Mangolo a halalelang
Mosaia 21


Khaolo ea 21

Batho ba Limhi ba otloa le ho hloloa ke ba-Lamane—Batho ba Limhi ba kopana le Ammone ’me ba ea sokoloha—Ba bolella Ammone ka matlapa a mashome a mabeli a metso e mene a ba-Jerede. Ka bo 122–121 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Limhi le batho ba hae ba khutlele motseng oa Nefi, ’me ba qala ho lula lefats’eng leo hape ka khotso.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora matsatsi a mangata ba-Lamane ba qala hape ho hlohlelloa ke khalefo khahlanong le ba-Nefi, ’me ba qala ho kena meeling ea lefats’e leo ho potoloha.

3 Joale ba ne ba sa qeke ho ba bolaea, ka lebaka la kano eo morena oa bona a e entseng ho Limhi; empa ba ne ba ba otla marameng, le ho sebelisa matla holim’a bona; ’me ba qala ho ba jarisa meroalo a boima holim’a mekokotlo a bona, le ho ba khanna joaloka esele e semumu—

4 Ee, tsena tsohle li entsoe hore lentsoe la Morena le tle le phethahale.

5 ’Me joale mahlomola a ba-Nefi a ne a le maholo, ’me ho ne ho se na tsela eo ba ka itokollang ho tsoa matsohong a bona, hobane ba-Lamane ba ne ba ba potapotile ka mahlakore oohle.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba qale ho tletleba ka morena ka lebaka la mahlomola a bona; ’me ba ile ba qala ho lakatsa ho ea khahlanong le bona ka ntoa. ’Me ba ile ba hlokofatsa morena habohloko ka lipelaelo tsa bona; ka baka leo o ile a ba fa hore ba etse holatela litakatso tsa bona.

7 ’Me ba ile ba ipokella hammoho hape, ’me ba apara lihlomo tsa bona, ’me ba ea khahlanong le ba-Lamane ho ba khannela ka ntle ho lefats’e la bona.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ba-Lamane ba ba otle, ’me ba ba khannele morao, ’me ba bolaee ba bangata ba bona.

9 ’Me joale ho ne ho ena le mahlomola a maholo le lillo har’a batho ba Limhi, mohlolohali a hloname bakeng sa monna oa hae, mora le morali ba hloname bakeng sa ntat’a bona, ’me le baena bakeng sa bana ba bo bona.

10 Joale ho ne ho na le bahlolohali ba bangata lefats’eng leo, ’me ba ile ba lla haholo letsatsi le letsatsi, hobane ho ne ho tlile ts’abo e kholo ea ba-Lamane ho bona.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore lillo tsa bona tse tsoelang pele li ile tsa hlohleletsa karolo e setseng ea batho ba Limhi ho halefa khahlanong le ba-Lamane; ’me ba ile ba ea ntoeng hape, empa ba ile ba khanneloa morao, ba mamelletse tahlehelo e ngata.

12 Ee, ba ile ba ea hape lekhetlo la boraro, ’me ba mamella ka mokhoa o ts’oanang; ’me bao ba neng ba sa bolaoa ba ile ba khutlela hape motseng oa Nefi.

13 ’Me ba ile ba ikokobetsa esita le ho ea leroleng, ba ipeha babusuoa tlasa joko ea litlamo, ba inehela ho otloa, le ho khannoa ho ea pele le morao, le ho beoa meroalo, ho latela litakatso tsa lira tsa bona.

14 ’Me ba ile ba ikokobetsa esita le botebong ba boikokobetso; ’me ba llela haholo ho Molimo; ee, esita le boleleleng ba letsatsi lohle ba ile ba llela ho Molimo oa bona hore a tle a ba lopolle ho tsoa mahlomoleng a bona.

15 ’Me joale Morena o ne a lieha ho utloa sello sa bona ka lebaka la bokhopo ba bona; le ha ho le joalo Morena o ile a utloa lillo tsa bona, ’me a qala ho nolofatsa lipelo tsa ba-Lamane hore ba qale ho bebofatsa meroalo ea bona; ee Morena o ne a sa bone ho lokela hore a ba lopolla ho tsoa litlamong.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ba qale ho atleha ka litekanyo lefats’eng leo, ’me ba qale ho hlahisa lijo thollo ka bongata bo fetang, le likhuts’oane, le mehlape, hoo ba sa kang ba mamella tlala.

17 Joale ho ne ho na le palo e ngata ea basali, ho feta e neng e le teng ea banna; ka baka leo morena Limhi o ile a laela hore monna e mong le e mong a fane ho ts’ehetso ea bahlolohali le bana ba bona, hore ba tle ba se timele ke tlala; ’me sena ba se entse ka lebaka la palo ea bona e kholo e ileng ea bolaoa.

18 Joale batho ba Limhi ba ipopile e le sehlopha ka hohle kamoo ho khonehang, ’me ba lebela lijo thollo le likhuts’oane tsa bona;

19 ’Me le morena ka boeena o ne a sa its’epe ha a le ka ntle ho marako a motse, ntle le hore a nke balebeli ba hae, ka ho ts’aba hore ka mohlomong a ka oela matsohong a ba-Lamane.

