2023
Mebuso ea Khanya
Pulungoana 2023


Molaetsa oa Khoeli Liahona, Mots´eanong 2023

Mebuso ea Khanya

Likarolo tse qotsitsoeng

Setśoantśo
alt text

Madagascar

Thuto e senotsoeng ea kereke ea Jesu Kreste e tsosolositsoeng e ruta hore bana bohle ba Molimo—ka ho qolla karolo e fokolang ho ela hloko mona—qetellong e tla ba majalefa a o mong oa mebuso ea khanya e meraro, le e nyenyane ea eona e “fetang kutloisiso eohle” [Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:89]. …

Tloaelo le thuto ea tumelo e ´ngoe e ikhethileng ea kereke e tsosolositsoeng ke melao le lilekane tse hlahisitsoeng tse fang bana bohle ba Molimo monyetla o halalelang oa ho lokeloa ke ´muso o ka holimo-limo oa khanya ´musong oa celestiale. Qetello ea leeto leo le ka holimo-limo—phahamiso ´musong oa celestiale—ke seo Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e tsepameng ho sona. …

… Kahare ho khanya ea “celestiale” ho na le mekhahlelo e meraro, eo ho eona o ka holimo-limo e leng phahamiso ´musong oa celestiale. …

Morero oa Molimo o thehiloeng holim´a ´nete ea bosafeleng, o hloka phahamiso e fumanoe feela ka bots´epehi ho lilekane tsa lenyalo la bosafeleng pakeng tsa monna le mosali ka tempeleng e halalelang, moo lenyalo qetellong le tlang ho ba teng ho ba ts´epahetseng. …

Kahlolo ea Ho Qetela ha se feela hlahlobo ea liketso tse ntle le tse mpe—tseo re li entseng. E ipapisa le khahlamelo ea liketso le menahano—seo re bileng sona. Re lokeloa ke bophelo ba bosafeleng ka mokhoa oa ts´okoloho. …

Ka lebaka la Jesu Kreste le Topollo ea Hae, ha re fosa bophelong bona, re ka baka ra khutlela leetong la selekane le lebisang ho seo Ntate ea Maholimong a re lakaletsang sona.

Hatisa