2021
Etsa U Ngole Letho
Phupu 2021


“Etsa U Ngole Letho,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phupu 2021, 18-19.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Molaetsa, Phupu 2021

Etsa U Ngole Letho

Ho ngola mehopolo ea hau ha u ntse u bala mangolo a halalelang, ruri ho thusa ho ithuta.

“Ka nako eohle ha ke qala ho bala mangolo a halalelang kea khaleha!” morumuoa lichabeng e mong a bolella moetapele oa hae oa bongosa ba kereke. “Ekare mangolo a halalelang ke pilisi ea boroko!”

Moetapele oa hae oa bongosa ba kereke a araba, “Na u oa ngola ha u bala?”

“Che,” ho rialo morumuoa lichabeng.

“Ho bobebe ho khaleha kapa ho lumella kelello hore e hlahlathele ha u bala feela,” ho rialo moetapele, “empa ho ka se etsahale ha u kenyeletsa ho ngola!”

Keletso eo moetapele oa bongosa ba kereke a e fileng morumuoa lichabeng ea sokolang e entse phetoho e kholo. Haeba u ntse u batlana le mokhoa oa ho ntlafatsa tsela eo u balang mangolo a halalelang ka teng, beha sena tekong. Ha u ngola ka seo u se balang, u tla iphumana u bala ka botebo ebile u ithuta betere.

Ke ena mekhoa eo re e fumaneng e ka thusang.

Ntate Steven Lund:

Setśoantśo
Steven Lund

Ke beha pampiri haufi ha ke bala. Ha Moea o ntśusumetsa ha ke ntse ke bala,ke ngola litśusumetso tseo fatśe.

Ke nkile mohopolo ho Moholo Richard G. Scott (1928-2015) oa Baapostola ba Leshome le Metso e ʹMeli, ea itseng: “Ngola fatśe moo ho bolokehileng lintho tsa bohlokoa tseo u ithutang ho tsoa ho Moea. U tla fumana hore ha u ngola linyenyeletso tsa bohlokoa fatśe, hangata tse ngata li tla tla. Hape, le tsebo eo u e fumanang e tla fumaneha bophelo bohle ba hau” (“To Acquire Knowledge and the Strength to Use It Wisely,” Ensign, Phuptjane 2002, 32).

Kea tseba mantsoe ana ke ʹnete. Ha ke lokisa lipuo le lithuto, ha ke ee mangolong a halalelang feela hape ke ea le ho tseo ke li ngotseng fatśe ha ke ne ke li bala.

Ntate Ahmad Corbitt:

Setśoantśo
Ahmad Corbitt

Ke rata ho bala ho ea ka lihlooho. Ke rata ho bala mangolo a halalelang ho tloha qalong ho isa qetellong, hape ke thabela ho potoloha le ho ithuta lihlooho. Mohlala, ke tla sebelisa Tataiso ea Lihlooho ho fumana mangolo a halalelang ka tumelo kapa ka khokahanyo ea Israele. Joale ebe ha ke ngole feela, empa ke ngola tseo ke ithutang e le ho netefatsa hore ruri kea utloisisa. Ke lula ke hlolloa ke kamoo ke utloisisang ha betere ha ke etsa sena. Hape ke khetha a mang a mangolo a halalelang hore ke a tsebe ka hlooho.

Ntate Bradley Wilcox:

Setśoantśo
Bradley Wilcox

Ke boloka buka ea ho ithuta moo ke ngolang mangolo a halalelang ka mantsoe aka. Mohlala, “Motho oa tlhaho ke sera ho Molimo” (Mosiah 3:19) o fetoha “Ka lebaka la ho ikhantśa le ho se bake, motho o ikhethela hoba sera sa Molimo empa Molimo eena ha ebe sera sa motho. Molimo ke motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo.”

Hape ke ngola lipotso. Ekaba lipotso tseo ke li nahanang pele ke bala kapa e be lipotso tse hlohlellelitsoeng ke tseo ke li balileng. Leha ho ka ba joang, e nthusa hore ke tsepame.

Matla a Ho Ngola Mehopolo Ea Hau

E mong le e mong boetapeleng ba rona o bala mangolo a halalelang ka tsela e fapaneng, empa kaofela rea ngola ha ntse re bala!

Ho bala ho re thusa ho kenya mehopolo le maikutlo hare-hare ho rona. Seo se bohlokoa. Hape ha re bua kapa re ngola re sibolla le ho hlalosa mehopolo le maikutlo a kahare ho rona kantle. Re ikutloa hore seo se etsa hore re iketsetse linnete tsa evangeli li be bobebe.

Mohlankana e mong a itśibollela linnete ha a ne a fana ka puo ʹmokeng oa selallo. O ne a ee a utloe ha batho ba bangata ba fane ka lipuo a sa hopole lintlha kaofela. Nakong ena ho ne ho fapane. Ha a ne a ngola puo ea hae, ha e ka ea mo thusa ho fetisa puo e hlophisitsoeng feela empa e mo thusitse ho e hopola nako e telele.

Seo se ka u etsahalla nakong ea thuto ea mangolo a halalelang. Haeba oa khaleha nakong ea ho bala mangolo a halalelang, ena ke nako ea ho phaphama. Leka ho nka pentśele, pene, fono, kapa komporo u qalelle ho ngola. U tla hlolloa ke phaphang eo seo e ka se etsang!

Hatisa