Mangolo a halalelang
Mosaia 22


Khaolo ea 22

Ho etsoa meralo bakeng sa batho ho phonyoha litlamong tsa Ba-Lamane—Ba-Lamane ba etsoa hore ba taoe—Batho ba phonyoha, ba khutlela Zarahemla, ’me ba fetoha babusuoa ba Morena Mosaia. Ka bo 121–120 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Ammone le morena Limhi ba qale ho eletsana le batho hore na ke joang ba ka itokollang ho tsoa litlamong; ’me esita le ho etsa hore batho bohle ba ipokahanye ’moho; ’me sena ba se entse e le hore ba tle ba be le lentsoe la batho malebana le taba eno.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba sitoa ho fumana tsela ea ho itokolla ho tsoa litlamong, ntle le hore e be ho nka basali ba bona le bana, le likhuts’oane tsa bona, le mehlape ea bona, le litente tsa bona, ’me ba fallele lefelleng; hobane Ba-Lamane ka ho ba bangata ha kaalo, ho ne ho sa khonahale ho batho ba Limhi ho loana le bona, ka ho nahana ho itokolla litlamong ka sabole.

3 Joale ho ile ha etsahala hore Gideone a tsamae ’me a eme ka pele ho morena, ’me a re ho eena: Joale Oho Morena, hofihlela joale u mametse mantsoe a ka ka linako tse ngata ha re ne re loants’ana le bana ba bo rona, Ba-Lamane.

4 ’Me joale Oho morena, haeba hau so mphumane ke le mohlanka ea se nang molemo, kapa haeba hofihlela joale u mamatse matsoe a ka ka tekanyo e itseng, ’me a u sebelelitse, esita le joale ke lakatsa hore u ke u mamele mantsoe a ka ka nako ena, ’me ke tla ba mohlanka oa hau ’me ke lokolle batho bana ho tsoa litlamong.

5 ’Me morena o ile a mo fa hore a bue. ’Me Gideone a re ho eena:

6 Hopola lekhalo le ka morao, ho tsoa ka lebota le ka morao, lehlakoreng le ka morao la motse. Ba-Lamane, kapa balebeli ba Ba-Lamane, bosiu ba ea taoa, ka baka leo ha re romele phatlalatso har’a batho bana bohle hore ba bokelle hammoho likhuts’oane le mehlape ea bona, hore ba tle ba li khannele lefelleng haele bosiu.

7 ’Me ke tla tsamaea ho latela taelo ea hau ’me ke lefe litefiso tsa ho qetela tsa veine ho ba-Lamane, ’me ba tla taoa; ’me re tla feta ka lekhalo la lekunutu le ka letsohong le le ts’ehali la liahelo tsa bona ha ba tauoe ’me ba robetse.

8 Ke joana re tla falla le basali ba rona le bana ba rona, likhuts’oane tsa rona, le mehlape ea rona ho ea lefelleng; ’me re tla tsamaea ho potoloha lefats’e la Shilome.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore morena a mamele mantsoe a Gidione.

10 ’Me morena Limhi o ile a etsa hore batho ba hae ba bokelle hammoho likhuts’oane tsa bona; ’me a romela tefiso ea veine ho ba-Lamane; ’me a romela veine e’ngoe hape, joaloka ka mpho ho bona; ’me ba ile ba noa ka bolokolohi veine eo morena Limhi a neng a e rometse ho bona.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba morena Limhi ba falle bosiu ho ea lefelleng ka likhuts’oane tsa bona le mehlape ea bona, ’me ba ile ba tsamaea ho potoloha lefats’e la Shilome lefelleng, ’me ba fetola motsomao oa bona ho leba lefats’eng la Zarahemla, ba eteletsoe ke Ammone le bana babo.

12 ’Me ba ne ba nkile khauta ea bona, le silevera, le lintho tsa bona tsa bohlokoa, tseo ba neng ba khona ho li nka, le mefao ea bona hape ho ea lefelleng, ’me ba kena leetong la bona.

13 ’Me kamor’a ho ba lefelleng matsatsi a mangata ba ile ba fihla lefats’eng la Zarahemla, ’me ba kopana le batho ba Mosaia, ’me ba fetoha babusuoa ba hae.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore Mosaia a ba amohele ka nyakallo; ’me hape a amohela lingoliloeng tsa bona, hape le lingoliloeng tse ileng tsa fumanoa ke batho ba Limhi.

15 Me joale ho ile ha etsahala hore ha ba-Lamane ba se ba fumane hore batho ba Limhi ba falletse ho tsoa lefats’eng leo bosiu, ba ile ba romela lebotho ho ea lefelleng ho ba batla;

16 ’Me kamora ho ba batla matsatsi a mabeli, ba ne ba se ba sitoa ho latela mohlala oa bona; ka baka leo ba ne ba lahlehile lefelleng.

Hatisa