Mangolo a halalelang
Mosaia 11


Khaolo ea 11

Morena Noe o busa ka bokhopo—O khotsofalla ho phela ka morusu le basali ba hae le lirethe—Abinadi o porofeta hore batho bao ba tla nkeloa litlamong—Morena Noe o batla bophelo ba hae. Ka bo 160–150 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Zeniffe a fane ka puso ho Noe, e mong oa bara ba hae; ka baka leo Noe a qala ho busa sebakeng sa hae; ’me o ne a sa tsamaee ka litsela tsa ntat’ae.

2 Hobane bonang, ha a ka a boloka litaelo tsa Molimo, empa o ile a tsamaea ho latela litakatso tsa pelo ea hae. ’Me o ne a ena le basali ba bangata le lirethe. ’Me o ile a etsa hore batho ba hae ba etse sebe, ’me ba etse seo e neng e le manyala ponts’eng ea Morena. Ee, ’me ba ile ba etsa bofebe le mefuta eohle ea bokhopo.

3 ’Me o ile a beha lekhetho la karolo ea ’ngoe bohlanong ba tsohle tseo ba li ruileng, karolo ea ’ngoe bohlanong ea khauta ea bona le ea silivera sa bona, le karolo ea bo’ngoe bohlanong ea siffe ea bona, le ea koporo ea bona, le ea ts’epe e khubelu ea bona le ts’epe ea bona; le karolo ea ’ngoe bohlanong ea tse nonts’itsoeng tsa bona; ’me hape le karolo ea ’ngoe bohlanong ea lijo thollo tsa bona.

4 ’Me sena sohle o ile a se nka hore a iphelise, le basali ba hae le lirethe tsa hae; ’me hape le baprista ba hae, le basali ba bona le lirethe tsa bona; ke joana a neng a fetotse litaba tsa puso.

5 Hobane o ile a theola baprista bohle ba ileng ba tlotsoa ke ntat’ae, ’me a tlotsa ba bacha bakeng sa bona, joalo ka ba neng ba phahametse boikhohomosong ba lipelo tsa bona.

6 Ee, ’me ke joana ba neng ba ts’ehetsoa ka botsoa ba bona, le ho sebeletsa melimo ea lits’oants’o, le bofebe ba bona, ka likhafa tseo morena Noe a neng a li behile holima batho ba hae; joana batho ba ile ba sebetsa ka ho fetisisa ho ts’ehetsa bokhopo.

7 Ee, ’me ba ile ba fetoha ba rapelang lits’oants’o, hobane ba ne ba thetsitsoe ke mantsoe a thoholetsang a lefeela a morena le baprista; hobane ba ile ba bua lintho tse thoholetsang ho bona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Noe o ile a aha meaho e mengata e metle e meholo; ’me a e khabisa ka mosebetsi o motle oa patsi, le mefuta eohle ea lintho tsa bohlokoa, ea khauta, le ea silivera, le ea ts’epe, le ea ts’epe e khubelu, le ea siffe, le ea koporo;

9 ’Me hape o ile a ikahela ntlo ea borena e kholo, le terone ka har’e ho eona, tsohle tseo e neng e le tsa patsi e ntle ’me e khabisitsoe ka khauta le silivera le ka lintho tsa bohlokoa.

10 ’Me hape o ile a etsa hore basebeletsi ba hae ba tle ba sebetse ka mefuta eohle ea mosebetsi o motle ka har’a mabota a tempele, oa patsi e ntle, le oa koporo, le oa ts’epe e khubelu.

11 ’Me litulo tse neng li khethetsoe baprista ba baholo, tse neng li le holimo ho litulo tse ling tsohle, o ile a li khabisa ka khauta e hloekileng, ’me a etsa hore ho ahoe lebota la ho its’etleha ka pele ho tsona, hore ba tle ba tse’tlehe ’mele ea bona le liphaka ha ba bua leshano le mantsoe a lefeela ho batho ba hae.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore a ahe tora pel’a tempele; ee, tora e phahameng haholo, esita le e phahameng hoo a neng a ka ema kaholimo ho eona ebe o sheba ho feta lefats’e la Shilome, hape le lefats’e la Shemlone, le neng le ruuoe ke Ba-Lamane; ’me o ne a ka sheba hohle lefats’eng leo ho potoloha.

13 ’Me hoile ha etshala hore o ile a etsa hore meaho e mengata e ahoe lefats’eng la Shilome; ’me a etsa hore tora e kholo e ahoe leralleng le ka leboea ho lefats’e la Shilome, leo e neng e le sebaka sa bots’abeli bakeng sa bana ba Nefi nakong eo ba neng ba baleha lefats’eng leo; ’me ke joana a ileng a etsa ka maruo ao a a fumaneng ka ho lefisa batho ba hae lekhetho.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore o ne a behile pelo ea hae maruong a hae, ’me o ne a sebelisa nako ea hae ka ho phela ka morusu le basali ba hae le lirethe tsa hae; ’me le baprista ba hae le bona ba ile ba qeta nako ea bona le liotsoa.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore a leme masimo a merara ho potoloha le lefats’e leo; me a aha metlhotlo ea veine, ’me a etsa veine ka bongata; ’me ka baka leo o ile a fetoha letaoa, hape le batho ba hae.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba qala ho kena ho batho ba hae, ho lipalo tse nyane, ’me ba ba bolaela masimomg a bona, le ha ba ntse ba hlokometse mehlape ea bona.

