2022
Hlola Lefatsʼe ʼme u Fumane Phomolo
Pulungoana 2022


Molaetsa oa Khoeli, Liahona Pulungoana 2022

Hlola Lefatsʼe ʼme u Fumane Phomolo

Fumana phomolo ho tsoa ho sekhahla, ho hloka bonnete, le matsʼoenyeho a lefatsʼe lena ka ho hlola lefatsʼe ka lilekane tsa hau le Molimo.

Bana beso ba ratehang, ke motlotlo ho le lumelisa hoseng hona ho halalelang e le Sabata se khanyang. Le mehopolong ea ka kamehla. Ke hlolloa ke tsela eo le nkang khato ka eona nako le nako ha le bona ba bang ba hloka. Ke ema le ho makala ke tumelo le bopaki tseo le li bontsʼang kamehla hape le hape. Ke llela masisa pelo, masoabi le matsʼoenyeho a lona. Kea lerata Ke le tiisetsa hore Ntata-rona ea Maholimong le Mora oa Hae ea Ratehang, Jesu Kreste , ba ea lerata. Ba elelloa ka botebo maemo a lona, botle ba lona, litlhoko tsa lona, le lithapelo tsa lona tsa ho kopa thuso. Kamehla le mehla, Ke le rapella ho re le utlo lerato la Bona ho lona.

Ho latsoa lerato la bona ho bohlokoa, kaha ho bonahala eka letsatsi le leng le le leng re tsʼoenngoa ke litaba tse ngata tse nyahamisang. E ka ’na eaba u bile le matsatsi ao ka ’ona u neng u lakatsa eka u ka apara liaparo tsa hao tsa ho robala, ua iphuthela joalo ka bolo, e be u kopa motho e mong hore a u tsose ha moferefere o felile.

Empa, baena le likhaitseli bana beso ba ratehang, lintho tse ngata tse babatsehang li eme ka pele. Matsatsing a tlang re tla bona lipontsʼo tse kholo ka ho fetisisa tsa matla a Mopholosi tseo lefatsʼe le kileng la li bona. Pakeng tsa joale le nako ea ho khutla ha Hae “ka matla le khanya e kholo,”11 O tla fana ka menyetla e sa baloeng, mahlohonolo, le mehlolo ho ba tsʼepahalang.

Leha ho le joalo, hona joale re phela nakong eo ka sebele e leng e rarahaneng ka ho fetisisa nalaneng ea lefatsʼe. Mathata le liqholotso li siea batho ba bangata ba ikutloa ba tsielehile ba bile ba khathetse. Leha ho le joalo, nahana ka phihlelo ea morao tjena e ka ’nang ea fana ka leseli mabapi le kamoo ’na le uena re ka fumanang phomolo.

Ka nako ea pulo ea ntlo e sa tsoa etsoa ea Tempele ea Washington D.C., setho sa komiti ea pulo ea ntlo se ile sa bona puisano e nang le temoso ha a ntse a felehetsa baqolotsi ba litaba ba ʼmaloa ba hlahelletseng tempeleng. Ka tsela e itseng lelapa le lecha le ile la ikamahanya hokeloa le leeto lena la baqolotsi ba litaba. E mong oa ba batlalehi o ʼnile a botsa ka “leeto” la mohlokomeli oa tempele ha a ntse a tsamaea hohle ka tempeleng. O ne a batla ho tseba hore na leeto la tempele le tsʼoantʼsa mathata a leetong la motho bophelong.

Moshanyana e monyenyane ka lelapeng o ile a ba le thahasello moqoqong ona. Ha sehlopha sa bahahlaoli se kena ka endowment phaposing ea lihlohonolofatso, moshanyana a supa aletareng, moo batho ba khumamang ho etsa lilekane le Molimo, ’me a re, “Oho, ho hotle. Mona ke sebaka seo batho ba ka phomolang ho sona leetong la bona la tempele.”

Ha ke lumele hore moshanyana eo o ne a tseba hore na tlhokomelo eo ea hae e tebile hakae. Mohlomong o ne a sa tsebe letho ka kamano e hlakileng pakeng tsa ho etsa selekane le Molimo tempeleng le tsʼepiso e makatsang ea Mopholosi:

“Tlong ho ʼna lona bohle ba sebetsang khathetseng, ba imeloang, ʼme ke tla lefa phomolo.

