Mangolo a halalelang
Mosaia 12


Khaolo ea 12

Abinadi oa koalloa ka lebaka la ho porofeta timelo ea batho le lefu la Morena Noe—Baprista ba bohata ba qotsa mangolo a halalelang ’me ba etsa eka ba boloka molao oa Moshe—Abinadi o qala ho ba ruta ka Litaelo tse Leshome. Ka bo 148 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora sebaka sa lilemo tse peli Abinadi a tla har’a bona a ikhakantse, hoo ba neng ba sa mo tsebe, ’me a qala ho porofeta har’a bona, a re: Ke joana Morena a ntaetseng, a re—Abinadi, tsamaea ’me u porofete ho ba na batho ba ka, hobane ba thatafalitse lipelo tsa bona khahlanong le mantsoe a ka; ha ba so bakele liketso tsa bona tse mpe; ka baka leo, ke tla ba etela ka khalefo eaka, ee, ka khalefo eaka e bohale ke tla ba etela bokhopong le manyaleng a bona.

2 Ee, ho malimabe moloko oona! ’Me Morena a re ho ’na: Otlolla letsoho la hau ’me u porofete, u re: Joana ho bolela Morena, ho tla etsahala hore moloko oona, ka lebaka la bokhopo ba bona, ba tla tlisoa litlamong, ’me ba tla otloa lerameng; ee, ’me ba tla khannoa ke batho, ’me ba tla bolaoa; ’me manong a moeeng, le lintja, ee, le libata tse hlaha, li tla harola nama ea bona.

3 ’Me ho tla etsahala hore bophelo ba morena Noe bo tla fua boleng esita joaloka seaparo seboping se chesang, hobane o tla tseba hore ke Morena.

4 ’Me ho tla etsahala hore ke tla otla batho bana ba ka ka mahlomola a bohloko, ee, ka tlala le ka lefu la seoa, ’me ke tla etsa hore ba tle ba bokolle bolelele ba letsatsi lohle.

5 Ee, ’Me ke tla etsa hore ba tla ba le mejaro e hlabeloe mekokotlong ea bona; ’me ba tla khannoa pele joaloka esele e se nang puo.

6 ’Me ho tla etsahala hore ke tla romela sefako har’a bona, ’me se tla ba otla; ’me ba tla otloa hape ke moea oa bochabela; le likokonyana li tla senya lefats’e la bona hape, ’me li harole lijo thollo tsa bona.

7 ’Me ba tla otloa ka lefu la seoa le leholo—’me sena sohle ke tla se etsa ka lebaka la bokhopo le manyala a bona.

8 ’Me ho tla etsahala hore ntle le hore ba bake ke tla ba timetsa ka botlalo ho tloha sefahlehong sa lefats’e; le ha ba tla siea lingoliloeng kamorao ho bona, ’me ke tla li bolokela lichaba tse ling tse tla rua lefats’e leno; ee, esita le sena ke tla se etsa hore ke tle ke sibolle manyala a batho bana ho lichaba tse ling. ’Me ke lintho tse ngata tseo Abinadi a ileng a li porofeta khahlanong le batho bana.

9 ’Me ho ile a etsahala hore ba ne ba mo halefetse, ’me ba mo nka ’me ba mo jara ba mo faselitse kapel’a morena, ’me ba re ho morena: Bona, re tlisitse monna ka pele ho uena ea porofetileng bobe malebana le batho ba hau, ’me a re Molimo o tla ba timetsa.

10 ’Me hape o porofetile bobe malebana le bophelo ba hau, ’me a re bophelo ba hau bo tla ba joaloka seaparo seboping sa mollo.

11 ’Me hape, o re u tla ba joaloka tlhaka, esita le tlhaka e ommeng ea ts’imo, e tsamauoang holimo ke libata le ho hatikeloa tlasa leoto.

12 ’Me hape, o re u tla ba joaloka palesa ea hlabahlabane, eo, ha e se e butsoitse ka botlalo, haeba moea o bolula, e khanneloa holima sefahleho sa lefats’e leo. ’Me o etsa eka Morena o boletse joalo. ’Me o re sena sohle se tla tla holim’a hau ntle le hore u bake, ’me sena ka lebaka la bokhopo ba hau.

13 ’Me joale, Oho morena, na ke bobe bo boholo hakae boo u bo entseng, kapa ke libe lifeng tse kholo tseo batho ba hau ba li entseng, hore re tle re ahloloe ke Molimo kapa re ahloloe ke monna eo?

14 ’Me joale, Oho morena, bona, ha re na molato, ’me uena, Oho morena, ha u so etse sebe; ka baka leo, monna enoa u buile leshano malebana le uena, ’me o porofetse lefeela.

