Mangolo a halalelang
Mosaia 3


Khaolo ea 3

Morena Benjamine o nts’etsa pele puo ea hae—Morena ea Matla Ohle o tla sebeletsa har’a batho ka tabernakele ea letsopa—Mali a tla tsoa masobeng oohle a letlalo ha a lefella libe tsa lefats’e—Ke lona feela lebitso leo poloko e tlang—Batho ba ka hlobola motho oa nama ’me ba fetoha Bahalaleli ka Topollo—Tlhokofatso ea ba khopo e tla ba joaloka lets’a la mollo le sebabole. Ka bo 124 B.C.

1 ’Me hape bana beso, ke tla bitsetsa tlhokomelong ea lona, hobane ke na le se senyane seo ke tlang ho se bua le lona haholoanyane; hobane bonang, ke na le lintho tseo ke tla le bolella tsona malebana le seo se tlang.

2 ’Me lintho tseo ke tlang ho le bolella li tlisitsoe tsebong ea ka ke lengeloi le tsoang ho Molimo. ’Me o itse ho ’na: Tsoha; ’me ka tsoha, ’me bonang o ile a ema ka pele ho ’na.

3 ’Me o ile a re ho ’na: Tsoha, ’me u utloe mantsoe ao ke tlang ho u bolella oona; hobane bona, ke tlile ho tla phatlalatsa ho uena litaba tse molemo tsa nyakallo e kholo.

4 Hobane Morena o utloile lithapelo tsa hau, ’me o ahlotse ho loka ha hau, ’me o nthometse ho tla phatlalatsa ho uena hore u tle u nyakalle; ’me hore u tle u phatlalatse ho batho ba heno, hore le bona ba tle ba tlale ka nyakallo.

5 Hobane bonang, nako ea tla, ’me ha e hole, eo ka matla, Morena ea Matla Ohle ea busang, eo a neng, le ho tsoa ho bosafeleng ho ea ho bosafeleng bohle, o tla theohela tlase har’a batho ho tsoa leholimong, ’me o tla lula ka tebarnakele ea letsopa, ’me o tla tsamaea har’a batho, a etsa mehlolo e meholo, joaloka ho folisa ba kulang, ho tsosa ba shoeleng, ho etsa hore ba ritsang ba tsamaee, ba foufetseng ba bone, ba se nang kutlo ho utloa, le ho folisa maloetse a mefuta eohle.

6 ’Me o tla nts’a diabolose, kapa meea e mebe e lulang ka lipelong tsa bana ba batho.

7 ’Me bonang, o tla mamella liteko, le bohloko ba ’mele, tlala, lenyora, le mokhathala, esita le ho feta ka moo motho a ka mamellang, ntle le hore e be ho isa lefung; hobane bonang, mali a tsoa masobeng oohle a letlalo, masisa-pelo a hae e tla ba a maholo haholo bakeng sa bokhopo le manyala a batho ba hae.

8 ’Me o tla bitsoa Jesu Kreste, Mora oa Molimo, Ntat’a leholimo le lefats’e, ’Mopi oa lintho tsohle ho tloha qalong; ’me ’m’e oa hae o tla bitsoa Maria.

9 ’Me bonang, o tla ho ba habo, hore poloko e tle e tle ho bana ba batho esita le ka tumelo ho lebitso la hae; esita le kamor’a tsena tsohle ba tla mo nka e le motho feela, ’me ba re o na le diabolose, ’me ba tla mo otla, ’me ba mo thakhise.

10 ’Me o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro; ’me bonang, o emetse ho ahlola lefats’e, ’me bonang, lintho tsena tsohle li etsoa hore kahlolo e lokileng e tle e tle holim’a bana ba batho.

11 Hobane bonang, hape le mali a hae a lefella libe tsa bao ba oetseng ka tl’olo ea Adama, ba shoeleng ba sa tsebe thato ea Molimo malebana le bona, kapa bao ba entseng libe ka ho hloka tsebo.

12 Empa ho malimabe, ho malimabe ea tsebang hore o fetohile khahlanong le Molimo! Hobane poloko ha e tle ho mang kapa mang ntle le hore e be ka pako le tumelo ho Morena Jesu Kreste.

13 ’Me Morena Molimo o rometse baporofeta ba hae ba halalelang har’a bana ba batho, ho phatlalatsa lintho tsena ho meloko, lichaba, le maleme oohle, hore ka hona e mong le e emong a tle a lumele hore Kreste o tla tla, ba ts’oanang ba tle ba fumane ts’oarelo ea libe tsa bona, ’me ba nyakalle ka nyakallo e fetisisang, esita le joaloka ha eka o se a ntse a tlile har’a bona.