“Inkeleng joko ea ka, ʼme le ithute ho ʼna; … ʼme le tla fumanela meea ea lona phomolo meeeng ea lona.

“Hobane joko ea ka e chatsi, le mojaro oa ka o bobebe.”2

Setśoantśo
bongata sebokeng se akaretsang

Bana beso ba ratehang, Ke hauhela ba sieang Kereke ka mabaka a hore ho ba litho ho ba hloka lintho tse ngata haholo. Ha ba e-s’o fumane hore ho etsa le ho boloka lilekane ho hlile ho nolofatsa bophelo! Motho e mong le e mong ea etsang lilekane metsing a kolobetso le litempeleng—´me a li boloka—o na le bokhoni bo eketsehileng ho matla a Jesu Kreste. Ke kopa le nahanisise ka tieo ʼnete eo e hlollang!

Moputso oa ho boloka lilekane le Molimo ke matla a leholimo—matla a re matlafatsang ho mamella liteko tsa rona, meleko, le bohloko ba pelo tsa rona ha bobebe. Matla a na a bebofatsa tsela ea rona. Ba phelang ka melao e phahameng ea Jesu Kreste ba na le monyetla oa ho fumana matla a ae phahameng. Kahoo, ba bolokang selekane ba na le tokelo ea mofuta o khethehileng oa phomolo o tlang ho bona ka kamano ea bona ea selekane le Molimo.

Pele ʼMoloki a inehela mahlokogng a Gethesemane le Galvary, O ile a bolella Baaposetola ba Hae, “Mona lefatsʼeng le tla ba le matsʼoenyeho: empa le be sebete; ke hlotse lefatsʼe.”3 Ka morʼa moo, Jesu o ile a kopa e mong le e mong oa rona hore a etse se tsʼoanang ha A re, “Ke rata hore le hlole lefatsʼe.”4

Bana beso ba ratehang, molaetsa oa ka ho lona kajeno ke hore, hobane Jesu Kreste o hlotse lefatsʼe lena le oeleng, hape hobane O lefelletse emong le emong oa rona, le lona uena u ka khona ho hlola lefatsʼe lena le tletseng sebe, la boikhantsʼo, le khathatsang kamehla.

Hobane Mopholosi, ka Topollo ea Hae e sa feleng, o lopolotse e mong le e mong oa rona ho tsoa bofokoling, liphosong, le sebeng, ʼme hobane O fihletse bohloko bo bong le bo bong, matsʼoenyeho, le moroalo oo u kileng ua ba le oona,5 joale ha u baka ka ʼnete ʼme u batla thuso ea Hae, u ka ema ka holimʼa lefatsʼe lena la hona joale le kotsi.

U ka hlola likotlo tse khathatsang moeeng le maikutlong tsa lefatsʼe, tse kenyeletsang boikhohomoso, boikhantsʼo, khalefo, boitsʼoaro bo bobe, lehloeo, meharo, mona, le tsʼabo. Ho sa natsehe litsʼitiso le litsʼenyeho tsohle tse re pota-potileng, u ka fumana phomolo ea ʼnete—e bolelang phomolo le khotso—esita le harʼa mathata a hau a u tsʼoenyang ka ho fetisisa.

’Nete ena ea bohlokoa e susumetsa lipotso tse tharo tsa bohlokoa:

Ea pele, ho bolelang ho hlola lefatsʼe?

Ea bobeli, re le hlola joang?

Ea boraro, ho hlola lefatsʼe ho hlohonolofatsa maphelo a rona joang?

Ho bolela eng ho hlola lefatsʼe? Ho bolela ho hlola teko ea ho tsotella lintho tsa lefatsʼe lena ho feta tsa Molimo. Ho bolela ho tsʼepa thuto ea Kreste ho feta lipolelo tsa bohlale ba batho. Ho bolela ho thabela ’nete, ho nyatsa thetso le ho ba “balateli ba ikokobelitseng ba Kreste.”6 Ho bolela ho khetha ho qoba ntho efe kapa efe e lelekang Moea Ho bolela ho ikemisetsa ho “lesa” esita le libe tseo re li ratang haholo.7

