Mangolo a halalelang
Mosaia 19


Khaolo ea 19

Gideone o batla ho bolaea Morena Noe—Ba-Lamane ba hlasela lefats’e leo—Morena Noe o mamella lefu ka mollo—Limhi o busa joaloka borena bo lefang litefiso. Ka bo 145–121 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore sesole sa morena se khutle, se batlile ka lefeela bakeng sa batho ba Morena.

2 ’Me joale bonang, lebotho la morena le ne le le lenyenyane, le ne le fokotsehile, ’me ha qala ho ba le likarohano har’a karolo e setseng ea batho.

3 ’Me karolo e nyane ea qala ho hemela kantle lits’oso khahlanong le morena, ’me ha qala ho ba le khang e kholo har’a bona.

4 ’Me joale ho ne ho ena le monna har’a bona eo lebitso la hae e neng e le Gideone, ’me eena ka ho ba monna ea matla le sera ho morena, ka baka leo o ile a nts’a sabole ea hae, ’me a hlapanya ka khalefo ea hae hore o tla bolaea morena.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore a loane le morena; ’me ha morena a bona hore o ne a se a batla a mo hlola, a baleha ’me a matha ’me a kena toreng e neng e le pel’a tempele.

6 ’Me Gideone a mo lelekisa ’me o ne a se a batla a kena toreng ho tlo bolaea morena, ’me morena a lahlela mahlo a hae ho potoloha ho leba lefats’eng la Shemlone, ’me bonang, sesole sa Ba-Lamane se ne se le ka har’e ho meeli ea lefats’e leo.

7 ’Me joale morena a llela kantle ka masisa-pelo a moea oa hae, a re: Gideone, nqenehele, hobane Ba-Lamane ba re hlasela, ’me ba tla re timetsa, ee, ba tla timetsa batho ba ka.

8 ’Me joale morena o ne a sa ts’oenyeha ka batho ba hae hakaalo ho feta kamoo a neng a ts’oenyehile ka bophelo ba hae, le ha ho le joalo, Gideone o ile a qenehela bophelo ba hae.

9 ’Me morena o ile a laela batho hore ba tle ba balehe ka pel’a BaLamane, ’me eena ka bo-eena o ile a ea pele ho bona, ’me ba balehela lefelleng, ka basali ba bona le bana ba bona.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ba-Lamane ba ba lelekise, ’me ba ba ts’oare, ’me ba qala ho ba bolaea.

11 Joale ho ile ha etsahala hore morena o ile a ba laela hore banna bohle ba sie basali ba bona le bana ba bona, ’me ba balehe ka pele ho Ba-Lamane.

12 Joale ba ne ba le bangata ba neng ba ke ke ba ba sia, empa ba ne ba ka mpa ba lula ’me ba timele le bona. ’Me karolo e setseng ba sia basali ba bona le bana ba bona ’me ba baleha.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore bao ba neng ba setse le basali ba bona le bana ba bona ba ile ba etsa hore barali ba bona ba batle ba eme ka pele ho kopa Ba-Lamane hore ba tle ba se ke ba ba bolaea.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba be le khauhelo ho bona, hobane ba ile ba khahloa ke botle ba basali ba bona.

15 Ka baka leo Ba-Lamane ba ile ba qenehela bophelo ba bona, ’me ba ba nkela bots’oaruoa ’me ba ba jarela morao lefats’eng la Nefi, ’me ba ba fa hore ba tle ba rue lefats’e leo, tlasa lipehelo tsa hore ba tla fana ka morena Noe matsohong a Ba-Lamane, le ho fana ka thepa ea bona, esita le halofo ea sohle seo ba se ruileng, halofo ea khauta ea bona, le silivera sa bona, le ntho tsohle tsa bona tsa bohlokoa, ’me ke joana ba tlang ho patala litefiso ho morena oa Ba-Lamane selemo le selemo.

16 ’Me joale ho ne ho ena le e mong oa bara ba morena ha’ra bao ba ileng ba nkeloa bots’oaruoeng, eo lebitso la hae e neng e le Limhi.

17 ’Me joale Limhi o ne a lakatsa hore ntat’ae a se ke a timetsoa, le ha ho le joalo, Limhi o ne a se moo a hlokang tsebo ea bokhopo ba ntat’ae, eena ka bo-eena e le monna ea lokileng.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Gideone a romelle banna ho ea lefelleng ka lekunutu, ho ea batla morena le bao ba nang le eena. ’Me ho ile ha etsahala hore ba kopane le batho bao lefelleng, bohle ntle le morena le baprista ba hae.

19 Joale ba ile ba ikana lipelong tsa bona hore ba tla khutlela lefats’eng la Nefi, ’me haeba basali ba bona le bana ba bona ba ne ba bolailoe, ’me hape le bao ba ileng ba sala le bona, hore ba ne ba tla batla ho iphetetsa, ’me hape ba timele le bona.

20 ’Me morena o ile a ba laela hore ba se ke ba khutla, ’me ba ne ba halefetse morena, ’me ba etsa hore a sotlehe, esita le ho isa lefung ka mollo.

21 ’Me ba ne ba le makhatheng a ho nka baprista hape le ho ba bolaea, ’me ba ile ba baleha ka pele ho bona.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ne ba le mabapi le ho khutlela lefats’eng la Nefi, ’me ba kopana le banna ba Gideone. ’Me banna ba Gideone ba ba bolella tsohle tse etsahetseng ho basali ba bona le bana ba bona; ’me Ba-Lamane ba ne ba ba file hore ba tle ba rue lefats’e leo ka ho lefa litefiso ho Ba-Lamane halofo ea sohle seo ba se ruileng.

23 ’Me batho bao ba bolella banna ba Gideone hore ba bolaile morena, ’me baprista ba hae ba balehetse hare ho kena lefelleng ho tloha ho bona.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a ho etsa pheletso ea tsebebeletso eo, ba ile ba khutlela lefats’eng la Nefi, ba nyakalletse, ka lebaka la basali ba bona le bana ba bona ba neng ba sa bolaoa; ’me ba ile ba bolella Gideone seo ba se entseng ho morena.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore morena oa Ba-Lamane a etse kano ho bona, hore batho ba hae ba se ke ba ba bolaea.

26 ’Me le Limhi, ka ho ba mora oa morena, le hore puso e behoe holim’a hae ke batho, o ile a etsa kano ho morena oa Ba-Lamane hore batho ba habo ba tle ba lefe litefiso ho eena, esita le halofo ea sohle seo ba se ruileng.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore Limhi a qale ho tiisa puso le ho theha khotso har’a batho ba habo.

28 ’Me morena oa Ba-Lamane a beha balebeli ho potoloha le lefats’e leo, hore a tle a boloke batho ba Limhi lefats’eng leo, hore ba tle ba se ke ba fallela lefelleng; ’me o ile a phelisa balebeli ba hae ka litefiso tseo a neng a li fumana ho tsoa ho Ba-Nefi.

29 ’Me joale morena Limhi o ile a ba le khotso e tsoelang pele pusong ea hae bakeng sa sebaka sa lilemo tse peli, hore e be Ba-Lamane ha ba ka ba ba hlekefetsa kapa ho batla ho ba timetsa.

Hatisa