20 ’Me o ile a etsa hore batho ba hae ba alose lefats’e leo ho potoloha, hore ka mohlomong ba tle ba qhautse baprista bane ba balehetseng lefeleng, ba ileng ba utsoa barali ba ba-Lamane, ’me seo se ne se entse ts’enyo e kholo joang ho tla holim’a bona.

21 Hobane ba ne lakatsa hore ba ba nke hore ba tle ba otle; hobane ba ne ba tlile lefats’eng la Nefi bosiu, ’me ba jara lijo thollo le bongata ba lintho tsa bohlokoa tsa bona; ka baka leo ba ile ba lula ba ba laletse.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho se ho se na liqabang ho feta lipakeng tsa Ba-Lamane le batho ba habo Limhi, esita le hofihlela nako eo Ammone le bana babo ba tlang lefats’eng leo.

23 ’Me morena ka ho ba ka ntle ho likhoro tsa motse le bolebeli ba hae, a sibolla Ammone le bana babo; ’me ka ho lekanya hore ke baprista ba Noe ka baka leo a etsa hore ba nkuoe, ’me ba fasoe, ’me ba lahleloe teronkong. ’Me ha e ne e ba ke baprista ba Noe a ka be a entse hore ba bolaoe.

24 Empa ha a fumana hore ha se bona, empa e ne e le bana babo, ’me ba ne ba tsoa lefats’eng la Zarahemla, o ile a tlalloa ke nyakallo e kholo e fetisisang.

25 Joale morena Limhi o ne a rometse, pele ho ho tla ha Ammone, palo e nyenyane ea banna ho ea batla lefats’e la Zarahemla; empa ba ne ba sitoa ho le fumana, ’me ba ne ba lahlehile lefelleng.

26 Le ha ho le jolao, ba ne ba ile ba fumana lefats’e le ileng la ka la eba le batho; ee, lefatse le neng le apesitsoe ke masapo a ommeng; ee, lefats’e le kileng la eba le batho ’me le neng le timelitsoe; ’me bona, ka ho lekanya hore ke lona lefats’e la Zarahemla, ba khutlela lefats’eng la Nefi, ba fihlile meeling ea lefats’e leo matsatsi a seng mangata pele ho ho tla ha Ammone.

27 ’Me ba ne ba tlisitse le lingoliloeng le bona, esita le lingoliloeng tsa batho bao masapo a bona ba ileng ba a fumana; ’me li ne li ngotsoe matlapeng a ts’epe.

28 ’Me joale Limhi hape o ne a tletse ka nyakallo ka ho ithuta ho tsoa molomomg oa Ammone hore morena Mosaia o na le neo e tsoang ho Molimo, eo a ka tolokang lingoliloeng tse joalo; ee, ’me Ammone le eena a nyakalla.

29 Le ha Ammone le bana babo ba ne ba tletse masoabi hobane ba bangata hakaalo ba bana ba bo bona ba ne ba balailoe;

30 ’Me hape hore morena Noe le baprista ba hae ba ne ba entse hore batho bao ba etse libe tse ngata hakaalo le bokhopo khahlanong le Molimo; ’me hape ba ile ba lla ka lebaka la lefu la Abinadi; ’me hape le bakeng sa ho falla ha Alma le batho ba tsamaileng le eena, ba neng ba thehile kereke ea Molimo ka matlafalo le matla a Molimo, le tumelo mantsoeng a ileng a builoeng ke Abinadi.

31 Ee, ba ile ba lla ka lebaka la ho falla ha bona, hobane ba ne ba sa tsebe moo ba balehetseng. Joale ba ne ba ka kopana le bona ka thabo, hobane bona ka bo-bona ba ne ba kene selekaneng le Molimo ho mo sebeletsa le ho boloka litaelo tsa hae.

32 ’Me joale ho tloha ha Ammone a tla, morena Limhi le eena o ile a kena selekaneng le Molimo, ’me hape le ba bangata ba batho ba habo, ho mo sebeletsa le ho boloka litaelo tsa hae.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Limhi le batho ba hae ba bangata ba ne ba lakatsa ho kolobetsoa; empa ho ne ho se na ea nang le tokelo ho tsoa ho Molimo lefats’eng leo. ’Me Ammone a hana ho etsa ntho ena, a ikelelloa bo-eena e le mohlanka ea sa lokelang.

34 Ka baka leo ka nako eo ha ba ka ba ipopa ho ba kereke, ba emela Moea oa Morena. Joale ba ne ba lakatsa ho fetoha esita joaloka Alma le bana babo, ba balehetseng ho ea lefelleng.

35 Ba ne ba lakatsa ho kolobetsoa e le ho paka le bopaki ba hore ba ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ka lipelo tsohle tsa bona; le ha ho le joalo ba ile ba eketsa nako; ’me pale ea kolobetso ea bona e tla fanoa kamorao ho mona.

36 ’Me joale boithuto bohle ba Ammone le batho ba habo, le morena Limhi le batho ba habo, e ne e le ho itokolla ho tsoa matsohong a Ba-Lamane le ho tsoa litlamong.

Hatisa