Bonnete ho hlola lefatsʼe ha ho bolele ho ba ea phethahetseng bophelong bona, kapa ho bolela hore mathata a hao a tla fetoha mouoane ka mohlolo—hobane a ke ke a etsa joalo. ʼMe ha ho bolele hore u ntse u ke ke ua etsa liphoso. Empa ho hlola lefatsʼe ho bolela hore ho hanyetsa ha hao sebeng hau ho tla eketseha. Pelo ea hau e tla nolofala ha tumelo ea hau ho Jesu Kreste e ntse e eketseha.8 Ho hlola lefatsʼe ho bolela ho holela ho rata Molimo le Mora oa Hae ea Ratehang ho feta kamoo u ratang mang kapa mang kapa eng kapa eng.

Joale, re ka hlola lefatʼse le joang? Morena Benjamin o re rutile hore na joang. O boletse a re “motho oa nama ke sera ho Molimo” ’me o lula a le joalo ka ho sa feleng “ntle le hore a inehele ho lits´usumetso tsa Moea o Halalelang, ’me a hlobole motho oa nama ’me a fetohe mohalaleli ka thekolohelo ea Kreste Morena.”9 Nako le nako ha u batla le ho latela litsʼusumetso tsa Moea, nako le nako ha u etsa ntho efe kapa efe e ntle—lintho tseo “motho oa nama” a neng a ke ke a li etsa—o hlola lefatsʼe.

Ho hlola lefatsʼe ha se ketsahalo e etsahalang ka letsatsi kapa a mabeli. E etsahala bophelong bohle ba rona ha re ntse re amohela ka kamehla thuto ea Kreste. Re hlaolela tumelo ho Jesu Kreste ka ho baka letsatsi le letsatsi le ho boloka lilekane tse re fang matla. Re lula tseleng ea selekane ʼme re hlohonolofatsoa ka matla a semoea, tsʼenolo ea botho, tumelo e ntseng e eketseha, le bosebeletsi ba mangeloi. Ho phela ka thuto ea Kreste ho ka hlahisa tsoelopele e matla ka ho fetisisa ea bokhabane, ho etsa hore ho be le matla a isang pele a moea bophelong ba rona.10

Ha re ntse re leka ho phela melao e phahameng ea Jesu Kreste, lipelo tsa rona le limelo tsa rona li qala ho fetoha. Mopholosi o re phahamisetsa ka holimʼa khahlamelo ea lefatsʼe lena le oeleng ka ho re hlohonolofatsa ka lerato le leholo, boikokobetso, ho fana, mosa, boitsʼoaro, khotso, le phomolo.

Joale, mohlomong u ka nahana hore sena se utloahala e le mosebetsi o boima oa moea ho feta ho phomola. Empa ʼnete e hlollang ke ena: le hoja lefatsʼe le tsitlella hore matla, matlotlo, botumo, le menyaka ea nama li tlisa thabo, ha ho joalo! Lia sitoa! Tseo li lihlahisang hase letho haese ntle le sebaka se sekoti ho nkela “boemo ba lehlohonolo le ba thabo tsa [ba] bolokang litaelo tsa Molimo.”11

ʼNete ke hore ho khathatsa le ho feta ho batla thabo moo u ke keng ua e fumana! Leha ho le joalo, ha u ipana jokong ea hau ho Jesu Kreste me u etsa mosebetsi oa moea o hlokahalang ho hlola lefatsʼe, ke Eena feela, ea nang le matla a ho u phahamisetsa ka holimʼa ho hahlameloa ha lefatsʼe lena.

Joale, ho hlola lefatsʼe ho hlohonolofatsa maphelo a rona joang? Karabo e hlakile: ho kena kamanong ea selekane le Molimo ho re tlamella ho eena ka tsela e nolofaletsang tsohle tsa bophelo. Ke kopa le seke la nkutloella: Ha kea ka ka re ho etsa lilekane ho nolofatsa bophelo. Ha e le hantle, lebella khanyetso, hobane mohanyetsi ha a batle hore u fumane matla a Jesu Kreste. Empa ho ipana jokong le Mopholosi ho bolela hore u ka fumana matla a Hae a topollo.

