2023
Nahana Celestiale!
Pulungoana 2023


Molaetsa oa Khoeli Liahona Pulungoana 2023

Nahana Celestiale!

Likhetho tsa hau li tla laola hore na u tla phela kae ka ho sa feleng,´mele o tlang ho tsoha ka oona,le bao u tlang ho phela le bona ka ho sa feleng.

Bana beso ba ratehang, ke motlotlo ho bua le lona hoseng hona. Lilemong tsaka, letsatsi ka leng le tlisa lintho tse ntle le limakatso tse qholotsang. Libeke tse tharo tse fetileng, ke itemalitse mesifa ea mokokotlo oaka. Joale, leha ke ile ka fana ka lipuo tse fetang 100 tsa seboka se akaretsang ke eme, kajeno ke tla etsa seo ke lutse. Ke rapela hore Moea o Halalelang o tle o ise mantsoe aka lipelong tsa lona kajeno.

Ha se khale ha ke keteka lilemo tse 99 tsa tlhaho ´me ke qala selemo sa bo 100 tsa ho phela. Hangata ke botsoa ka sephiri sa ho phela nako e telele hakana. Potso e betere e ne e tla ba “Ke eng eo ke ithutileng eona ho lilemo tse lekholo tseo ke li phetseng?”

Kajeno nako ha e ntumelle ho araba potso eo ka botlalo, empa ke tla arolelana le lona e ´ngoe ea lithuto tsa bohlokoahali tseo ke ithutileng tsona.

Ke ithutile hore morero oa Ntate ea Maholimong bakeng sa rona oa babatseha, hore seo re se etsang bophelong bona se bohlokoa, le hore Topollo ea Mopholosi ke eona e etsang hore morero oa Ntate o khonahale.1

Joaloka ha ke ntse ke loants´ana le bohloko bo matla bo bakiloeng ke kotsi eaka ea haufinyane, ke bile le teboho e tebileng ho Jesu Kreste le mpho ea Topollo ea Hae e fetang kutloisiso. Nahana ka seo! Mopholosi o sotliloe ke “bohloko le mahlomola le liteko tsa mefuta eohle”2 hore a tle a re ts´elise, a re folise, a re pholose ha ho hlokeha.3 Jesu Kreste o hlalositse boiphihlelo ba Hae Gethsemane le Calvary: “Ts´otleho e bakileng hore ´na, ke le Molimo ea moholo-holo ho feta bohle, ke thothomele ka lebaka la bohloko le ho lutla mali masobeng ohle.”4 Kotsi eaka e bakile hore ke nahane hangata le hangata ka “boholo ba Mohalaleli oa Iseraele.”5 Nakong ea ho fola haka, Morena o bonahalitse matla a Hae a bomolimo ka litsela tse tletseng khotso le ho hloka liphoso.

Setśoantśo
Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. September 30 - October 1, 2023. Pictures were taken in Peru.

Peru

Ka lebaka la Topollo ea Jesu Kreste, morero oa Ntat´a rona ea Maholimong ke morero o phethahetseng! Ho utloisisa morero o babatsehang oa Molimo ho nts´a qeaqeo bophelong le ho se tsebe hantle ka bokamoso ba rona. Ho lumella e mong le e mong oa rona ho khetha kamoo re tlang ho phela mona lefats´eng le moo re tla phela ka ho sa feleng. Maikutlo a se nang motheo a hore “jang, noang, ´me le thabe, hobane hosane rea shoa, ´me ho tla ba hantle ka rona”6 ke le leng la mashano a bothoto a lefats´e.

Litaba tse kholo tsa morero oa Molimo ke tsena: lintho tse tla etsa bophelo ba hau ba ho shoa e be bo molemo ka ho fetisisa e ka ba tsona tse tlang ho etsa hore bophelo ba hau ho isa bosafeleng bo be molemo ka ho fetisisa ka moo e ka bang bona! Kajeno, e le ho u thusa hore u lokeloe ke mahlohonolo a nonneng ao Ntate ea Maholimong a nang le ona bakeng sa hau, ke u memela ho inkela tloaelo ea “ho nahana celestiale”!7 Ho nahana celestiale! ho bolela ho ba le monahano oa moea. Re ithuta ho tsoa ho moporofeta Jakobo oa Buka ea Mormone hore “ho ba le mohopolo oa moea ke bophelo ba bosafeleng.”8

Setśoantśo
Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. September 30 - October 1, 2023. Pictures were taken in Utah.

United States

Bophelo ba ho shoa ke sebaka se setle bakeng sa ho ithuta ho khetha lintho tse kholo tsa bohlokoa tsa bosafeleng. Batho ba bangata haholo ba phela joaloka ha eka bophelo bona ke bona feela. Leha ho le joalo, liketso tsa hau kajeno li tla laola lintho tse tharo: moo u tla phela ka ho sa feleng,´mele o tlang ho tsoha ka oona, le bao u tlang ho phela le bona ka ho sa feleng. Kahoo, nahana celestiale.

