Mangolo a halalelang
Mosaia 25


Khaolo ea 25

Litloholo tsa Muleke ba Zarahemla ba fetoha Ba-Nefi—Ba ithuta ka batho ba Alma le ba Zeniffe—Alma o kolobetsa Limhi le batho bohle ba habo—Mosaia o lumella Alma ho hlophisa kereke ea Molimo. Ka bo 120 B.C.

1 ’Me joale morena Mosaia o ile a etsa hore batho bohle ba bokellehe hammoho.

2 Joale ho ne ho se na ba bangata ba bana ba Nefi, kapa ba bangata bao e leng litloholo tsa Nefi, joaloka ha ba ne ba le teng ba batho ba Zarahemla, eo e neng e le setloholo sa Muleke, le bao ba tlileng le eena ho ea lefelleng.

3 ’Me ho ne ho se na ba bangata ba Nefi le batho ba Zarahemla joaloka ka ha ho ne ho na le Ba-Lamane; ee, ba ne ba sa baloe le hofihlela karolo ea bobeli ea bona.

4 ’Me joale batho bohle ba Nefi ba ne ba bokane hammoho, ’me hape le batho bohle ba Zarahemla, ’me ba ne ba bokelletsoe hammoho ka likarolo tse peli.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore Mosaia o ile a bala, ’me a etsa hore ho baloe, lingoliloeng tsa Zeniffe ho batho ba habo; ee, o ile a bala lingoliloeng tsa batho ba habo Zeniffe, ho tloha nakong eo ba tlohileng Zarahemla ho fihlela ba khutla hape.

6 ’Me hape o ile a bala pale ea Alma le ba habo, le mahlomola a bona, ho tloha nakong eo ba tlohang lefats’eng la Zarahemla ho fihlela nako eo ba khutlang hape.

7 ’Me joale, ha Mosaia a se a entse pheletso ea ho bala lingoliloeng tseo, batho ba habo ba lutseng lefats’eng leo ba ne ba otloa ke ho hlolloa le ho makala.

8 Hobane ba ne ba sa tsebe hore na ba nahane eng; hobane ha ba bona bao ba ileng ba lopolloa litlamong ba ne na tletse ka nyakallo e kholo ka ho fetisisa.

9 ’Me hape, ha ba nahana ka ba habo bona ba ileng ba bolaoa ke Ba-Lamane ba ile ba tlala ka masoabi, ’me esita le ho ts’olla likeleli tsa masoabi.

10 ’Me hape, ha ba nahana ka molemo oa hang-hang oa Molimo, le matla a hae ka ho lopolla Alma le ba habo ho tsoa matsohong a Ba-Lamane le litlamong, ba ile ba phahamisa mantsoe a bona ’me ba fana ka liteboho ho Molimo.

11 ’Me hape, ha ba nahana ka Ba-Lamane, bao e neng e le bana babo bona, ka boemo ba bona bo silafetseng bo tletseng sebe, ba ne ba tletse ka bohloko le masisa-pelo bakeng sa boiketlo ba meea ea bona.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore bao e neng e le bana ba Amulone le ba habo, ba ileng ba nka barali ba Ba-Lamane ho ba basali ba bona, ba ne ba halefisitsoe ke boits’oaro ba bo ntat’a bona, ’me ba ne ba sa hlole ba bitsoa ka mabitso a bo ntat’a bona, ka baka leo ba ile ba inkela ho bona lebitso la Nefi, hore ba tle ba bitsoe bana ba Nefi ’me ba balloe har’a bao ba bitsoang ba-Nefi.

13 ’Me joale batho bohle ba Zarahemla ba ne ba baloa le Ba-Nefi, ’me hona hobane ’muso oo o ne o sa fua mang ntle le bao e neng e le litloholo tsa Nefi.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Mosaia a se a entse pheletso ea ho bua le ho balla batho, a lakatsa hore Alma le eena a tle a bue le batho bao.

15 ’Me Alma o ile a bua le bona, ha ba bokane hammoho ka likarolo tse kholo, ’me a tloha karolong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, a ntse a ruta batho pako le tumelo ho Morena.

16 ’Me o ile a khothatsa batho ba Limhi le ba habo, bohle bao ba ileng ba lopolloa ho tsoa litlamong, hore ba tle ba hopole hore e ne e le Morena ea ileng a ba lopolla.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Alma rute batho lintho tse ngata, ’me a entse pheletso ea ho bua le bona, hore morena Limhi o ne a lakatsa hore a ke a kolobetsoe; ’me le bohle batho ba habo ba ne ba lakatsa ho kolobetsoa le bona.

18 Ka baka leo, Alma o ile a tsamaea ho ea metsing ’me a ba kolobetsa; ee, o ile a ba kolobetsa ka mokhoa oo a ileng a kolobetsa ba habo metsing a Mormone; ee, ’me ba bangata joaloka ha a ileng a ba kolobetsa ba ile ba kena kereke ea Molimo; ’me sena ka lebaka la tumelo ea bona mantsoeng a Alma.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Mosaia a fe Alma hore a ke a thehe likereke hohle lefats’eng lohle la Zarahemla; ’me a mo fa matla a ho bea matsoho baprista le boruti holim’a kereke e ’ngoe le e ’ngoe.

20 Joale sena se ile sa etsoa hobane ho ne ho ena le batho ba bangata hoo ba neng ba sitoa hore ba ka tsamaisoa ke moruti a le mong; le ha e le hore ebe bohle ba ka utloa lentsoe la Molimo ka kopano e le ’ngoe;

21 Ka baka leo ba ile ba ikopanya hammoho ka likarolo tse fapaneng, ba bitsoa likereke; kereke e ’ngoe le e ’ngoe e na le baprista le baruti ba bona, ’me moprista e mong le emong a ruta lentsoe ho latela kamoo le ileng la neheloa ho eena ka molomo oa Alma.

22 ’Me ke joana, ho sa tsotellehe hore ho ne ho na le likereke tse ngata kaofela e ne e le kereke e le ’ngoe, ee, esita le kereke ea Molimo; hobane ho ne ho se na letho le neng le rutoa likerekeng tsohle ntle le hore e ne e le pako le tumelo ho Molimo.

23 ’Me joale ho ne ho ena le likereke tse supileng lefats’eng leo la Zarahemla. ’Me ho ile ha etsahala hore mang kapa mang ea neng a lakatsa ho inkela ho eena lebitso la Kreste, kapa Molimo, ba ile ba kena likereke tsa Molimo;

24 ’Me ba ne ba bitsoa batho ba Molimo. ’Me Morena o ile a ts’ollela Moea oa hae holim’a bona, ’me ba ile ba hlohonolofatsoa, le ho atlehisoa lefats’eng leo.

Hatisa