Mangolo a halalelang
Mosaia 28


Khaolo ea 28

Bara ba Mosaia ba tsamaea ho ea ruta Ba-Lamane—Ka ho sebelisa majoe a mabeli a ralipono, Mosaia o fetolela matlapa Ba-Jerede. Ka bo 92 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore kamor’a hore bara ba Mosaia ba etse tsena tsohle, ba ile ba nka palo e ’nyane le bona ’me ba khutlela ho ntat’a bona, morena, ’me ba ipiletsa ho eena hore a ba lumelle hore, le bao ba ba khethileng ba ke ba nyohlohele holimo lefats’eng la Nefi hore ba ke ba rute lintho tseo ba li utloileng, le hore ba ke ba arolelane lentsoe la Molimo le bana ba bo bona, Ba-Lamane—

2 Hore mohlomong ba ke ba ba tlise tsebong ea Morena Molimo oa bona, ’me ba ba kholise ka bokhopo ba bo ntat’a bona; le hore mohlomong ba ke ba ba folise lehloeo la bona ho lebana le Ba-Nefi, hore ba ke ba tlisoe ho tla nyakalla ho Morena Molimo oa bona, hore ba ke ba fetohe metsoalle e mong ho e mong, le hore ho se hlole ho eba le likhang lefats’eng lohle leo More Molimo oa bona a ba fileng lona.

3 Jaole ba ne ba lakatsa hore poloko e phatlalletsoe sebopuoa se seng le se seng, hobane ba ne ba sita ho mamella hore moea oa motho o fe kapa o fe o timele; ee, esita le mehopolo ea hore moea o feng kapa o feng o mamelle hlokofatso e sa feleng ho ile ha etsa hore ba qhaqhasele le ho thothomela.

4 ’Me ke joana moea oa Morena o ileng oa sebetsa ho bona, hobane bona e ne e le ba baetsalibe ba babe-babe. ’Me Morena o ile a bona ho lokela hore ka mohau oa hae o sa feleng a ba qenehele; le ha ho le joalo ba ile ba mamella masisa-pelo a moea a maholo ka lebaka la bokhopo ba bona, ba sotleha haholo le ho ts’aba hore ba tle ba lahloe ka ho sa feleng.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba kopa ntat’a bona ka matsatsi a mangata hore ba ke ba nyolohele lefats’eng la Nefi.

6 ’Me morena Mosaia a tsamaea ho ea botsa Morena hore na a tlohele bara ba hae ho nyolohela har’a Ba-Lamane ho ea ruta lentsoe.

7 ’Me Morena a re ho Mosaia: Ba tlohele ba nyolohe, hobane ba bangata ba tla lumela mantsoeng a bona, ’me ba tla ba le bophelo ba bosafeleng; ’me ke tla lopolla bara ba hau ho tsoa matsohong a Ba-Lamane.

8 ’Me ho ile ha etsahalo hore Mosaia a lumele hore ba ka tsamaea ’me ba etse ho latela kopo ea bona.

9 ’Me ba ile ba nka leeto la bona ho ea lefelleng ho ea ruta lentsoe har’a Ba-Lamane; ’me ke tla fana ka pale ea lits’ebetso tsa bona kamorao ho mona.

10 Joale morena Mosaia o ne a se na eo a ka fanang ka puso ho eena, hobane ho ne ho se na ea mong oa bara ba hae a neng a ka amohela puso.

11 Ka baka leo o ile a nka lingoliloeng tse neng li ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu, hape le matlapa a Nefi, le lintho tsohle tseo a neng a li bolokile ho latela litaelo tsa Molimo, kamor’a ho fetolela le ho etsa hore ho ngoloe lingoliloeng tse neng li le matlapeng a khauta tse neng le fumanoe ke batho ba Limhi, tse ileng tsa neheloa ho eena ka letsoho la Limhi;

12 ’Me sena o se entse ka lebaka la mats’oenyeho a maholo bakeng sa batho ba habo; hobane ba ne ba lakatsa hofeta tekanyo ho tseba malebana le batho bao ba ileng ba timetsoa.

13 ’Me joale o ile a li fetolela ka mokhoa oa majoe ao a mabeli a neng a fasitsoe ho etsa melomo ea seqha.

14 Joale lintho tsena li ne li hlophisitse ho tloha qalong, ’me tsa fetisetsoa tlase ho tloha molokong ho ea molokong, ka lebaka la morero oa ho toloka lipuo;

15 ’Me li ile tsa bolokoa le ho baballoa ka letsoho la Morena, hore a tle a senolele sebopuoa se seng le se seng se tla rua lefats’e leo la bokhopo le manyala a batho ba hae;

16 ’Me mang kapa mang a nang le lintho tsena o bitsoa ralipono, ka mor’a mokhoa oa linako tsa khale.

17 Joale kamor’a hore Mosaia a qete ho fetolela lingoliloeng tsena, bonang, li ne li fana ka pale ea batho ba ileng ba timetsoa, ho tloha nakong eo ba ileng ba timetsoa ho khutlela morao ho kaho ea tora e kholo, ka nako eo Morena a ileng a ferekanya puo ea batho ’me ba ile ba qhalanela hole holima sefahleho sa lefats’e lohle, ee, ’me esita le ho tloha nakong eo ho ea morao hofihlela popo ea Adama.

18 Joale pale ena e ile ea etsa hore batho ba Mosaia ba lle ka ho fetisisa, ee, ba ne ba tletse ka masoabi, le ha ho le joalo e ile ea ba fa tsebo e ngata, eo ka eona ba ileng ba nyakalla.

19 ’Me pale ena e tla ngoloa kamorao ho mona, hobane bonang, ho ea lokela hore batho bohle ba tle ba tsebe ka lintho tse ngotsoeng ka har’a pale ena.

20 ’Me joale, joaloka ka ha ke boletse ho lona, hore kamor’a hore morena Mosaia a etse lintho tsena, o ile a nka matlapa a ts’epe e khubelu, le lintho tsohle tseo a neng a li bolokile, ’me a le fana ho Alma, eo e neng e le mora oa Alma; ee, lingoliloeng tsohle, ’me hape le litoloko, ’me a mo fa tsona, ’me a mo laela hore a tle a li boloke ’me a li baballe, ’me hape a boloke lingoliloeng tsa batho bao, a li fetisetsa tlase ho tloha molokong ho ea ho o mong, esita joaloka ha li ile tsa fetisetsoa tlase ho tloha nakong eo Lehi a tlohang Jerusalema.

Hatisa