Mangolo a halalelang
1 Nefi 4


Khaolo ea 4

Nefi o bolaea Labane ka taelo ea Morena ’me o fumana matlapa a ts’epe e khubelu ka leqheka—Zorame o khetha ho tsamaea le lelapa la Lehi ho ea lefelleng. Ka bo 600–592 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bue le bana b’eso, ke re: Ha re eeng holimo Jerusalema hape, ’me ha re ts’epahaleng ka ho boloka litaelo tsa Morena; hobane bonang o matla ho feta lefats’e lohle, joale hobaneng a ka se be matla ho feta Labane le ba hae ba mashome a mahlano, ee, esita le ba hae ba likete li mashome?

2 Ka hoo ha re khutleleng teng; ha re beng matla joalo ka Moshe; hobane kannete o ile a bua le metsi a Leoatle le Lefubelu ’me a ile a arohana mona le mane, ’me bo ntat’a rona ba ile ba ts’ela mobung o ommeng, ba tsoa litlamong ’me mabotho a Faro a ile a ba latela ’me ba ile ba noela ka metsing a Leoatle le Lefubelu.

3 Joale bonang lea tseba hore sena ke ’nete; le tseba hape hore lengeloi le buile le lona; ka baka leo, le ka belaela? Ha re eeng holimo; Morena o khona ho re lokolla, joalo ka bo ntat’a rona, le ho timetsa Labane, joalo ka Ba-Egepeta.

4 Joale ha ke se ke buile mantsoe ana, ba ne ba ntse ba halefile, ’me ba ne ba ntse ba tsoela pele ho tletleba; le ha ho le joalo ba ile ba ntatela ho ea holimo ho fihlela re fihla ka ntle ho marako a Jerusalema.

5 ’Me e ne e se e le bosiu; ’me ke ile ka etsa hore ba ipate ka ntle ho marako. Kamora’ hore ba ipate, ’na, Nefi, ke ile ka khasetsa ka motseng ’me ka ea ntlong ea Labane.

6 ’Me ke ne ke eteletsoe pele ke Moea, ke sa tsebe pele lintho tseo ke tlang ho li etsa.

7 Le ha ho le joalo ke ile ka tsoela pele, ’me ha ke atamela haufi le ntlo ea Labane ke ile ka bona monna, ’me o ne a oele fats’e ka pele ho ’na, hobane o ne a tailoe ke veine.

8 ’Me ha ke fihla ho eena ka fumana hore ke Labane.

9 ’Me ke ile ka bona sabole ea hae, eaba ke e hula selateng sa eona; ’me mofeng oa eona e ne e le oa khauta, le moetso oa eona e ne e le o motle ka ho fetisisa, ’me ke ile ka bona hore lehare la sabole e ne e le la ts’epe ea bohlokoahali.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ke susumetsoe ke Moea hore ke bolaee Labane; empa ka re ka pelong ea ka: Le ka mohla ha ke eso ts’olle mali a motho. ’Me ke ile ka honyela ’me ka batla eka nka se ’molaee.

11 Eaba Moea o boela o re ho’na: Bona Morena o mo lokolletse liatleng tsa hau. Ee, ’me ke ne ke tseba hape hore o ile a leka ho nka bophelo ba ka; ee, ’me o ne a ke ke a mamela litaelo tsa Morena; le hore hape o ne a nkile thepa ea rona.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore Moea o boele o re ho ’na: ’Molaee, hobane Morena o mo lokolletse liatleng tsa hau;

13 Bona Morena o timetsa ba khopo ho tlisa merero ea hae e lokileng. Ho molemo hore motho a le mong a timele ho ena le hore sechaba se fele le ho timela ke ho se lumele.

14 ’Me joale, ha ’na, Nefi, ke se ke utloile mantsoe ana, ke ile ka hopola mantsoe a Morena ao a ileng a a bua ho ’na lefelleng, a re: Ha fela peo ea hao e tla boloka litaelo tsa ka, e tla atleha lefats’eng la pallo.

15 Ee, eaba ke boela ke nahana hore ba ne ba ke ke ba boloka litaelo tsa Morena ho latela molao oa Moshe, ntle le hore ba tle ba fumane molao.

16 ’Me ke ne ke tseba hore molao o ne o ngotsoe holim’a matlapa a ts’epe e khubelu.

17 ’Me hape, ke ne ke tseba hore Morena o lokolletse Labane liatleng tsa ka morerong ona—hore ke tle ke fumane lingoliloeng ho latela litaelo tsa hae.

