2017
Lerato le Phethahetseng le Leleka Tshabo
Mots´eanong 2017


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Motsheanong 2017

Lerato le Phethahetseng le Leleka Tshabo

Ha re behelleng ka thoko tshabo mme re phele bonyaane ka thabo, boikokobetso, tshepo mmoho le maikutlo a boitshepi hore Morena o ena le rona.

Baena le dikgaitsedi tsaka tse ratehang, metswalle, ke tlotlo le thabo e kakang ho kopana re le Kereke e lefatshe bophara, re kopane tumelong le leratong la rona ho Modimo le baneng ba Hae.

Haholoholo ke tletse teboho ka hoba teng ha moporofeta wa rona, Thomas S. Monson. Mookamedi, re tla tswela pela ka nako tsohle ho nkela pelong mantswe a hao a tsamaiso, keletso le thlalefo. Re a o rata, Mookamedi Monson, mme re dula ka mehla re o rapella.

Dilemong tse fitileng, ha ke ne ke le tshebetsong ya bookamedi ba lekala le leholo Frankfurt, Germany, kgaitsedi e nngwe e ratehang empa e neng e sa thaba e ile ya tla honna pheletsong ya kopano enngwe ya rona ya lekala.

“ Na se ha se bothata?” o ile a rialo. “Ho ne hole batho ba kabang bane kapa bahlano ba neng ba robetse nakong eo oneng o nehelana ka puo!”

Ke ile ka nahana motsotswana mme ka araba, “Ke na le bonnete ba hore ho robala ka kerekeng ke bo bong ba boroko bo phepa ka ho fitisisa.”

Mofumahadi waka a kgabane, Harriet, o ile a utlwa ka tshohanyetso puisano ena mme hamorao a bolela hore eo ene ele enngwe ya dikarabo tse ntlehadi tseo nkileng ka nehelana ka tsona.

Tsoso e Kgolo

Dilemo tse makgolo a mmalwa tse fitileng Leboya Amerika, sehlopha se neng se bitswa “Great Awakening” se ile sa tlala tumo naha – mahaeng. E nngwe ya tjhebo tsa sona e ne ele ho tsosa batho bao ekang ba kgalehile tabeng tsa semoya.

Mohlankana Joseph Smith o ile susumetswa ke dintho tseo a ileng a di utlwa hotswa barering bao ba neng ba le karolo ena ya tsoso ya tsa semonya. Ke le leng la mabaka a ileng a nka qeto ya ho batla ka matla thato ya Morena thapelong ikgethileng.

Bareri bana ba ne ba ena le tsela e matla, e amang maikutlo, ka dithero tseo di neng di tsejwa ka ho toboketsa ha tsona sebabole sa dihele se emetseng moetsadibe.1 Puo tsa bona di ne di sa robatse batho empa di ka nna tsa be di bile sesosa sa ho phofa ho ba bangata. Morero le mokgwa wa tsona ene e bonahala e le ho tshosa batho hore ba tle kerekeng.

Tshabo ele mokgwa wa ho kenya babang kapa emong ka tlasa taolo ya tshotlo

Mehleng ya kgale, tshabo hangata ene e etswa sesebediswa sa ho etsa batho hore ba etse ho hong ho itseng. Batswadi ba e sebedisitse baneng ba bona, bo ra-mosebetsi ho basebetsi, mme bo-ra dipolotiki ho bao eleng bakgethi.

Ditsibi ho tsa dithekiso di utlwisisa matla a tshabo mme hangata di sebedisa sena. Ke ka hoo tse ding tsa dipapatso di bonahalang eka di ena le molaetsa o hlakileng oreng ha re hloleha ho reka sejo sa hoseng kapa re ka fetwa ke motjhini wa tsa dipapadi o motjha kapa mohala wa thekeng, re ka iphumana re le maqakabetsing a ho phela bophelo ba tsharelo, le ho shwa re le bang bodutung mme re sena thabo ho hang.