14 Le ha ho le joalo Morena Molimo o bone hore batho bana ke batho ba melala e sataletseng, ’me o ba khethetse molao, esita le molao oa Moshe.

15 ’Me ba bonts’itsoe mats’oao a mangata, le limakatso, le liponts’o, le lits’oants’iso, malebana le ho tla ha hae; ’me hape le baporofeta ba halalelang ba buile le bona malebana le ho tla ha hae, le ha ho le joalo ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona, ’me ba sitoa ho utloisisa hore molao oa Moshe ha o fane ka letho ntle le hore e be ka topollo ea mali a hae.

16 ’Me esita le haeba ho ne ho khoneha hore e be bana ba banyenyane ba ka etsa libe ba ne ba ke ke ba pholosoa; empa ke re ho lona ba ne ba hlohonolofetse; hobane bonang, joaloka ka Adama, kapa ka tlholeho, ba oela, esita le joalo mali a Kreste a lefella libe tsa bona.

17 ’Me ho feta moo, ke re ho lona, ha ho na ba le lebitso le leng le tla fanoa kapa ka tsela e ’ngoe kapa mokhoa oo poloko e ka tlang ho bana ba batho, ke feela ho le ka lebitso la Kreste, Morena ea Matla Ohle.

18 Hobane bonang oa ahlola, ’me kahlolo ea hae e lokile; ’me lesea le shoelang boseeng ba lona ha le timele; empa batho ba ithuela tsuo meeng ea bona ntle le hore ba ikokobetse ’me ba fetohe joaloka bana ba banyenyane, ’me ba lumele hore poloko e ne e le, ’me e, ’me e tla tla ka mali a lopollang a Kreste, Morena ea Matla Ohle.

19 Hobane motho oa nama ke sera ho Molimo, ’me ho bile joalo ho tloha ka ho oa ha Adama, ’me ho tla ba joalo, kamehla le mehla, ntle le hore a inehele ho lits’usumetso tsa Moea o Halalelang, ’me a hlobole motho oa nama, ’me a fetohe mohalaleli ka topollo ea Kreste Morena, ’me a fetohe joaloka ngoana, a be le ho amohela, bonolo, ho ikokobetsa, mamello, ho tlala lerato, a ikemiselitse ho amohela lintho tsohle tseo Morena a bonang ho lokela ho mo hlokofatsa ka tsona, esita le joaloka ha ngoana a amohela ho tsohle ho tsoa ho ntat’ae.

20 ’Me ho feta moo, ke re ho lona, nako e tla fihla ha tsebo ea Mopholosi e tla pharalla hohle lichabeng tsohle, maloko, maleme, le batho.

21 ’Me bonang, ha nako eo e fihla, ha ho na ea tla fumanoa a se na molato ka pele ho Molimo, ntle le bana ba banyenyane, ke ka feela pako le tumelo ho lebitso la Morena Molimo a Matla Ohle.

22 ’Me esita le ka eona nako ena, ha u tla be u rutile batho ba heno lintho tseo Morena Molimo oa hau a u laetseng tsona, esita le joalo ba fumanoa ba se ba se na molato chebong ea Molimo, ntle le feela ho latela mantsoe ao ke a buileng ho uena.

23 ’Me joale ke buile mantsoe ao Morena Molimo a ntaetseng ona.

24 ’Me ho bolela Morena: A tla ema e le bopaki khahlanong le batho bana, ka letsatsi la kahlolo; ka baka leo ba tla ahloloa, motho e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae, hore na e bile metle kapa hore na e bile mebe.

25 ’Me haeba e le mebe ba tla romeloa chebong e bohloko ea melato le manyala a bona, ao a etsang hore ba thothomele ponts’eng ea Morena ho isa boemong ba mahlomola le hlokofalo e se nang pheletso, ho tsoa moo ba ke keng ba hlola ba khutla; ka baka leo ba ithuetse tsuo meeng ea bona.

26 Ka baka leo, ba noele ka hare ho senoelo sa khalefo ea Molimo, seo toka e ke keng ea hlola e ba latolela ho feta ho latola hore Adama o tla oela ka lebaka la ho ja tholoana e thibetsoeng; ka baka leo, mohau o ne o sitoa ho ba le seabo holima bona ho feta moo ka hosafeleng.

27 ’Me tlhokofalo ea bona e joaloka lets’a la mollo le sebabole, leo malakabe a lona a sa timeng, ’me leo mosi oa teng o nyolohelang holimo kamehla le mehla. Ke joana Morena a ntaetseng. Amen.

Hatisa