Mangolo a halalelang
Mosaia 1


Buka ea Mosaia

Khaolo ea 1

Morena Benjamine o ruta bara ba hae puo le boporofeta ba bo-ntat’a bona—Bolumeli ba bona le tsoelopele ea bona li ile tsa bolokoa ka lebaka la lingoliloeng tse matlapeng a fapaneng—Mosaia o khethoa e le morena ’me o fua boikarabello ba lingoliloeng le lintho tse ling. Ka bo 130–124 B.C.

1 ’Me joale ho ne ho se ho se na khang ka har’a lefats’e lohle la Zarahemla, har’a batho bohle bao e leng ba morena Benjamine, hoo morena Benjamine a bileng le khotso e tsoelang pele ho sala ha matsatsi ohle a hae.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore o ne a ena le bara ba bararo; ’me o ile a ba bitsa ka mabitso a Mosaia, le Helorume, le Helamane. ’Me o ile a etsa hore ba rutoe ka puo eohle ea bo ntata’e, hore ka hona ba tle ba fetohe banna ba kutloisiso; le hore ba tle ba tsebe malebana le boporofeta bo builoeng ka melomo ea bo ntat’a bona, bo fanoeng ho bona ka letsoho la Morena.

3 ’Me o ile a ba ruta hape malebana le lingoliloeng tse neng li ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu, a re: Bara ba ka, ke lakatsa hore le tle le hopole hore ha e ne e se ka matlapa aa, a nang le lingoliloeng le litaelo tsena, re ne re tlameha ho sotleha ke ho hloka tsebo, esita le ka eona nako ena, re sa tsebe liphiri tsa Molimo.

4 Hobane ho ne ho sa khonehe hore ntat’a rona Lehi, a khone ho hopola ntho tsena tsohle, ho li ruta bana ba hae, ntle le hore ebe ke ka thuso ea matlapa ana; hobane eena ka ha a ne a rutiloe ka puo ea Ba-Egepeta ka baka leo o ne a khona ho bala tsena tse ngotsoeng, ’me a li rute bana ba hae, hore ka hona ba tle ba li rute bana ba bona, ’me joale ba phethahatse litaelo tsa Molimo, esita le ho ea tlase hofihlela nako ena ea joale.

5 Ke re ho lona, bara ba ka, ha e ne e se ka lintho tsena, tse ileng tsa behoa le ho bolokoa ka letsoho la Molimo, hore re tle re bale ’me re utloisise liphiri tsa hae, ’me re be le litaelo tsa hae kamehla ka pela mahlo a rona, hore esita le bo ntat’a rona ba ke be ba felile ke ho se lumele, ’me re ne re tla ts’oana le bana ba bo rona, Ba-Lamane, bao ba sa tsebeng letho malebana le lintho tsena, kapa esita le ho lumela ho tsona ha ba li rutoa, ka lebaka la mekhoa ea bo ntat’a bona, eo e sa nepahalang.

6 Oho bara ba ka, ke lakatsa hore le tle le hopole hore lipolelo tsena ke ’nete, le hore hape lingoliloeng tsena ke tsa ’nete. ’Me bonang, hape matlapa a Nefi, a nang le lingoliloeng le lipolelo tsa bo ntat’a rona ho tloha nakong eo ba tlohang Jerusalema hofihlela joale, ’me ke tsa ’nete; ’me re tseba ka bonnete ba tsona hobane re na le tsona kapela mahlo a rona.

7 ’Me joale, bara ba ka, ke lakatsa hore le hopole ho li bala ka mafolofolo, hore le tle le fumane molemo ka hona; ’me ke lakatsa hore le tle le boloke litaelo tsa Molimo, hore le tle le atlehe lefats’eng leo ho latela lits’episo tseo Morena a li entseng ho bo ntat’a rona.

8 ’Me ke lintho tse ling tse ngata tseo morena Benjamine a li rutileng bara ba hae, tse sa ngoloang bukeng ena.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore morena Benjamine a etse pheletso ea thuto ea hae ho bara ba hae, o ile a tsofala, ’me a bona hore haufi haholo o tlameha ho ea ka tsela ea lefats’e lohle; ka baka leo, o ile a hopola hore hoa nepahala hore a behe borena holima e mong oa bara ba hae.

10 Ka baka leo, o ile a etsa hore Mosaia a tlisoe kapele ho eena; ’me ana ke mantsoe ao a ileng a bua ho eena, a re: Mora oaka, ke lakatsa hore u tle u etse phatlalatso lefats’eng lena lohle har’a batho bana kaofela, kapa batho ba Zarahemla, le batho ba Mosaia ba phelang lefats’eng leo, hore ka hona ba tle ba bokelloe hammoho; hobane ka hosane ke tla phatlalatsa ho batho bana ba ka ho tsoa molomong oaka hore uena u morena le ’musi holima batho bana, bao Morena Molimo oa rona a re fileng bona.

11 ’Me ho feta moo, ke tla fa batho ba na lebitso, hore ka hona ba tle ba khetholohe ka holimo ho batho bohle bao Morena Molimo a ba tlisitseng ho tsoa lefats’eng la Jerusalema; ’me sena ke se etsa hobane e bile batho ba mafolofolo ho bolokeng litaelo tsa Morena.

12 ’Me ke ba fa lebitso leo le ke keng la hlola le hlakoloa, ntle le hore e be ka ho sitoa.

13 Ee, ’me ho feta moo ke re ho uena, hore haeba batho bana ba hauhetsoeng haholo ba Morena ba ka oela ts’itong, ’me ba fetoha batho ba khopo ba bohlola, hore Morena o tla nehelana ka bona, hore ka hona ba fetohe batho ba fokolang joaloka bana ba bo bona; ’me ha a sa tla ba boloka ka matla a hae a sa lekanngoeng a hlollang, joaloka ka ha hofihlela joale a bolokile bo ntat’a rona.

14 Hobane ke re ho uena, hore haeba ha a ka a nanabetsa letsoho la hae polokehong ea bo ntat’a rona ba ne ba tlameha ho oela matsohong a Ba-Lamane, ’me ba fetohe mahlatsipa a lehloeo la bona.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore morena Benjamine a etse pheletso ea lipolelo tsena ho mora oa hae, o ile a mo fa boikarabelo malebana le litaba tsohle tsa ’muso.

16 ’Me ho feta moo, o ile a mo fa hape boikarabelo malebana le lingoliloeng tse ngotsoeng holima matlapa a tsépe e khubelu; ’me hape le matlapa a Nefi; ’me hape, le sabole ea Labane, le pitikoe kapa motsamaisi, e ileng ea etella bo ntat’a rona lefelleng, eo e neng e hlophisitsoe ka letsoho la Morena hore ka hona ba tle ba etelloe, e mong le e mong ho latela ho mamela le mafolofolo ao ba neng ba mo fa oona.

17 Ka baka leo, joaloka ha ba ne ba hloka tumelo ha ba ka ba atleha kapa ho tsoelapele leetong la bona, empa ba ile ba khanneloa morao, ’me ba itlisetsa ho se thabe ha Molimo; ’me ka baka leo ba ile ba otloa ka tlala le mahlomola a bohloko, ho ba sisinyetsa ho hopola boitlamo ba bona.

18 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore Mosaia a tsamaee ’me a etsa joaloka ha ntat’ae a ne a mo laetse, ’me a phatlaletsa batho bohle ba neng ba le lefats’eng la Zarahemla hore ka hona ba tle ba bokellehe hammoho, ho nyolohela tempeleng ho ea utloa mantsoe ao ntat’ae a tlang ho a bua ho bona.

Hatisa