15 ’Me bona, re matla, re ke ke ra tla litlamong, kapa ra nkeloa bots’oaruoa ke lira tsa rona; ee, ’me uena u atlehile lefats’eng lena, ’me u tla atleha hape.

16 Bona, ke enoa monna enoa, re mo lokollela matsohong a hau; u ka etsa ka eena kamoo ho bonahalang ho lokile ho uena.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Noe a etse hore Abinadi a lahleloe chankaneng; ’me a laela hore baprista ba ipokelle hammoho hore a tle a ts’oare lekhotla le bona hore na a tle a etse eng ka eena.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ba re ho morena: Mo tlise haufi hore re tle re mo botse lipotso; ’me morena a laela hore a tlisoe ka pele ho eena.

19 ’Me ba ile ba qala ho mo botsa lipotso, hore ba tle ba mo hlahlobe, hore ka hoo ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona; empa o ile a ba arabela ka sebete, ’me a hanyetsa lipotso tsa bona, ee, ho isa ho makaleng ha bona; hobane o ile a ba hanyetsa lipotsong tsohle tsa bona, ’me a ba hlola mantsoeng oohle a bona.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore e mong oa bona a re ho eena: A bolelang mantsoe ao a ngotsoeng, ’me a rutiloe ke bo ntat’a rona, a re:

21 A matle joang holima lithaba maoto a eo a tlisang litaba tse molemo; ea phatlalatsang khotso; ea tlisang litaba tse molemo tsa botle, ea phatlalatsang poloko; ea reng ho Sione, Molimo oa hau oa busa;

22 Balebeli ba hau ba tla phahamisa lentsoe; ’me ka lentsoe hammoho ba tla bina; hobane ba tla bona ka ho ts’oana ha Morena a tlisa Sione hape;

23 Hlabang ka nyakallo; binang hammoho lona libaka tse lesupi tsa Jerusalema; hobane Morena o ts’elisitse batho ba hae, o lopollotse Jerusalema;

24 Morena o fuparollotse letsoho la hae mahlong a lichaba tsohle, ’me le lipheletso tsohle tsa lefats’e li tla bona poloko ea Molimo oa rona na?

25 ’Me joale Abinadi a re ho bona: Na le baprista, ’me le etsa eka le ruta batho ba, le ho utloisisa moea oa boporofeta, ’me feela le lakatsa ho tseba ka ’na hore lintho tsee li bolelang?

26 Ke re ho lona, le malimabe ka ho khelosa litsela tsa Morena! Hobane haeba le utloisisa lintho tsena ha lea li ruta; ka baka leo le khelositse litsela tsa Morena.

27 Ha lea nehella lipelo tsa lona kutloisisong; ka baka leo, ha le eaba bohlale. Ka baka leo, Ke eng seo le se rutang batho ba?

28 ’Me ba re: Re ba ruta molao oa Moshe.

29 ’Me hape a re ho bona: Haeba le ruta molao oa Moshe hobaneng le sa o boloke? Hobaneng le beha lipelo tsa lona holima maruo? Hobaneng le etsa bofebe ’me le qeta matla a lona le liotsoa, ee, ’me le etsa hore batho bana ba etse sebe, hore ebe morena o na le lebaka la ho nthomela ho tla porofeta khahlanong le batho bana, ee, esita le bobe bo boholo khahlanong le batho bana?

30 Ha le tsebe hore ke bua ’nete? Ee, lea tseba hore ke bua ’nete; ’me e ka khona le thothomele ka pele ho Molimo.

31 ’Me ho tla etsahala hore le tla otleloa bokhopo ba lona, hobane le itse le ruta molao oa Moshe. ’Me ke eng seo le se tsebang malebana le molao oa Moshe? Na poloko e tla ka molao oa Moshe? Le bua le reng?

32 ’Me ba araba ba re poloko e tla ka molao oa Moshe.

33 Empa joale Abinadi a re ho bona: Kea tseba hore haeba le boloka litaelo tsa Molimo le tla pholosoa; ee, haeba le boloka litaelo tseo Morena a li lokolletseng Moshe thabeng ea Senai, a re:

34 Ke Morena Molimo oa lona, ea le tlisitseng ho tsoa lefats’eng la Egepeta, ho tsoa tlung ea litlamo.

35 U se ke ua ba le Melimo e meng pel’a sefahleho sa ka.

36 U se ke ua iketsetsa sets’oants’o se betliloeng, le ha e le sets’oants’o se le seng sa tse holimo maholimong, le ha e le sa ntho tse tlase lefats’eng.

37 Joale Abinadi a re ho bona, Na le entse tse tsohle? Ke re ho lona, Che, ha lea etsa joalo. ’Me na le rutile batho ba hore ba tle ba etse lintho tsee tsohle? Ke re ho lona, Che, ha lea etsa joalo.

Hatisa