Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Hlakola 2017
Topollo ya Kreste Ke Bopaki ba Rato la Modimo
Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona.
Tumelo, Lelapa, Thekolohelo
Ha re utlwisisa hore Ntata rona Ya Mahodimong o nehelane ka Mora Hae a Nnotshi ele hore re be le bosashweng mme re be le ho ka eba le bophelo bo sa feleng, hona, ho ka re thusa ho utlwa rato leo Modimo a enang le lona ho rona le sa feleng mme le fetang kutlwisiso. Mopholosi wa rona le Ena o a re rata.
“Ke mang ya ka re kgaohanyang le lerato la Kreste?- …
“Ke kgodisehile hore, ha ho lefu, kapa bophelo, kapa mangeloi, kapa mebuso, kapa matla, kapa tse teng kapa tse santse di etla,
“kapa bophahamo, kapa botebo, kapa se seng sa dibupuwa, se ka kgonang ho re arohana le lerato la Modimo, e leng Kreste Jesu Morena wa rona” Baroma 8:35, 38-39
Moholo D. Todd Chritofferson eo eleng leloko la Kopano ya Baapostola ba Leshome Le Mmetso e Mmedi o buile sena ka Topollo ya Jesu Kreste: “ Tshotleho ya Mopholosi Kgethesmane le kutlo bohloko ya Hae sefapanong, di re lopollotse sebeng ka ho re lefella ditlamong tseo toka e nang le tsona ho rona. O otlollela ho, le ho tshwarela ba bakang. Topollo ya Jesu Kreste e boetse e lefella molato oo toka e nang le ona ho rona, ka ho re fodisa le ho re buseletsa bakeng sa tshotleho efeng kapa efeng eo re e mamelletseng re sena molato. ‘Bona, A sotlahela bohloko ba batho bohle, ee, bohloko ba bohle ba phelang, eleng banna, basadi, mmoho le bana, bao eleng karolo ya lelapa la Adama’ 2-Nephi 9:21 ; boela o bone Alma 7:11-12.”1
Kreste o “[re] ngotse diatleng tsa matsoho [Hae]” Esaia 49:16. Linda K Burton, Moetapele wa Kakaretso Mokgahlong wa Thekolohelo, are, “Ketso eo e senang tekano ya lerato, e lokela ho re isa mangoleng, thapeding ei kokobeditseng moo teng re lebohang Ntata rona ya Mahodimong bakeng sa ha a re ratile hakaalo, hoo A ileng a romela Mora Hae ya phetahetseng a Nnotshi, ho sotleha bakeng sa dibe tsa rona, bakeng sa kutlo bohloko ya rona pelong, le bakeng sa tsohle tse bohehang di dileleeme bophelong ba emong le emong wa rona.”2
Mangolo a Halalelang a Tlatsetso le Thlahiso leseding
© 2017 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. e hatisitswe USA Tumello ya Sekgowa: 6/16. Tumello ya Phetolelo: 6/16. Phetolelo ya Visiting Teaching Message, February 2017. Sotho. 97922 739
Nahana ka Sena
Na re ka bontsha jwang teboho le lerato la rona ho Modimo le ho Jesu Kreste bakeng sa mpho ya Topollo ya Mopholosi wa rona?