Mangolo a halalelang
Mosaia 6


Khaolo ea 6

Morena Benjamine o ngola mabitso a batho ’me o beha baprista ho ba ruta—Mosaia o busa joaloka morena ea lokileng. Ka bo 124–121 B.C.

1 ’Me joale morena Benjamine a hopola hore ho ne ho hlokahala, kamor’a ho qeta ho bua le batho, hore a tle a nke mabitso a bohle ba keneng selekaneng le Molimo ho boloka litaelo tsa hae.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho se na le moea o le mong, ntle le hore e be bana ba banyenyane, ba neng ba sa kena selekaneg ’me ba inketse ho bona lebitso la Kreste.

3 ’Me hape, ho ile ha etsahala hore ha morena Benjamine a se a entse pheletso ea lintho tsena, me a se a tlotsitse mora oa hae Mosaia ho ba ’musi le morena holim’a batho ba habo, me a se a mo file litaelo tsohle malebana le ’muso, ’me hape a se a behile baprista ho ruta batho, hore ka hona ba tle ba utloe le ho tseba litaelo tsa Molimo, ’me le ho ba susumetsa ho hopola kano eo ba e entseng, o ile a qhala bongata boo, ’me ba ile ba khutlela, e mong le e mong, ho latela malapa a bona, ho ea matlong a bona.

4 ’Me Mosaia a qala ho busa bakeng sa ntat’ae. ’Me a qala ho busa ka selemo sa bo mashome a mararo sa lilemo tsa hae, ho etsa ka kakaretso, bonyane lilemo tse makholo a mane le mashome a supileng a metso e ts’eletseng ho tloha nakong eo Lehi a neng a tloha Jerusalema.

5 ’Me morena Benjamine o ile a phela lilemo tse tharo ’me a shoa.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Mosaia o ile a tsamaea litseleng tsa Morena, ’me a ela hloko likahlolo tsa hae le melao ea hae, ’me a boloka litaelo tsa hae linthong tsohle tseo a neng a mo laela tsona.

7 ’Me morena Mosaia o ile a etsa hore batho ba habo ba tsoelepele ho lema lefats’e. ’Me le eena hape, ka bo eena, o ile a lema lefats’e, hore ka hona a tle a se ke a fetoha moroalo ho batho ba habo, hore a tle a etse ho latela seo ntat’ae a se entseng linthong tsohle. ’Me ho ne ho se na likhang har’a batho bohle ba habo sebaka sa lilemo tse tharo.

Hatisa