Motsoalle
Tsohle li Tla Loka Ka Lebaka La Lilekane tsa Tempele
Mots´eanong 2024


Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Mots´eanong 2024

Tsohle li Tla Loka Ka Lebaka La Lilekane tsa Tempele

Mantsoe a qotsitsoeng

Setśoantśo
alt text

USA

Bana beso, ke paka ka boikokobetso hore ha re etela tempele, re ka hopotsoa ka tlholeho ea ka ho sa feleng ea moea oa rona, likamano tsa rona le Ntate le Mora oa Hae ea bomolimo, le takatso ea rona ea ho bohlokoa ea ho khutlela lehaeng la rona la leholimo. …

Ka tlas´a tataiso e susumelitsoeng ea Mookameli Nelson, Morena o potlakisitse, ´me o tla tsoelapele ho potlakisa khaho ea litempele ho phatlalla le lefats´e. Sena se tla fa bana bohle ba Molimo monyetla oa ho amohela lits´ebeletso tsa pholoho le phahamiso le ho nka le ho boloka lilekane tse halalelang. …

Ho nka karolo khafetsa litsebeletsong tsa tempele ho ka bopa sebopeho sa boinehelo ho Morena. Ha u boloka lilekane tsa hau tsa tempele ´me u li hopola, u mema bolekane ba Moea o Halalelang ho u matlafatsa le ho u hloekisa. …

Ke ka selekane se tlamahanyang ka tempeleng re ka fumanang netefatso ea likhokahanyo tsa lerato tsa lelapa tse tla tsoelapele kamor´a lefu ´me li ts´oarelle bakeng sa bosafeleng. Ho hlompha lilekane tsa lenyalo le lelapa tse entsoeng litempeleng tsa Molimo ho tla fana ka ts´ireletso ho bobe ba boichebo le boikhohomoso …

Liteko, liqholotso, le ho opeloa ke hlooho tsona li tla tla ho rona bohle. Ha ho mang kapa mang oa rona ea sa tlo utloa “meutloa ea nama” [bona 2 Bakorinthe 12:7–10]. Empa, ha re ea tempeleng ´me re hopola lilekane tsa rona, re ka itokisetsa ho amohela tataiso ea botho ho tsoa ho Morena. …

Bana beso ba ratehang, ke le behela bopaki ba hore ha ho letho le molemo ho feta ho hlompha lilekane tseo le li entseng kapa tseo le ka li etsang tempeleng.

Hatisa