Mangolo a halalelang
Mosaia 10


Khaolo ea 10

Morena Lamane oa shoa—Batho ba hae ba hlaha ba bohale ’me ba lumela ho meetlo ea bohata—Zeniffe le batho ba habo ba hlola khahlanong le bona. Ka bo 187–160 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore hape re qale ho tiisa puso ’me hape ra qala ho rua lefats’e leo ka khotso. ’Me ka etsa hore ho be le libetsa tse etsoang tsa mefuta eohle, hore ka hona ke tle ke be le libetsa bakeng sa batho ba heso khahlanong le nako eo ba-Lamane ba tla nyolohela ho tla loana khahlanong le batho ba heso hape.

2 ’Me ka beha balebeli ho potoloha le lefats’e leo, hore ba-Lamane ba tle ba sitoe ho re oela hape re sa elelloe ho re timetsa; ’me ke joana ke ileng ka lebela batho ba heso le mehlape ea ka, ’me ka ba bolokela khahlanog le ho oela matsohong a lira tsa rona.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore re je lefa lefats’e la bo ntat’a rona bakeng sa lilemo tse ngata, ee, bakeng sa sebaka sa lilemo tse mashome a mabeli le metso e ’meli.

4 ’Me ke ile ka etsa hore banna ba leme mobu, ’me ba hlahise mefuta eohle ea lijo thollo le mefuta eohle ea tholoana tsa mefuta kaofela.

5 ’Me ka etsa hore basali ba lohe, ’me ba ohle, ’me ba sebetse, le ho sebetsa mefuta eohle ea lene e ntle, ee, le lesela la mefuta kaofela, hore re tle re apese bofela ba rona; ’me ke joana re ileng ra atleha lefats’eng leo—ke joana re ileng ra ba le khotso e tsoelang pele lefats’eng leo sebaka sa lilemo tse mashome a mabeli le metso e ’meli.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Lamane o ile a shoa, ’me mora oa hae a qala ho busa bakeng sa hae. ’Me a qala ho hlohleletsa batho ba hae ka phetohelo khahlanong le batho ba heso; ka baka leo ba ile ba qala ho lokisetsa ntoa, le ho nyolohela ho tla loana khahlanong le batho ba heso.

7 Empa ke ne rometse litlhoeli tsa ka kantle ho potoloha lefats’e la Shemlone, hore ke tle ke fumane litokiso tsa bona, hore ke tle ke itebele khahlanong le bona, hore ba tle ba sitoe ho oela holim’a batho ba heso ’me ba ba timetse.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nyolohela leboea ho lefats’e la Shilome, ka makhotla a bona a mangata, banna ba hlometse ka liqha, le ka metsu, le ka lisabole, leka likerete, le ka majoe, le ka matjeketjane; ’me ba ne ba entse hore lihlooho tsa bona li beoloe ka hore li ne li hlobotse; ’me ba ne ba tlamme matheka a bona ka mabanta a matlalo.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ke etse hore basali le bana ba batho ba heso ba ipate lefelleng; ’me hape ke ile ka etsa hore banna bohle ba heso ba holileng ba neng ba ka jara lihlomo, ba ipokelle hammoho ho ea loana khahlanong le Ba-Lamane; ’me ke ile ka ba beha ka maemo a bona, monna e mong le e mong ho latela lilemo tsa hae.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore re nyolohele holimo ho ea loana khahlanong le Ba-Lamane; ’me ’na, esita le ’na, botsofaling ba ka, ka nyolohela holimo hoea loana khahlanong le Ba-Lamane. ’Me ho ile ha etsahala hore re nyolohele holimo ka matla a Morena ho ea loana.

11 Joale, Ba-Lamane ba ne ba sa tsebe letho malebana le Morena, kapa matla a Morena, ka baka leo ba ne ba ts’epetse ho matla a bona. Le ha e ne e le batho ba matla, ho latela matla a motho.

12 E ne e le batho ba hlaha, ba bohale, ’me ba nyoretsoe mali, ba lumelang ho mekhoa ea bo ntat’a bona, e leng eena—Ba ne ba lumela hore ba khannetsoe kantle ho lefats’e la Jerusalema ka lebaka la bokhopo ba bo ntat’a bona, hore ba ne ba fositsoe ke bana ba bo bona lefelleng, ’me ba ile ba fosoa ha ba ne ba ts’ela leoatle;

13 ’Me hape, hore ba fositsoe ha ba le lefats’eng la pele la bojalefa ba bona, kamora hore ba ts’ele leoatle, ’me sena sohle hobane Nefi o ne a ts’epahala ho feta ho bolokeng litaelo tsa Morena—ka baka leo o ne a ratoa ke Morena, hobane Morena o ile a utloa lithapelo tsa hae ’me a li arabela, ’me o ile a nka boetapele ba leeto la bona lefelleng.

14 ’Me bana ba bo ba ne ba mo halefetse hobane ba ne ba sa utloisisi lits’ebelisano tsa Morena; hape ba ne ba mo halefetse ha ba le holim’a metsi hobane ba ne ba thatafalitse lipelo tsa bona khahlanong le Morena.

15 ’Me hape, ba ne ba mo halefetse ha ba se ba fihlile lefats’eng la pallo, hobane ba ne ba re o nkile puso ea batho matsohong a bona; ’me ba ne ba batla ho ’molaea.

16 ’Me hape, ba ne ba mo halefetse hobane o ile a fallela lefelleng joaloka ha Morena a ne a mo laetse, ’me a nka lingoliloeng tse neng li ngotsoe matlapeng a ts’epe e khubelu, hobane ba ne ba re o ba tlatlapile.

17 ’Me ke joana ba neng ba rutile bana ba bona hore ba ba hloee, ’me ba tle ba ba bolaee, ’me hore ba tle ba ba tlatlape le ho ba utsoetsa, le ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho ba timetsa; ka baka leo ba ne ba na le lehloeo la bosafeleng ho bana ba Nefi.

18 Ke ka lebaka lona lena leo morena Lamane, ka masene a hae, le leshano le thetso, le lits’episo tsa hae tse khahlisang, a ileng a nthetsa, hore e be ke tlisitse batho ba heso holimo mona lefats’eg lena, hore ba tle ba ba timetse; ee, ’me re sotlehile lilemo tsena tse ngata lefats’eng lena.

19 ’Me joale ’na, Zeniffe, kamora ho bolela lintho tsena tsohle ho batho ba heso malebana le Ba-Lamane, ke ile ka ba hlohlelletsa ho ea loana ka matla a bona, ba beile ts’epo ea bona ho Morena; ka baka leo, re ile ra loants’ana le bona, mahlo mahlong.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore hape re ba khannele kantle ho lefats’e la rona; ’me ra ba bolaea ka polao e kholo, esita le ba bangata hoo re neng re sitoa ho ba bala.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore re khutlele hape lefats’eg la rona, ’me batho ba heso ba qala hape ho hlokomela mehlape ea bona, le ho lema mobu oa bona.

22 ’Me joale ’na, ka ha ke ne ke tsofetse, ke ile ka fana ka puso ho e mong oa bara ba ka; ka baka leo, ha ke sa bua ho feta. ’Me e se e ka Morena a hlohonolofatse batho ba heso. Amen.

Hatisa