Molaetseng oaka oa pele ke le Mookameli oa Kereke, ke ile ka le khothaletsa ho qala le nahanne ka qetello. Sena se bolela ho etsa ´muso oa celestiale sepheo sa hau sa bosafeleng u bile u ntse u nahana ka hloko hore na likhetho tsa hau ha u ntse u le lefats´eng li tla u isa kae bophelong bo tlang.9

Morena o rutile ka ho hlaka hore ke banna le basali feela ba tlamahantsoeng e le monna le mosali tempeleng, ′me ba boloka lilekane tsa bona, ba tla ba hammoho ho isa ka ho sa feleng. O itse, “Lilekane, litumellano, litlamo, lits´oanelo, lihlapanyo, likano, liketsahalo, likhokahanyo, likopano, kapa litebello tsohle, tse sa etsoang le ho kena ho tsona le ho tlamahanngoa ke Moea o Halalelang oa ts´epo … li na le qetello ha batho ba shoele.”10

Kahoo, ha re khetha ka ho hloka bohlale ho phela melao ea telestiale hajoale, re khetha ho tsoha ka ´mele oa telestiale. Re khetha ho se phele le malapa a rona ka ho sa feleng.

Joale bana beso ba ratehang, ke joang le kae ′me le mang moo u batlang ho phela ka ho sa feleng? U lokela ho khetha 11

Ha u etsa likhetho, ke u memela ho shebela pele—chebahalo ea bosafeleng. Beha Jesu Kreste pele, hobane bophelo ba hau ba bosafeleng bo its´etlehile holim´a tumelo ea hau ho Eena le ho Topollo ea Hae.12 Bo its´etlehile hape le ho mamelo ea hau ea litaelo tsa Hae. Mamelo e betla tsela bakeng sa bophelo ba thabo bakeng sa hau kajeno le moputso o moholohali oa bosafeleng ka moso.

Ha u tobana le mathata, nahana celestiale! Ha u lekoa ke moleko, nahana celestiale! Ha bophelo kapa batho bao u ba ratang ba u phoqa, nahana celestiale! Ha e mong a shoa pele ho nako, nahana celestiale! Ha e mong a na le bokuli bo bohloko, nahana celestiale! Ha likhatello tsa bophelo li roalellana holim´a hau, nahana celestiale! Ha u ntse u oka maqeba a kotsi kapa temalo, joaloka ha ke ntse ke etsa hajoale, nahana celestiale!

Ha u ntse u tsepamisa maikutlo ka ho nahana celestiale, lebella ho kopana le bohanyetsi.13 Lilemo tse ngata tse fetileng, mosebetsi ´moho le ´na o ile a ´nyatsa ka ho ba le “tempele haholo” kahare ho ´na, le baokameli ba fetang bonngoe ba ile ba nkahlola ka lebaka la tumelo eaka. Ke kholisehile, leha hole joalo, hore ho nahana celestiale ho ntlafalitse mosebetsi oaka.

Ha u ntse u nahana celestiale, pelo ea hau e tla fetoha hanyane ka hanyane. U tla batla ho rapela haholoanyane ´me ka bots´epehi. Ke kopa u se ke ua etsa lithapelo tsa hau joaloka ha eka ke lethathamo la ho reka mabenkeleng. Pono ea Morena e feta bohlale ba motho. Karabo ea Hae ho lithapelo tsa hau e ka u makatsa ´me e tla u thusa ho nahana celestiale.

Lemoha karabo ea Morena ho Joseph Smith ha a ne a kopa ho lokolloa Chankaneng ea Liberty. Morena o rutile Moporofeta hore ts´oaro ea hae e hlokang botho e tla mo fa boiphihlelo ´me e tla ba bakeng sa batho ba hae.14 “Haeba u tla e mamella hantle” Morena o ts´episitse, “Molimo o tla u phahamisetsa holimo.”15 Morena o ne a ruta Joseph ho nahana celestiale le ho shebela-pele moputso oa bosafeleng hona le ho tsepamisa maikutlo ho mathata a nyarosang a kajeno. Lithapelo tsa rona li ka ba—me li lokela ho ba—puisano e phelang le Ntat´a rona ea Maholimong.

Ha u ntse u nahana celestiale, u tla iphumana o qoba eng kapa eng e utsoang boikhethelo ba bau. Bokhoba bofe kapa bofe —e ka ba papali, ho becha, likoloto, lithethefatsi, joala, bohale, maponapona, kapa lijo—li khupisa Molimo. Hobaneng? Hobane thahasello ea hau e senyekhe e ba molingoana oa hau. U sheba ho eona ho e-na le ho Eena bakeng sa mats´eliso. Haeba u sokolisoa ke bokhoba, batla thuso eo u e hlokang ea moea le ea litsebi. Ka kopo se ke ua lumella thahasello e senyekhe e utsoe bolokolohi ba hau ba ho latela morero oa Molimo o babatsehang.

