2022
Lefa la Khothatso-Likarolo tse qotsitsoeng
Pulungoana 2022


Molaetsa oa Khoeli, Liahona Pulungoana, 2022

Lefa la Khothatso

Likarolo tse qotsitsoeng

Setśoantśo
sefofane sa pampiri se nang le seriti sa sefofane

Joaloka ha ’Mè a ile a mpolella ha ke tletleba ka hore na ntho e ’ngoe e ne e le thata hakae, “Oho Hal, ehlile ho thata. E lokela hoba joalo. Bophelo ke teko.” Bophelo bo maqheka.

O ne a ka bua joalo{ a khobile matsʼoafo, ka bonolo leho bososela, hobane o ne a tseba lintho tse peli. Ho sa natsehe bothata boo, se neng se tla ba bohlokoa haholo e ne e tla ba ho fihla hae ho ba le Ntate oa hae ea Maholimong. ʼMe o ne a tseba hore a ka e etsa seo ka tumelo ho Mopholosi oa hae. …

Lefa la khothatso leo a re sietseng lona le hlalositsoe hantle ka ho Moroni 7, moo Mormone a khothatsang mora oa hae Moroni le batho ba habo. …

O behile Jesu Kreste ka pele, joaloka ha ho etsa bohle ba atlehang ho fana ka khothatso ho ba sokolang ho ea holimo tseleng e eang lehaeng la bona la leholimo. …

Mormone o ile a bona bonolo e le bopaki ba matla a tumelo ea bona. …

Mormon joale o ba khothatsa ka ho paka hore ba tseleng ea ho amohela mpho ea lipelo tsa bona tse tletseng lerato le hloekileng la Kreste. …

Ha ke hetla morao, joale ke bona kamoo neo eo ea qenehelo—lerato le hloekileng la Kreste—le ileng la matlafatsa, la tataisa, la tsʼehetsa, le ho fetola ʼMè oa ka mathateng a tsela ea hae ea ho khutlela hae. …

… Mopholosi o tseba mathata a hau ka botlalo. O tseba bokhoni ba hau bo boholo ba ho hola tumelong, tsʼepong, le leratong.

Litaelo le lilekane tseo a u fang tsona ha se liteko ho u laola. Ke mpho ea ho u phahamisetsa ho ho lebana le ho amohela limpho tsohle tsa Molimo le ho khutlela hae ho Ntatʼao ea Maholimong le Morena, ea u ratang.

Hatisa