2017
Ho tobisa Kgubung
Pherekhong 2017


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Pherekgong 2017

Ho tobisa Kgubung

Haufinyane, ke ne ke shebeletse sehlopha sa batho ba ikwetlisetsa papadi ya diqha (archery). Ka ho shebella, ho ile hwa hlaka ho nna hore ha o batla ka tiyo hoba setsibi se seholo sa seqha le tsenene, ho nka nako le boikwetliso.

Ha ke nahane hore o ka ntlafatsa maemo a hoba setsibi sa diqha ka ho thunya lebota le se nang letho mme ebe ke hona o takang sebaka ho potoloha moo ditsenene li otlileng teng. O lokela ho ithuta mokgwa wa ho fumana setsi le ho otla botsekaneng.

Ho taka ditsi

Ho thunya pele mme ebe o taka sebaka kamorao e ka shebahala e le bowatlanyana, empa ka nako e nngwe rona ka borona re itshwara ka tsela ena maemong a mang a bophelo.

Re le ditho tsa kereke, re na le mokgwa tjena wa ho itshwarella ka mananeo, ditaba esita le dithuto tsa tumelo tseo re bonang e le tse re kgahlang, tse bohlokwa, kapa tse re natefelang. Re kgahlwa ke ho di takela ditsi ho potoloha, re dumela hore re tobisitse kgubung ya evangedi.

Hona ho bonolo ho ho etsa.

Ho tloha mehleng esale re fumana boeletsi bo chatsi le kgothaso ho tswa ho baporofeta ba Modimo. Re boetse re fumana tsela le tlhakisetso ho tswa diphatlalatsong(dingodilweng), dibukaneng, le dibuka tsa kereke. Re ka kgetha ha bonolo feela molaetsa wa evangedi o re o ratang, ra taka setsi ho o potoloha, yaba re o fetola taba rere re fumane kgubu ya evangedi.

Mopholosi o wa Hlakisa

Hona ha se bothata bo ikgethileng ba mehla ya rona. Mehleng ya kgale, baetapele ba bodumedi ba ne ba qeta nako e ngata ba etsa mananeo, ba hlahlamanya le hona ho etsa kgang ka hore na melaong e makgolo-kgolo ke efe eo e leng bohlokwa haholo.

Ka letsatsi le leng sehlopha sa baithuti ba tsa bodumedi ba ile ba leka ho hulela Mopholosi ka hara pherekano. Ba ile ba mo kopa hore a nke karolo tabeng eo ba mmalwa ba neng ba dumellana ka yona.

“Moruti,” ba ile ba Mmotsa, “Ke molao ofe o moholo melaong?”

Rea tseba bohle hore Jesu o arabile jwang: “Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao ohle, le ka kgopolo ya hao yohle.

“Molao oo ke o moholo wa pele.

“Mme wa bobedi ke o tshwanang le oona, Rata wa heno jwalo ka ha o ithata.

“Melao e mmedi eo ke motheo wa melao yohle le baporofeta.”1

Ka kopo ela hloko polelo ya ho qetela: “Melao e mmedi eo ke motheo wa melao yohle le baporofeta.”

Mopholosi ha a re bontsha feela setsi, empa o boetse A fumana le botsekana.

Ho e otla Setsing

Re le ditho tsa kereke, re etsa selekane sa ho inkela ka bo rona lebitso la Jesu Kreste. Ho totobetseng selekaneng sena ke kutlwisiso ya hore re tla tsitlallela ho ithuta ka Modimo, ho Mo rata, ho hodisa tumelo ya rona ho Eena, ho mo Hlompha, ho tsamaya tseleng ya Hae, le ho ema ka tiyo re le dipaki tsa Hae.

Ha re ithuta haholo ka Modimo mme re utlwa lerato la Hae ho rona, re elellwa haholo hore sehlabelo se seholo sa Jesu Kreste ke mpho ya bohlokwa ya Modimo. Mme lerato la Modimo le re kgothaletsa hore re sebedise tsela ya nnete ya pako, eo e tla re etella pele ho ya mohlolong wa pako. Mokgwa ona o re thusa ho eba le lerato le leholo le kutlwelo-bohloko ho ba re potapotileng. Re tla ithuta ho bona ka nqane ho matshwao. Re tla ithuta ho fenya moleko wa ho ahlola ba bang ka dibe tsa bona, mefokolo, diphoso, tshekamelo ya lipolotiki, boinehelo bodumeding ba bona, botjhaba, kapa mmala wa letlalo.

Re tla bona e mong le e mong eo re kopanang le eena e le ngwana wa Modimo—moena kapa moholwane wa rona.

Re tla nanabetsa letsoho ho ba bang ka kutlwisiso le lerato—le bao ho ke keng hwa eba bonolo ho ba rata. Re tla hlomoha le bao ba mahlomoleng mme re kgothatse bao ba hlokang kgothatso.2

Mme re tla elellwa hore ha ho hlokahale hore re ipherekanye ka setsi sa evangedi se nepahetseng.

Melao e mmedi e meholo ke yona setsi. Melaong ena e mmedi ho itshetlehile melao yohle le baporofeta. Ha re amohela sena, ntho tsohle tse molemo di tla wela libakeng tsa teng.3

Ha tjhebo ya rona ya mathomo, menahano, le boiteko di tsepame ho hodiseng lerato la rona ho Modimo ya matla ohle mme re ena le lereko ho ba bang, re ka tseba hore re fumane setsi se nepahetseng mme re tobisitse kgubung—ho ba barutuwa ba nnete ba Jesu Kreste.

Hatisa