Re e re bososele le ho nahana hore re keke ra hohelwa taolong e tje, empa ka nako tse ding re ye re hohelwe. Se fetang sena, ka nako tseding re e re sebedise mekgwa etshwanang le ena ho etseng ba bang hore ba etse se batlwang ke rona.

Molaetsa waka tsatsing la kajeno o ena le merero e mmedi: Wa pele ke ho ipiletsa ho rona ho nahanisisa le ho nkela kelellong botebo boo re sebedisang tshabo ho kgothalletsang babang ha mmoho le rona ka sebele. Wa bobedi ke ho fana ka thlahiso ya tsela e kabang betetsana.

Bothaba ka Tshabo

Peele, ha re buisaneng ka bothata ba tshabo. Pheletsong ya tsohle, ke ofe hara rona eo a sokang a susumetswa ke tshabo ho ja ka phepo e nepahetseng, ho tlama banta la setulo sa koloi, ho ikwetlisa le hofeta, ho boloka tjhelete kapa hona ho baka sebeng?

Ke nnete hore tshabo e ka ba le tshusumetso e matla tseleng eo re etsang le ho itshwara ka yona. Empa tshusumetso eno hangata e ba ya nakwana mme haena botebo. Ha se hangata tshabo e bang le matla a ho fetola pelo tsa rona, mme e keke ya re fetola hoba batho ba ratang se lokileng le ba batlang ho obamela Ntate ya Mahodimong.

Batho ba tletseng tshabo ba ka nna ba bua le ho etsa dintho tse nepahetseng, empa ha ba na kutlo nthong tse nepahetseng. Hangata ba ikutlwa ba sena boithuso, ba a nyonya, le ho tlala kgalefo. Ka mora nakwana maikutlo ana a isa ho hlokeng tshepo, ho tlala bohanyetsi, le bonganele.

Ka bomadimabe, tsela ena ya ho phela le ho etapele, e fosahetseng, ha e felle- fela lefatsheng la setlwaedi. Ho nkutlwisa bohloko ho utlwa ka ditho tsa Kereke tseo di sebedisang taolo e sa lokang malapeng a tsona, kapa dipitsong tsa ona tsa Kereke, mesebetsing, kapa dikamanong tsa ona tsa ka mehla le ba bang.

Hangata, batho ba ye ba bue kgahlano le kgatello e etswang ke ba bang, empa ba hloleha ho bona sena ho bona. Ba batla ha melao e beilweng ke bona ka bong e latelwa, empa ha ba bang ba sa latele melao ena e senang moelelo, ba ba kgoba ka mantswe, le hoba sotla moyeng le mmeleng ka nako tseding.

Morena o itse “ha re … beha ka tlasa taolo kapa re okamela kapo re hatella meya ya bana ba batho, le ha e le ka bonyanne bo bo kae bo senang holoka, ‘… mahodimo a ikgulela morao [mme] Moya wa Modimo o tlala tsharelo.”2

Ho kanna ha eba le metsotso moo re lekwang ka hore re bontshe mabaka a tshehetsang diketso tsa rona ka ho dumela hore se tlang qetellong se tshehetsa mekgwa ena. Re ka boela ra nahana hore ho ba taolong, ho laola ka tshotlo, le ho ba thata ke se loketseng ba bang. Ha ho jwalo, hobane Morena o ho behile ha hlaka hore “tholwana tsa Moya ke lerato, thabo, kgotso, mammello, bonolo, ho loka, tshepo, boikokobetso [mmoho le] taolo e boweneng.”3

Tsela e Betere

Ha tsebo ya ka ka Ntate wa ka ya Mahodimong entse e eketseha, ke bona ka botlalo ka mmo A susumetsang le ho etela- pele bana ba Hae. Ha a na kgalefo, sekgupi, kapa boiphetetso.4 Morero oo eleng ona wa Hae – mosebetsi wa Hae le kgalalelo ya Hae – ke ho re tataisa, ho re phahamisa ka kgalalelo, le ho re etella ho ya phethehong ya Hae.5

Modimo o ithlalositse ho Moshe ale “mohau le lereko,a ena le mamello, mme a tletse ka ho loka le nnete.”6

Rato la Ntata rona ya Mahodimong ho rona, bana ba Hae, le feta kutlwisiso eo re ka kgonang ho ba le yona.7

Na sena se bolela hore Modimo o dumella kapa ha a natse boitshwaro bo kgahlanong le ditaelo tsa Hae? Tjhe, ehlile ha ho jwalo!