17 ’Me morena Noe o ile a romela balebeli ho potoloha le lefats’e leo ho ba tlosa; empa ha a ka a romela palo e lekaneng, ’me Ba-Lamane ba ile ba tla holima bona ’me ba ba bolaea, ’me ba khanna bongata ba mehlape ea bona ho tsoa lefats’eng leo; ke joana Ba-Lamane ba ileng ba qala ho ba timetsa, le ho sebelisa lehloeo la bona holima bona.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Noe a romele mabotho a hae khahlanong le bona, ’me ba ile ba khanneloa morao, kapa ba ile ba ba khannela morao ha nakoana; ka baka leo ba ile ba khutla ba nyakalletse ka seo ba se hapileng.

19 ’Me joale ka lebaka la tlholo ena e kholo ba ile ba phahamela boikhohomosong ba lipelo tsa bona; ba ithorisa ka matla a bona, ba re mashome a mahlano a bona a ka ema khahlanong le likete tsa Ba-Lamane; ’me ke joana ba ileng ba ithorisa, ’me ba thabetse mali, le ts’ollo ea mali a bana ba bo bona, ’me sena e le ka lebaka la bokhopo ba morena oa bona le baprista.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho ena le monna har’a bona eo lebitso la hae e neng e le Abinadi; ’me o ile a tsamaea har’a bona, ’me a qala ho porofeta a re: Bonang, ho bolela Morena, ’me ke joana a ntaetseng, a re, Tsamaea, ’me u re ho batho bana, ke joana morena a bolelang—Ho malimabe batho bana, hobane ke bone manyala a bona, le bokhopo ba bona, le bofebe ba bona; ’me ntle le hore ba bake ke tla ba etela ka khalefo ea ka.

21 ’Me ntle le hore ba bake ’me ba sokolohele ho Morena Molimo oa bona, bonang, ke tla ba lokollela matsohong a lira tsa bona; ee, ’me ba tla tlisoa litlamong; ’me ba tla hlokofatsoa ka letsoho la lira tsa bona.

22 ’Me ho tla etsahala hore ba tla tseba hore ’na ke Morena Molimo oa bona, ’me ke Molimo ea mon’a, ka ho etela bokhopo ba batho ba ka.

23 ’Me ho tla etsahala hore ntle le hore batho bana ba bake ’me ba sokolohele ho Morena Molimo oa bona, ba tla tlisoa litlamong; ’me ha hona ea tla ba lopolla, ntle le Molimo ea matla ’ohle.

24 Ee, ’me ho tla etsahala hore ha ba llela ho ’na ke tla lieha ho utloa lillo tsa bona; ee, ’me ke tla lumella hore ba otloe ke lira tsa bona.

25 ’Me ntle le hore ba bake ka lesela le mahoashe le molora, ’me ba lle haholo ho Morena Molimo oa bona, nke ke ka utloa lithapelo tsa bona, le ha e le ho ba lopolla ho tsoa mahlomoleng a bona; ’me Morena o bolela joana, ’me ke joana a ntaetseng.

26 Joale ho ile ha etsahala hore ha Abinadi a se a buile mantsoe a na ho bona ba ne ba mo halefetse, ’me ba batla ho nka bophelo ba hae; empa Morena o ile a mo lopolla ho tsoa matsohong a bona.

27 Jaoale ha morena Noe a se a utloile ka mantsoe ao Abinadi a a buileng ho batho bao, o ile a halefa; ’me a re: Ke mang Abinadi, eo ’na le batho ba ka re tlang ho ahloloa ke eena, kapa Morena ke mang, ea tla tlisa mahlomola a maholo hakaalo holim’a batho ba ka?

28 Ke le laela ho tlisa Abinadi mona, hore ke tle ke mo bolaee, hobane o buile lintho tsena hore a tle a hlohleletse batho ba ka ho halefela e mong ho e mong, le ho phahamisa likhang har’a batho ba ka; ka baka leo ke tla ’molaea.

29 Joale mahlo a batho bao a ne a foufalitsoe, ka baka leo ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le mantsoe a Abinadi, ’me ba ile ba batla ho tloha nakong eo ho ea pele ho mo nka. ’Me morena Noe o ile a thatafatsa pelo ea hae khahlanong le lentsoe la Morena, ’me ha a ka a bakela liketso tsa hae tse mpe.

Hatisa