Ho nahana celestiale ho tla u thusa ho boloka molao oa bohloeki. Lintho tse fokolang li tla thatafatsa bophelo ba hau kapele ho feta molao oona o halalelang. Bakeng sa ba entseng lilekane le Molimo, boits´oaro bo bobe ke e ´ngoe ea litsela tse potlakileng tseo ba ka lahleheloang ke bopaki ba bona.

Liteko tse ngata tsa bohanyetsi tse sa khaotseng li kenyeletsa ho tlola molao oa bohloeki. Matla a ho etsa bophelo ke monyetla o le mong oa bomolimo oo Ntate ea Maholimong a lumellang bana ba hae ho o etsa. Ke joana, Molimo a etsang litataiso bakeng sa bophelo bona, matla a bomolimo. Kopano ka thobalano kea monna le mosali feela ba nyalaneng.

Boholo ba lefats´e ha bo lumele sena, empa maikutlo a sechaba ha se ona molaoli oa ´nete. Morena o boletse hore ha ho motho ea sa hloekang ea tla fumana ´muso oa celestiale. Ka baka leo, ha u etsa likhetho malebana le boits´oaro, ka kopo nahana celestiale. Haeba u kile oa se ke ua hloeka, ke u kopa hore u bake. Tloho ho Jesu ´me u fumane ts´episo ea Hae e feletseng ea ts´oarelo ha u baka libeng tsa hau ka botlalo.16

Setśoantśo
Three young children sit together and watch a session of conference together. Part of a worldwide series of photographs taken in connection with General Conference. September 30 - October 1, 2023. Pictures were taken in Denmark.

Denmark

Ha u nahana celestiale, u tla sheba mathata le bohanyetsi ka tsela e fapaneng. Ha e mong eo u mo ratang a loants´a ´nete, nahana celestiale, ´me u se ke ua halala bopaki ba hau. Moapostola Paulosi o ile a porofeta hore “matsatsing a ho qetela ba bang ba tla koenehela tumelo, ´me ba mamele meea ea boeki le lithuto tsa batemona.”17

Ha hona qetello ea lithetso tsa bohanyetsi. Ka kopo itokise. Se ke ua nka keletso ho ba sa lumeleng. Batla tataiso ho mantsoe ao ua ts´epang—ho tsoa ho baporofeta, linohe le basenoli le ho tsoa ho linyenyetso tsa Moea o Halalelang ea tlang ho u “bonts´a lintho tsohle tseo u lokelang ho li etsa.”18 Ka kopo etsa mosebetsi oa moea ho eketsa bokhoni ba hau ba ho fumana ts´enolo ea botho.19

Ha u nahana celestiale, tumelo ea hau e tla eketseha. Ha ke ne ke le moithuti ea monyenyane ea koetlisong, lekeno la ka e ne e le $15 ka khoeli. Bosiung bo bong, mohats´aka Dantzel o ile a botsa hore na ke lefa boshome ho tsoa cheleteng eo e nyenyane hakaalo. Ke ne ke sa etse joalo. Ka potlako ka baka me ka qala ho lefa tlatsetso ea $1.50 e le boshome ba khoeli le khoeli.

Na Kereke e ile ea fetoha ka lebaka la hore re ekelitse boshome ba rona? Ha ho joalo. Leha ho le joalo, ho ba molefi oa boshome bo felletseng ho ile ha mphetola. Ke ha ke tla ithuta hore ho lefa boshome ke ka tumelo feela, e seng chelete. Ha ke se ke lefa boshome bo feletseng, likhoro tsa leholimo li ile tsa qala ho buleha bakeng saka. Ke hokahanya menyetla eohle ea botsebi ee ileng ea latela kamorao ho bots´epehi ba rona ba ho lefa boshome.20

Ho lefa boshome ho hloka tumelo, ´me hape ho holisa tumelo ho Molimo le ho Mora oa Hae ea Ratehang.

Ho khetha ho phela ka bokhabane lefats´eng lena le ts´ehetsang thobalano, le polotikang ho holisa tumelo.

Ho qeta nako e ngata tempeleng ho holisa tumelo. Bosebeletsi le khumamelo ea hau tempeleng ho tla u thusa ho nahana celestiale. Tempele ke sebaka sa ts´enolo. Ke moo u bonts´oang hore na u tsoelapele ho ea ho bophelo ba celestiale joang. Ke moo u tlisoang haufi le Mopholosi le ho fuoa katamelo e kholohali ea matla a Hae. Ke moo u tataisoang ho rarolla mathata bophelong ba hau, esita le mathata a nyarosang a hau.