18 Ka hoo ke ile ka mamela lentsoe la Moea, ’me ka ts’oara Labane ka moriri, ’eaba ke khaola hlooho ea hae ka sabole ea hae.

19 ’Me kamora’ hore ke mo khaole hlooho ka sabole ea hae, ke ile ka nka liaparo tsa hae ’me ka li apara; ee, esita tsohle; ’me ke ile ka tlama lihlomo tsa hae lethekeng la ka.

20 ’Me kamora’ hore ke etse sena, ke ile ka ea polokelong ea Labane. ’Me ha ke ntse ke eea polokelong ea Labane, bonang, ka bona mohlanka oa Labane ea neng a ena le linotlolo tsa polokelo. ’Me ke ile ka mo laela ka lentsoe la Labane hore a ee le ’na ka polokelong.

21 ’Me o ne a nahana hore ke mong’a hae, Labane, hobane o ile a bona liaparo hape le sabole e neng e tlanngoe lethekeng la ka.

22 ’Me o ile a buisana le ’na ka baholo ba Ba-Juda, ka ha a ne a tseba hore mong’a hae, Labane, o ne a tsoa har’a bona busiung boo.

23 ’Me ke ile ka bua le eena joalo ka ha eka ke Labane.

24 Eaba ke boela ke re ho eena ke tla nka lingoliloeng tse neng li ngotsoe holim’a matlapa a ts’epe e khubelu, ho ea ho baholoane ba ka, ba neng ba le ka ntle ho marako.

25 ’Me ke ile ka mo laela hore a ntatele.

26 Eaba eena, ka ho nahana hore ke ne ke bua ka banna ba kereke, le hore ke eena Labane eloa eo ke ’molaileng, ka baka leo o ile a ntatela.

27 ’Me o ile a bua le ’na makhetlo a mangata ka baholo ba ba Ba-Juda, ha ke ntse ke tsamaea ho ea ho bana b’eso, ba neng ba le ka ntle ho marako.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Lamane a mpona a ts’ohe haholo, ’moho le Lemuele le Seme. ’Me ba mpaleha; hobane ba ne ba nahana hore ke Labane, le hore o mpolaile ’me o batla ho nka bophelo ba bona le bona.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ba bitse, ’me ba ile ba nkutloa; ka baka leo ba ile ba emisa ho mpaleha.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore ha mohlanka oa Labane a bona bana b’eso a qalelle ho thothomela, ’me o ne a se a batla ho mpaleha ’me a khutlele motseng oa Jerusalema.

31 Eaba joale ’na, Nefi, ka ha ke ne ke le moholo ka boemo, ’me ke boetse ke ile ka fuoa matla a maholo a Morena, ka hoo ke ile ka qhautsa mohlanka oa Labane, ’me ka mo ts’oara, hore a se ke a baleha.

32 ’Me ho ile ha etsahala hore ke bue le eena, hore ha a ka mamela mantsoe a ka, ka Morena ea phelang, le ’na ke phela, ha ho le joalo ha a ka mamela mantsoe a rona, re tla qenehela bophelo ba hae.

33 ’Me ke ile ka bua le eena, esita le ka kano, hore a se ke a ts’oha; hore e tla ba motho ea lokolohileng joalo ka rona ha a ka a theohela lefelleng le rona.

34 Eaba ke boela ke bua le eena, ka re: Ruri Morena o re laetse ho etsa sena; ’me na rona ha re tlo ho ba mafolo—folo ho boloka litaelo tsa Morena? Ka hoo, ha o ka theohela le rona ho ntat’a rona lefelleng, o tla ba le bolulo le rona.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore Zorame a nke matla mantsoeng ao ke a buileng. Joale Zorame e ne e le lebitso la mohlanka eo; ’me o ile a ts’episa hore o tla theohela le rona lefelleng ho ntat’a rona. Ee, eaba o etsa kano ho rona hore o tla phela le rona ho tloha nakong eo.

36 Joale re ne re na le takatso ea hore a phele le rona ka lebaka lena, la hore Ba-Juda ba tle ba se ke ba tseba ka paleho ea rona ho ea lefelleng, e se re ba re lelekisa ’me ba re timetsa.

37 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Zorame a se a entse kano le rona, matsoalo a rona a ile a khaotsa ka eena.

38 ’Me ho ile ha etsahala hore re nke matlapa a ts’epe e khubelu le mohlanka oa Labane ’me ra tsamaea ho ea lefelleng, ’me ra kena leetong le lebang tenteng ea ntat’a rona.