Empa O batla ho fetola se fetang boitshwaro ba rona. O batla ho fetola thlaho ya rona. O batla ho fetola pelo tsa rona.

O batla re otlolle seatla mme re tiise tshwaro ya molamu wa tshepe, re shebane le ditshabo tsa rona, mme re nke bohato bo isang pele le hodimo mmileng o molelele o mosesane. O batla sena bakeng sa rona hobane O a re rata mme hobane ena ke yona tsela e isang lethabong.

Ka hoo he, Na Modimo o susumetsa bana ba Hae jwang ho mo latela mehleng ya rona?

O rometse Mora Hae!

Modimo o rometse Mora Hae a Nnotshi, Jesu Kreste, ho re bontsha tsela ya nnete.

Modimo o susumetsa ka se kgodisang, mamello, bonolo, lereko, mmoho le lerato la nnete.8 Modimo o hlakoreng la rona. O a re rata, mme ha re kgotjwa, O batla re phahame, re leke hape, mme re tie.

Ke motataisi wa rona.

Ke tshepo e kgolo e bohlokwa ho rona.

O lakatsa ho re tsosa molota ka tumelo.

O re tshepa ho ithuta hotswa kgatong tsa rona tse fosahetseng mme le ho etseng kgetho tse nepahetseng.

Sena ke tsela e betere!9

Re reng ka Bobe bo lefatsheng ?

Enngwe ya ditsela, Satane o batlang hore re sebedise ka tshotlo ba bang ke ka ho dula ka mehla re bolela le ho hatella ho sa hlokeheng, bobe bo lefatsheng.

Efela ke nnete, lefatshe la rona le na le mme le ntse le tswela pele ho hloka phethahalo. Ke batho ba bangata ka hofitisisa ba senang molato ba sotlehang ka baka la maemo a tlhaho mmoho le bokgopo ba batho. Manyofonyofo le bobe matsatsing a rona ke ntho tse sa tlwaeleheng mme di phahamisa matshwafo.

Empa ntle le tsena tsohle, Nna nke ke ka fapanyetsana ka ho phela nakong ena le ho phela nakong efe ka kapa efe nalaneng ya lefatshe. Re hlohonolofaditswe ho feta tekano ho phela tsatsing le senang thaka la katleho, boiphihlelo, le kuno. Boholo ba rona re hlohonolofaditswe ka ho ba le evangedi e phethahetseng ya Jesu Kreste, e re fang tjhebo e seng setlwaedi dikotsing tsa lefatshe le ho re bontsha hore re ka qoba jwang dikotsi tsena kapa ra sebetsa jwang ka tsona.

Ha ke nahana ka ditlhohonolofatso tsena, Ke batla ho wela fatshe mangweleng mme ke tlise dithoriso ho Ntate wa rona ya Mahodimong bakeng sa lerato la Hae le se nang pheletso baneng ba Hae.

