2017
Lebaka la Mokgatlo wa Thekolohelo
Pherekhong 2017


Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Pherekgong 2017

Lebaka la Mokgatlo wa Thekolohelo

Ithute molaetsa ona ka thapedi mme o batle tshenolo ya ho tseba seo o ka arorelanang ka sona.

Setśoantśo
Relief Society seal

Tumelo, Lelapa, Thekolohelo

Lebaka la Mokgatlo wa Thekolohelo ke ho “lokisetsa basadi ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng,” ho rialo Linda K. Burton, Moetapele wa Mokgatlo wa Thekolohelo o Akaretsang.1 Ke ka tumelo, lelapa, le thekolohelo re ikamahanyang le “karolo ya bohlokwa ya mosebetsi.”2

Mokgatlo wa Thekolohelo “ke mosebetsi wa tsa nama le tsa moya,” ho rialo Carole M. Stephens, Moeletsi wa Pele wa Mokgatlo wa Thekolohelo o Akaretsang. “ke seo basadi ba mehleng ya Mopholosi ba neng ba se etsa, mme ke seo re tswelang pele ho se etsa.”3

Ha re sheba ho mosadi wa Mosamaria sedibeng, ya ileng a siya nkgo ya hae ya metsi ho ya bolella ba bang hore Jesu ke moporofeta (sheba Johanne: 6–42), kapa ho Phebe, ya neng a sebeletsa ba bang ka monyaka bophelong ba hae (sheba Baroma 16:1–2), re bona mehlala ya basadi ba mehleng ya Mopholosi ba neng ba nka karolo e matla ya ho tla ho Kreste. Ke Eena ya bulang tsela ya rona ya bophelo bo sa feleng (bona Johanne 3:16).

Ha re sheba ho bana ba bo rona ba bo-pula-madiboho ba neng ba le Nauvoo, Illinois, ba neng ba kgobokane lapeng ha Sarah Kimball ka 1842 ho bopa mokgatlo wa bona, re bona Morero wa Modimo wa ho tlisa Mokgatlo wa Thekolohelo o phela mme o le moleng o le mong le boporista. Kamora hore Eliza R. Snow a ngole molao-theo wa mokgatlo, moporofeta Joseph Smith o ile a o hlahloba. O ile a elellwa hore Kereke e ne e so hlophiswe ka botlalo ho fihlela basadi ba hlophisitswe. O ile a re Morena o amohetse boinehelo ba bona empa feela ho ne ho ena le ho hong ho betere. “Ke tla hlophisa basadi tlasa boporista ka tsela ya tsamaiso ya boporista,” o ile a rialo.4

Mokgatlo wa Thekolohelo e ne e se feela sehlopha sa basadi ba lekang ho etsa botle lefatsheng. O ne o fapane. E ne e le ‘ho hong ho betere’ hobane o ne o hlophisitswe tlasa matla a boporista. Tlhophiso ya oona e ne e le bohato bo hlokahalang ho manolla mosebetsi wa Modimo lefatsheng.”5

Tlatsetso ya Mangolo a Halalelang le tlhahiso leseding

Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 25:2–3, 10; 88:73; reliefsociety.lds.org

Dingodilweng

  1. Linda K. Burton, in Sarah Jane Weaver, “Relief Society Celebrates Birthday and More March 17,” Church News, Tlhakubele 13,2015, news.lds.org

  2. Linda K. Burton, in Weaver, “Relief Society Celebrates Birthday”

  3. Carole M. Stephens, in Weaver, “Relief Society Celebrates Birthday.”

  4. Joseph Smith, in Daughters in My Kingdom: The History and Work of Relief Society (2011), 11–12.

  5. Daughters in My Kingdom, 16.

Hatisa