Lits´ebeletso le lilekane tsa tempele ke tsa bohlokoa ba bosafeleng. Re tsoelapele ho aha litempele tse ngata ho etsa hore menyetla ena e halalelang e fetohe ´nete bophelong ba rona ka bo mong. Re motlotlo ho phatlalatsa merero ea rona ea ho aha tempele libakeng tsena tse latelang tse 20 

  • Savai’i, Samoa

  • Cancún, Mexico

  • Piura, Peru

  • Huancayo, Peru

  • Viña del Mar, Chile

  • Goiânia, Brazil

  • João Pessoa, Brazil

  • Calabar, Nigeria

  • Cape Coast, Ghana

  • Luanda, Angola

  • Mbuji-Mayi, Democratic Republic of the Congo

  • Laoag, Philippines

  • Osaka, Japan

  • Kahului, Maui, Hawaii

  • Fairbanks, Alaska

  • Vancouver, Washington

  • Colorado Springs, Colorado

  • Tulsa, Oklahoma

  • Roanoke, Virginia

  • Ulaanbaatar, Mongolia

Morena o re tataisa ho aha litempele tsena ho re thusa ho nahana celestiale. Molimo oa phela. Jesu ke Kreste. Kereke ea Hae e tsosolositsoe ho hlohonolofatsa bana bohle ba Molimo. Ke pakahatsa joalo ka lebitso la Jesu Kreste, amen.

Lintlha

  1. Bona Johanne 6:38.

  2. Alma 7:11.

  3. Bona Alma 7:12

  4. Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18.

  5. 2 Nefi 9:40.

  6. 2 Nefi 28:7

  7. Ho ka netefatsa hore ho bobebe ho baka le ho tsoelapele moeeng mona, ha moea oa rona o ntse o kopane le ´mele oa rona, ho feta lefats´eng le tlang lipakeng tsa nako eo re shoang le eo re tsohang bafung. Joaloka ha Amuleke a rutile ba Zorame ba bakoenihi, “Bophelong bona ke nako … ea ho lokisetsa ho kopana le Molimo” (bona Alma 34:32–35).

  8. 2 Nefi 9:39.

  9. Bona Mosaia 4:30, moo Morena Benjamini a neng a bua le sechaba sa hae “Haeba le sa itekole, le mehopolo ea lona, le mantsoe a lona, le liketso tsa lona, ´me le ele hloko litaelo tsa Molimo, ´me le tsoelepele ka tumelo … , le tlameha ho timela.”

  10. Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 132:7; khatiso e ekelitsoe.

  11. Ehlile, boikhethelo ba hau bo ke ke ba tlosa boikhethelo ba e mong le litlamorao tsa teng. Ke ne ke tsielehile ke batla ho tlamahanngoa ho batsoali baka. Ke ile ka lokela ho ema ho fihlela ba khetha ho fuoa letlotlo, ha ba le lilemo tse fetang tse 80 . ´Me ba ile ba tlamahanngoa e le monna le mosali, me rona bana ra tlamahanngoa ho bona.

  12. Mangolo a halalelang a paka ka makhetlo hore mpho ea bophelo ba bosafeleng e khonahala feela ka melemo, mohau le mosa oa Mopholosi Jesu Kreste (bona, bakeng sa mohlala, Moroni 7:41; bona hape 2 Nefi 2:6–8, 27).

  13. Bona 2 Nefi 2:11.

  14. Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 122:7.

  15. Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 121:8.

  16. Bona Esaia 1:16–18; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:42-43.

  17. 1 Timothia 4:1. Temana e latelang e tsoelapele,“Ho bua leshano ka boikaketsi; bao matsoalo a bona a halikiloeng ka ts’epe e chesang” (temana 2). Paulosi le eena o boletse hore bohle ba “phelang ka bomolimo ho Kreste Jesu ba tla tobana le lihloriso” (2 Timothia 3:12).

  18. 2 Nefi 32:5; khatiso e ekelitsoe. Ha re kopa, re tla “fuoa ts´enolo holim´a ts´enolo, tsebo holim´a tsebo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 42:61).

  19. Bona Russell M. Nelson, “Ts´enolo Bakeng sa Kereke, Ts´enolo Bakeng sa Bophelo ba Rona,” Ensign kapa Liahona, Mots´eanong 2018, 96.

  20. Sena ha se bolele hore ho na le kamano lipakeng tsa sesosa le litlamorao. Ba bang ba sa lefeng boshome le ka mohla o le mong ba fumana menyetla ea mesebetsi, ha ba bang ba lefang boshome ba sa e fumane. Ts´episo ke hore likhoro tsa leholimo li tla buleloa ba lefang boshome. Boemo ba lihlohonolofatso bo tla fapana.

Hatisa