2017
Ho rapella Kgotso
Hlakola 2017


Batjha

Ho rapella Kgotso

Mongodi o dula Arizona, (USA).

Batswadi baka ba ne ba eya dikopanong kamora tshebeletso ya kereke, mme ke ne ke ena le mosebetsi wa ho hlokomela bara beso ba neng ba le banyane dilemeng le ho thusa ka ho ba etsetsa dijo tsa motshehare – le ha kgafetsa ba le pelo-kgutshwane mme ba lapile. Hangata ha bane ba lwantshana, ke ne ke kgona ho ka rarolla bothata bona bo bonyenyane ka pejana. Empa ka baka la ho ferekana haka, ka nako tse ding ho ne ho le thata ho ka etsa kgotso pakeng tsa bona ha ntwa e se e qadile.

Ka tsatsi le leng, bara beso ba ile ba fumana ho le thata ho utlwana. Ka fumana ele hore teko ya ka ya ho ka etsa kgotso ene feela e etsa dintho di be mpe le ho fitisisa hobane ke ne ke ferekane. Ke ile ka iketsetsa dijo tsa motshehare ke le mong, mme ka kgaotsa ho bua. Qetellong, ka ba bolella hore, “Ke sa ilo rapela. Na re ka kgutsa motsotswana ka kopo?” Hang hoba ba kgaotse, ke ile ka kopa hore ho hlohonolofatswe dijo. Pele ke kwala thapelo, ka kenyelletsa sena, “mme ke kopa hore re thuswe ho ba baetsi ba kgotso.”

Qalong, ba bonahetse eka ha ba utlwe, mme ba qalella ho lwantshana hape. Ke ne ke tennwe empa ke ne ke tseba hore ke hloka ho ba le lerato le ho ba le boimamelo hobane ke ne ke sa tsa tswa ho rapella kgotso. Motsotso ka morao, ka ikutlwa le kgobile matshwafo. Ka ntle le ho bua, ka eja, mme bashemane ba qetella ba kgaoditse ho lwantshana. Ka elellwa hore kgotso eo ke e utlwileng ene ele karabo ya thapelo e bonolo. Ke ne ke rapelletse ho ba moetsa-kgotso, mme Ntate waka Ya Mahodimong a nthusa ho kgoba matshwafo ka nako eo teko ene eleng ho hooa le ho omana. Ke a tseba hore ka nnete A ka re nea kgotso.

Hatisa