2017
Pososelo Eka Etsa Phapang
Pherekhong 2017


Batjha

Pososelo Eka Etsa Phapang

Moetapele Uchtdorf o qoholla mabaka a mabedi ao re tlamehang ho ba le oona a diketso tsa rona: Ho rata Modimo le ho rata ba habo rona. Empa ka nako tse ding ha ho bonolo ho rata ba bang. Bophelong ba hao, ho tla ba le dinako tse ding tseo o tla fumana ho le thata ho kopana le ba bang—mohlomong motho e mong o o utlwisitse bohloko kapa o na le bothata ba ho bua kapa ho utlwana le motho e mong. Ka nako tse tje, leka ho hopola lerato leo o le utlwileng ho tswa ho metswalle, ba lelapa, Modimo Ntate, le Jesu Kreste. Hopola nyakallo eo o e utlwileng ka nako tseo mme o leke ho tshwantsha haeba bohle ba ne ba ka fumana monyetla wa ho utlwa lerato le lekalo. Hopola hore e mong le e mong ke moradi kapa mora wa Modimo mme o lokela ho fumana ka bobedi, lerato la Hae le la hao.

Nahana ka motho ya itseng bophelong ba hao eo o bileng le bothata ba ho utlwana le eena. Mo kenye dithapelong tsa hao mme o kope Ntate Modimo ho mo bulela pelo ya hao. Kapele o tla qala ho mo bona ka moo A mmonang ka teng: e le e mong wa bana ba Hae ba lokelwang ke lerato.

Kamora ho rapela, etsa ho hong ho hotle bakeng la hae! Mohlomong o mo meme ho ya diketsahalong tsa batjha tsa kereke kapa ho tswa le metswalle. Kopa ho thusa ka mosebetsi wa sekolo o fanweng. Leha ele ho re “dumela” le ho bososela le eena. Dintho tse nyane di ka etsa phapang … maphelong a lona ka bobedi!

Hatisa