Motsoalle
Lilekane le Boikarabello
Mots´eanong 2024


Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Mots´eanong 2024

Lilekane le Boikarabello

Mantsoe a qotsitsoeng

Setśoantśo
alt text

Philippines

Selekane ke boikemisetso ba ho fihlela boikarabello bo itseng. Boikemisetso ba botho bo bohlokoa tsamaisong ea bophelo ba rona ka bo mong le ho ts´ebetso ea sechaba. …

Ha nako ea Tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste e felletseng e fihla, Molimo o ile a bitsa Moporofeta Joseph Smith. … [Buka ea Mormone] ke mohloli o moholo oa Tsosoloso bakeng sa evangeli e felletseng, ho kenyeletsa morero oa Molimo bakeng sa bana ba Hae, ´me Buka ea Mormone e tletse ka lits´upiso ho lilekane. …

Lilekane e bile motheo ho Tsosoloso ea evangeli. Sena se pakahatsa hore likhato tsa qalong Morena o ile a tataisa Moporofeta ho li nka ha a ne a hlophisa Kereke ea Hae. …

Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e ntse e aha litempele hohle lefats´eng. Sepheo sa tsona ke ho hlohonolofatsa bana ba selekane ba Molimo ka khumamelo ea tempele le ka boikarabello bo halalelang le matla le lihlohonolofatso tse ikhethang tsa ho tlamahana ho Kreste tseo ba li fumanang ka selekane.

Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e tsebahala e le kereke e toboketsang ho etsa lilekane le Molimo. Lilekane ke karolo ea bohlokoa ea lits´ebeletso tsa pholoho le phahamiso tse etsoang ke kereke e tsolositsoeng. Ts´ebeletso ea kolobetso le lilekane tse amanang le eona ke lintho tse hlokehang bakeng sa ho kena ´musong oa Celestiale. Lits´ebeletso le lilekane tse amanang le tsona ke lintho tse hlokehang bakeng sa thabo le nyakallo ea leholimo le holimo-limo ´musong oa Celestiale, eo e leng bophelo bo sa feleng, “mpho ea Molimo e fetang tsohle” (Lithuto tsa Tumelo le Likelane 14:7). Seo ke sona sepheo sa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.

Hatisa