Setśoantśo
Mookameli Ezra Taft Benson

Ke tiisa thuto e tebileng ea Mookameli Ezra Taft Benson: “Banna le basali ba nehelang maphelo a bona ho Molimo ba tla fumana hore A ka etsa ho hongata bophelong ba bona ho feta kamoo ba ka khonang. O tla tebisa thabo ea bona, a holise pono ea bona, a phelise likelello tsa bona, … a phahamise meea oa bona, a atise mahlohonolo a bona, a eketse menyetla ea bona, a tsʼelise meea ea bona, a phahamise metsoalle, ʼme a tsʼollele khotso.”12

Litokelo tsena tse ke keng tsa bapisoa li latela ba batlang tsʼehetso ea leholimo ho ba thusa ho hlola lefatsʼe lena. Ho fihlela sena, ke fetisetsa ho litho tsa Kereke eohle taelo e tsʼoanang eo ke faneng ka eona ho bacha ba rona Motsʼeanong o fetileng. Ke ile ka ba khothalletsa ka nako eo—’me kea ipiletsahona joale—hore le nke boikarabelo ba bopaki ba lona ba Jesu Kreste le Evangeli ea Hae. Bo sebeletseng. Bo holisenghore bo tle bo hole. Bo fepeng ʼnete. U se ke ua bo silafatsa ka bohlale ba bohata ba banna le basali ba sa lumeleng. Ha u ntse u etsa hore ho tiea ho tsoelang pele ha bopaki ba Jesu Kreste e be ntho e tlang pele bophelong ba hao, ela hloko mehlolo e etsahalang bophelong ba hao.13

Setśoantśo
Mookameli Nelson sethaleng ka Seboka se akaretsang

Kopo ea ka ho lona hoseng hona ke ho fumana phomolo ho tloha botebong, ho hloka botsitso, le matsʼoenyehong a lefatsʼe lena ka ho hlola lefatsʼe ka lilekane tsa hau le Molimo. Mo tsebise ka lithapelo tsa hau hore u ikemiselitse ho hlola lefatsʼe. Mo kope ho khantsʼa kelello ea hao le ho romela thuso eo u e hlokang. Letsatsi ka leng, ngola mehopolo e tlang ho uena ha u rapela; ebe u latella ka tjantjello. Qeta nako e ngata tempeleng, ʼme u batle ho utloisisa hore na tempele e u ruta joang ho phahamela lefatsʼe lena le oeleng.14

Joaloka ha ke boletse pejana, ho bokelloa ha Iseraele ke mosebetsi oa bohlokoahali o etsahalang lefatsʼeng kajeno. Ntlha e ʼngoe ea bohlokoa ea pokello ena ke ho lokisetsa batho ba khonang, ba itokisitseng, le ba lokeloang ke ho amohela Morena ha A khutla hape, batho ba seng ba khethile Jesu Kreste holimʼa lefatsʼe lena le oeleng, batho ba thabelang boikhethelo ba bona ho phela bophelo bo phethahetseng, melao e halalelang ea Jesu Kreste.

Setśoantśo
ʼmʼe le morali ba shebile litsʼoantsʼo tsa Baokameli ba Kereke Setsing sa Liboka.

Ke ipiletsa ho lona bana beso ba ratehang, hore le fetohe batho bana ba lokileng. Ananela le ho hlompha lilekane tsa hau ho feta boitlamo bo bong le bo bong. Ha u lumella Molimo ho hlola bophelong ba hau, ke u tsʼepisa khotso e kholo, boitsʼepo, thabo, ʼme ee, le phomolo.

Ka matla a boapostola a halalelang ao ke a filoeng, ke le hlohonolofatsa boitekong ba lona ba ho hlola lefatse lena Ke le hlohonolofatsa ho eketsa tumelo ea lona ho Jesu Kreste le ho ithuta ha betere mekhoa ea ho sebelisa matla a Hae. Ke le hlohonolofatsa hore le tsebe ho lemoha ʼnete le phoso. Ke le hlohonolofatsa ho tsotella haholo lintho tsa Molimo ho feta tsa lefatsʼe lena. Ke le hlohonolofatsa ho bona litlhoko tsa ba le potileng le ho matlafatsa bao le ba ratang. Hobane Jesu Kreste o hlotse lefatsʼe lena, le lona le ka khona. Ke pakahatsa joalo ka lebitso le halalelang la Jesu Kreste, amen.

Hatisa