2017
Jwalo ka ha ke le ratile
Hlakola 2017


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Hlakola 2017

“Jwalo ka ha ke le ratile”

Lemong tse ngata tse fetileng, motswalle a bitswang Louis o ile a abelana le nna ka tsa bophelo ba mme motswadi wa hae eo e neng e le motho ya bonolo ya neng a bua ka boikokobetso. Ha a feta lefatsheng, ha a ka a siela bara le baradi ba hae matlotlo a tsa ditjhelete, empa o ile a basiela letlotlo ka ho ba mohlala, ho etseng sehlabelo, le ho obamela.

Ka morao ha ho etswa sethabathaba le ho nkuwa ha leeto la thlomoho le neng le libitsitse serapeng sa bafu, ba lelapa ba ile ba ntsha phahlwana tsa mma bona tse neng di setse. Ka hara tsena, Louis o ile a fumana lengolwana le senotlolo. Lengolong ho ne ho ngotswe: “Phapusing ya ho robala e sekgutlong, rakeng e ka tlase lekaseng laka, ho ena le lebokoswana. Ka hare ho lona ho ena le letlotlo la pelo ya ka. Notlolo sena se tla bula lebokoso”

Bohle ba ile ba makala le ho ipotsa hore na mma bona o ne a ena le eng e hlwahlwa le hodimo hakalo, hoo e eng e lokelwa ke ho notlellwa.

Bokoso e ile la tloswa moo e neng e dutse teng mme ya bulwa ka hlooko ho sebediswa senotlolo. Ha Louis le ba bang ba ntse ba hlahloba dikahare tsa bokoso, ke moo teng ba ileng ba fumana tswantsho sa e mong le e mong wa bana, mme ho tsona ho ne ho ngotswe bitso le tsatsi la tswalo la ngwana emong le e mong. Louis o ile a ntsha karata eo ho iketseditsweng yona ya molaetsa wa lerato. Ka mongolo o seng makgethe kapa o sa phethahalang o bontshang hore one o ngolwa ke letsoho la ngwana, o ile a elellwa sena ele mongolo wa hae, a bala mantswe ao a neng a a ngole dilemeong tse mashome a tsehletseng tse fitileng “Mme, Ke a o rata”

Pelo tsa nolofala, mantswe a kokobela, mme mahlo a tlala dikgapha. Tlotlo la mme e ne e le lapa la hae la bosafeleng. Matla lona a ne a itshetlehile lejweng la motheo eleng “Ke a o rata”

Fatsheng la kajeno, ha ho moo ho hlokahalang lejwe la motheo wa lerato joalo ka lapeng. Mme ha ho moo lefatshe le lokelang ho fumana mohlala wa motheo ona, ha ese ka hara mahae a Bahalaledi ba Mehleng ya Kajeno, bao ba entseng lerato setsi sa bophelo ba malapa a bona.

Ho rona bao re ipolelang hore re balatedi ba Mopholosi Jesu Kreste, O re neile taelo ena e tibileng:

“Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalo ka ha Ke le ratile, ratanang jwalo le lona.

“Ka seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana1

Ha re boloka molao wa ho ratana, re lokela ke ho utlwelana bohloko le ho tshwarana ka thlompho, re bontsha lerato tsai ka letsatsi dikamanong tsa rona. Lerato le fana ka ntswe le bonolo, karabo e nang le mamello, ketso e senang boithati/ boikgohomoso, tsebe e nang le kutlwisiso, pelo e tshwarelang. Dikamanong tsa rona tsohle, sena le tse ding tsa ketso tse tshwanang le tsena, di paka lerato le pelong tsa rona.

Moetapele Gordon B. Hinkley (1910 – 2008) o hlahisitse tjhebo ena: “Lerato, … ke pitsa ya kgauta e fumanwang moo mookoli o fellang teng. Le ha hole jwalo le feta pheletso ya mookodi. Lerato le boela le qalong, mme ho lona ho hlaha / hotswa botle bo aparang lehodimo le ka tsatsi le thata. Lerato ke tshireletso e hlokwang le ho llelwa ke bana, tabatabelo ya batjha, sekgomaretsi se kopanyang lenyalo, selogetsi se thusang hore ho sebe le kgohlano le twantshano e tlisang busula ka hara lehae; ke kgotso ya mehleng ya kgale, lesedi le tlisang tshepo le ka hara lefu. Ba ruile ha ka kang bao ba le fumanang dikamanong tsa bona tsa lelapa, metswalleng, kerekeng le baahisaneng mmoho le bona.”2

Lerato ke a mokotaba wa evangedi, karolo e bohlokwahadi ho pota ha ho bouwa ka botho. Lerato ke sethlare sa phodiso malapeng a fokolang, metseng e, le naheng/ditjhabeng tse kulang. Lerato ke pososelo, tumediso, polelo e bonolo, le ho babatsa. Lerato ke boinehelo/ho nehelana, tsebeletso e yang ho ba bang, le ho hloka boithati/ boikgohomoso.

Banna, ratang basadi/balekane ba lona. Ba tshwareng ka tlhompho le kanalelo. Mafumahadi, ratang banna/balekane ba lona. Ba tshwareng ka tlhompho le kgothaletso.

Batswadi, ratang bana ba lona. Ba rapelleng, ba ruteng, mme le ba pakele. Bana, ratang batswadi ba lona. Ba bontsheng thlompho, teboho le kobamelo/ ho ba mamela.

Keletso ya Mormon ke ereng, Ka ntle le lerato le phethehileng la Kreste, “ha [re] letho”3 Thapedi ya ka ke hore re ka latela keletso ya Mormon e reng “rapelang ho Ntate ka pelo tsa lona kaofela, hore [re] tlatswe ka rato lena, leo a le neileng bohle bao e eleng balatedi ba Mora Hae Jesu Kreste ba nnete, hore re tle re ebe bara ba Modimo, hore ka nako eo a hlahang ka yona re be joalo ka Ena”4

Ha o ruta hotswa Molaetseng Ona

Moetapele Monson o re ruta ka bohlokwa ba ho bontsha rato la nnete le jwalo ka leo la Kreste, haholoholo lapeng. Nahana ka ho kopa bao o ba etelang ho bokana joalo ka lelapa mme ba bue ka ditsela tseo ba ka bontshang lerato e mong ho e mong. O kanna wa ba kgothalletsa ho kgetha e nngwe ya ditlhahiso/ meelelo le hore ba etse moralo oo ka ona ba ka finyellang/phethahatsang sena joalo ka lelapa. Ka mohlala, maloko/ditho tsa lelapa di ka batla ho fana ka tshebeletso e seng phatlalatsa ho se seng sa ditho tsa lelapa beke le beke. O kanna wa ba kopa ho nahana hamorao ka hore na ho tsitlallela ha bona ho finyella pakane ena ho ekeditse rato la bona joang lapeng.

Hatisa