Mangolo a halalelang
Mosaia 8


Khaolo ea 8

Ammone o ruta batho ba Limhi—O ithuta ka matlapa a mashome a mabeli a metso e mene a Ba-Jerede—Lingoliloeng tsa khale li ka fetoleloa ke bo ralipono—Ha ho na neo e fetang ho ba le lipono. Ka bo 121 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore morena Limhi a etse pheletso ea ho bua le batho ba hae, hobane o ile a bua ntho tse ngata ho bona ’me ke tse fokolang feela tseo ke li ngotseng bukeng ena, o ile a bolella batho ba hae lintho tse malebana le bana ba bo bona ba neng ba le lefats’eng la Zarahemla.

2 ’Me o ile a etsa hore Ammone a eme ka pele ho bongata boo, ’me a etse khopotso ho bona ea tsohle tse etsahetseng ho bana ba bo bona ho tloha nakong eo Zeniffe a ileng a nyoloha ho tsoa lefats’eng lena esita le ho fihlela nakong eo eena ka bo eena a tlang ho tsoa lefats’eng leo.

3 ’Me hape o ile a etsa khopotso ho bona mantsoe a ho qetela ao morena Benjamine a ba rutileng oona, ’me a a hlalosetsa batho ba morena Limhi, hore ba tle ba utloisise mantsoe oohle a a buileng.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore a etse sena sohle, morena Limhi o ile a qhala bongata boo, ’me a etsa hore ba khutlele e mong le e mong ntlong ea hae.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore a etse hore matlapa a neng a ts’etse lingoliloeng tsa batho ba hae ho tloha nakong eo ba neng ba tloha lefats’eng la Zarahemla, li tlisoe ka pele ho Ammone hore a tle a li bale.

6 Joale, hang hore Ammone a bale lingoliloeng tseo, morena a mo botsa hore na a ka toloka lipuo, ’me Ammone a mo bolella hore o oa sitoa.

7 ’Me morena a re ho eena: Ka ho hlonamisoa ke mahlomola a batho ba ka, Ke ile ka etsa hore batho ba ka ba mashome a mane a metso e meraro ba nke leeto ho ea lefelleng, hore ka mohlomong ba tle ba fumane lefats’e la Zarahemla, hore re tle re ipiletse ho bana ba bo rona ho re lopolla ho tsoa litlamong.

8 ’Me ba ile ba lahleha lefelleng sebaka sa matsatsi a mangata, le ha ba ne ba le mafolofolo, ’me ba ile ba sitoa ho fumana lefats’e la Zarahemla empa ba khutlela lefas’eng lena, ba ne ba tsamaile lefats’eng leo har’a metsi a mangata, ba sibollotse lefats’e le neng le apesitsoe ka masapo a batho, le a libata, ’me hape le ne apesitsoe ka lithako tsa meaho ea mefuta eohle, ba ne ba sibollotse lefats’e le neng le mothofetse ka batho ba neng ba le bangata joaloka makhotla a Iseraele.

9 ’Me bakeng sa bopaki ba hore lintho tseo ba neng ba li bua ke ’nete ba tlile le matlapa a mashome a mabeli a metso e mene a tletseng ka lingoliloeng, ’me ke a khauta e hloekileng.

10 ’Me bonang, hape, ba tlile le lits’ireletso tsa sefuba, tse kholo, ’me ke tsa ts’epe e khubelu le ea koporo, ’me li boemong bo phethahetseng.

11 ’Me hape, ba tlile le lisabole, mehele ea teng e senyehile, le mahare a teng a ne a petsohile ke mafome; ’me ha hona motho lefats’eng ea ka tolokang puo kapa lingoliloeng tse matlapeng ao. Ka baka leo ke itse ho uena: Na u ka fetolela?

12 ’Me ke re ho uena hape: Na o teng eo u mo tsebang ea ka fetolelang? Hobane ke lakatsa hore lingoliloeng tsena li fetoleloe puong ea rona; bakeng sa hore, mohlomong, li tla re fa tsebo ea karolo e setseng ea batho bao ba timelitsoeng, moo lingoliloeng tsena li tsoang teng, kapa, mohlomong, li tla re fa tsebo ea bona batho bana ba timelitsoeng; ’me ke lakatsa ho tseba lebaka le ts’enyeho ea bona.

13 Joale Ammone a re ho eena: Nka u bolella ka ho u tiisetsa, Oho morena, ka monna ea ka fetolelang lingoliloeng tseo; hobane o na le seng se ka shebang, ’me a fetolele lingoliloeng tsohle tsa nako ea khale; ’me ke mpho e tsoang ho Molimo. ’Me lintho tseo li bitsoa litoloko, ’me ha hona motho ea ka shebang ka ho tsona ntle le hore a laeloe, e se re a ka sheba seo a neng a sa ts’oanela ’me a tle a timele. ’Me mang kapa mang ea ea laetsoeng ho sheba ka ho tsona, ea ts’oanang o bitsoa ralipono.

14 ’Me bona, morena oa batho ba lefats’eng la Zarahemla ke eena motho ea laetsoeng ho etsa lintho tsena, ’me eo a nang le neo ena e holimo ho tsoa ho Molimo.

15 ’Me morena a re ralipono o moholo ho feta moporofeta.

16 ’Me Ammone a re ralipono ke mosenoli le moporofeta hape; ’me neo eo e kholo ha ho motho a ka bang le eona ntle le hore a rue matla a Molimo, ao ho se nang motho a ka khonang; le ha ho le joalo motho a ka ba le matla a maholo ao a a fuoeng ho tsoa ho Molimo.

17 Empa ralipono a ka tseba ka lintho tse fetileng, ’me hape le ka lintho tse tlang ho tla, ’me ka bona lintho tsohle li ka senoloa, kapa, ho ena le hoo, lintho tsa lekunutu li ka supuoa, ’me le lintho tse patiloeng li ka tlisoa khanyeng, ’me lintho tse sa tsejoeng tsa etsoa hore li tsejoe ke bona, ’me hape le lintho li tla tsejoa ka bona tseo ho seng joalo li neng li ke ke tsa tsejoa.

18 Ke joana Molimo a faneng ka mokhoa oa hore motho, ka tumelo, a ka sebetsa mehlolo e meholo; ka baka leo o fetoha molemo o moholo ho batho ba habo.

19 ’Me joale ha Ammone a se a entse pheletso ea ho bua mantsoe ana morena o ile a nyakalla ka ho fetisisa, ’me a fana ka liteboho ho Molimo, a re: Ha ho khoaho sephiri se seholo se ts’etsoe ka hare ho matlapa a na, ’me litoloko tsena ntle le khaoho li ne li lokiselitsoe morero oa ho phuthulla liphiri tsohle tse tjena ho bana ba batho.

20 Oho kamoo e hlollang mesebetsi ea Morena, ’me ke ha lelele hakakang a mamellang le batho ba hae; ee, ’me e foufetse hakae le ho se kenehe hakae kutloisiso ea bana ba batho; hobane ha na batla bohlale, hape ha ba na ho lakatsa hore bo buse holima bona!

21 Ee, ba joaloka mohlape o hlaha o balehang molisa, ’me o qhalane, ’me ba khannoa, le ho haroloa ke libata tsa moru.

Hatisa