruoe lefats’e leo e le la bona la bojalefa; ka baka leo, o oa bona hore Morena Molimo a ke ke a lumella hore Balichaba ba timetse ka botlalo tsoakano ea peo ea hau, bao ba leng teng har’a bana beno.

31 Le ha e le ho re a lumelle hore Blichaba ba tle ba timetse peo ea bana beno.

32 Le ha e le hore Morena Molimo a lumelle hore Balichaba ba tle ba lule ka ho sa feleng ba setse boemong bono bo ts’abehang ba bofofu, boo u bonang hore ba ho bona, ka baka la likarolo tse hlakileng le tsa bohlokoa bo fetisang tsa evangeli ea Konyana tse neng li ts’oaretsoe morao ke kereke eane e manyala, eo ho thehoa ha eona u ileng oa ho bona.

33 Ka baka leo ho bolela Konyana ea Molimo: Ke tla ba mohau ho Balichaba, ka ho etela karolo e setseng ea ntlo ea Israele ka kahlolo e kholo.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore lengeloi la Morena le bue ho ’na, la re: Bona, ho bolela Konyana ea Molimo, kamora hore ke etele karolo e setseng ea ntlo ea Israele—’me karolo ena e setseng eo ke buang ka eona ke peo ea ntat’ao—ka baka leo, kamora hore ke ba etele ka kahlolo, ’me ke ba otle ka letsoho la Balichaba, ’me kamora hore Balichaba ba khelohe ka ho fetisisa, ka baka la likarolo tse hlakileng ka ho fetisa le tsa bohlokoa tsa evangeli ea Konyana tse neng li ts’oaretsoe morao ke kereke eane e manyala, eo e leng ’m’a liotsoa, ho bolela Konyana—ke tla ba mohau ho Balichaba ka tsatsi leo, kahona e le hore ke tlise ho bona, ka matla a ka, boholo ba evangeli ea ka, eo e tla beng e hlakile e le bohlokoa, ho bolela Konyana.

35 Hobane, bona, ho bolela Konyana: Ke tla iponahatsa ho peo ea hau, hore ba tle ba ngole ntho tse ngata tseo ke tlang ho ba ruta tsona, tseo li tla beng li hlakile e le tsa bohlokoa; ’me kamora hore peo ea hau e tle e timetsoe ’me ba felle liketsong tsa ho se lumele, bona, ntho tsena li tla patoa, hore li tle li tle ho Balichaba, ka mpho le matla a Konyana.

36 ’Me ka ho tsona ho tla be ho ngotsoe evangeli ea ka, ho bolela Konyana, le lefika la ka le pholoho ea ka.

37 ’Me ho lehlohonolo bao ba tlang ho batla ho tlisa Sione ea ka ka letsatsi leo, hobane ba tla ba le mpho ea matla a Moea o Halalelang; ’me ha ba ka tiisetsa ho isa qetellong ba tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela, ’me ba tla pholosetsoa ’musong o sa feleng oa Konyana; ’me ea tlang ho phatlalatsa khotso, ee, litaba tsa thabo e kholo, ba tla ba batle joang holima lithaba.

38 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bone karolo e setseng ea peo ea bana b’eso, ’me le buka ea Konyana ea Molimo, eo e ileng ea tsoa molomong oa Mo-Juda, hore e ile ea tla ho tsoa ho Balichaba ho ea ho karolo e setseng ea peo ea bana b’eso.

39 ’Me kamora hore e tle ho bona ke ile ka bona libuka tse ling, tse ileng tsa tla ka matla a Konyana, ho tsoa ho Balichaba ho ea ho bona, ho kholisa Balichaba le karolo e setseng ea peo ea bana b’eso, ’me hape le Ba-Juda ba neng ba qhalane holim’a sefahleho sa lefats’e lohle, hore lingoliloeng tsa baporofeta le tsa baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana ke tsa ’nete.

40 ’Me lengeloi le ile la bua ho ’na la re: Lingoliloeng tsena tsa ho qetela, tseo o li boneng har’a Balichaba, li tla tiisa ’nete ea tsa pele, tseo eleng tsa baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana, ’me li tla etsa hore ho tsebahale ntho tse hlakileng le tsa bohlokoa tse neng li nkiloe ho tsoa ho tsona; ’me li tla etsa hore ho tsebahale ho maloko ’ohle, maleme, le batho, hore Konyana ea Molimo ke Mor’a Ntate oa Bosafeleng, le Mopholosi oa lefats’e; ’me le hore batho bohle ba tlameha ho tla ho eena, kapa ba ke ke ba pholosoa.

41 ’Me ba tlameha ho tla ho ea ka mantsoe a tlang ho tiisoa ka molomo oa Konyana; ’me mantsoe a Konyana a tla etsoa hore a tsebahale ka har’a lingoliloeng tsa peo ea hau, le ka hara lingoliloeng tsa baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana; ka baka leo bobeli li tla tiea bonngoeng; hobane ho na le Molimo a le mong le Molisa a le mong holima lefats’e lohle.

42 ’Me nako e ea tla ea hore o tla iponahatsa ho lichaba tsohle, bobeli ho Ba-Juda hape le ho Balichaba; ’me kamora hore a iponahatse ho Ba-Juda hape le ho Balichaba, lekhatheng leo o tla iponahatsa ho Balichaba hape le ho Ba-Juda, ’me ba ho qetela e tla ba ba pele, ’me ba pele e be ba ho qetela.