Ha ke tshepe hore Modimo o batla bana ba Hae ba tlale tshabo kapa ba dule bobeng ba lefatshe. “Hobane Modimo ha a refa moya wa tshabo; empa wa matla le lerato le kelello e tjhorileng.”10

O re neile mabaka a fetang tekano ho nyakalla. Re hloka feela ho wa fumana le ho a elellwa. Modimo o re hopatsa hangata hore re “se tshohe,” re “be le nyakallo”11 mmoho le ho “se be le tshabo”12

Modimo O Tla Lwana Ntwa Tsa Rona

Baena le dikgaitsedi, rona re “mohlape o monyenyane” wa Morena. Re Bahalaledi ba mehla ya kajeno. Seteng bitsong la rona ke boinehelo ba hoba le tjhebelo- pele ya ho kgutla ha Mopholosi le ho itukisetsa ha rona le lefatshe ho mo amohela. Kahoo, a re sebeletseng Modimo mme re rate beng-ka- rona. Ha re etseng hona ka boitshepi ba tlhaho, ka boikokobetso, re sa shebele fatshe bodumedi bo bong kapa sehlopa se seng sa batho. Baena le dikgaitsedi, re filwe mosebetsi wa ho ithuta lentswe la Modimo le ho mamela lentswe la Moya, ele hore re “tsebe matshwao a dinako, le matshwao a ho tla ha Mora Motho.”13

Kahoo, ha re haellwe ke tsebo ya diphepetso tsa lefatshe, mme ebile ha re lefifing tjhadimehong ya rona ka maima a mehla ya rona. Empa sena ha se bolele hore re lokela ho ithwesa maima kapa ho rwesa ba bang ka tshabo e senang bokgutlo. Ho ena le ho dula botebong ba diphepetso tsa rona, na ha ho toka ho beha tjhebo boholong, ho lokeng, le matleng a nnete a Modimo wa rona, re itshepela Eena mme re lukisetsa ka pelo tse tletseng nyakallo ho kgutla ha Jesu Kreste?

Jwalo ka batho ba selekane, ha re lokelwe ke ho holofatswa ke tshabo hobane ntho tse mpe di kanna tsa etsahala. Ho teng, re ka tswela pele ka tumelo, sebete, boikemisetso, le tshepo ho Modimo ha rentse re atamela diphepetsong le menyetleng e kapele.14

Ha re tsamaye tseleng ya borutuwa re le nnotshi. “Morena Modimo wa hao … o tsamaya le wena; a ke ke a hloleha, kapa a o furalla.”15

“Morena o tla o lwanela, mme wena o tla ba le kgotso.”16

Ha re tobane le tshabo, ha re fumaneng sebete, re bokeletse tumelo, mme re be le tshepo tshepisong e reng “ha ho sebetsa se bupuweng kgahlanong le wena se tla atleha.”17

Na re phela nakong ya maqakabetsi le dipherekano? Efela ho le jwalo.

Modimo ka boena O itse, “Lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa nyakallang ke hona; Ke se ke hlotse lefatshe.”18

Na re ka sebedisa tumelo ho kgolwa le ho etsa ka tshwanelo? Na re ka tshepahala boitlamong le dilekaneng tse ikgethileng tsa rona? Na re ka boloka melao ya Modimo le hara maemo a phepetsang? Efela re ka kgona!

Re ka kgona hobane Modimo o tshepisitse, “Dintho tsohle di tla sebeletsa holoka bakeng sa lona, ha [le] tsamaya ka tsepamo.”19 Ka hoo, a re beheleng ka thoko tshabo mme re phele ka nyakallo, boikokobetso, tshepo mmoho le boitshepo bo sebete horeng Morena o na le rona.

Lerato Le Phethehileng Le Leleka Tshabo

Metswalle yaka e ratehang, baena le dikgaitsedi tsaka ho Kreste, ha re ka iphihlela re phela tshabong kapo matshwenyehong, kapo ha re ka feela ra fumana mantswe a rona ka sebele, mekgwa, kapo diketso tsa rona ele sesosa sa tshabo ho babang, Ke rapela ka matla ohle a moya waka hore e ka re ka lokoloha tshabong ena ka bohanyetsi ba tshabo boo re bo neiweng ka kgalalelo: lerato le hlwekileng la Kreste, hobane “lerato le phethehileng le leleka tshabo.”20

Lerato la Kreste le phethahetseng le hlola moleko wa ho sotla, ho qobella, ho qhwebeshana, kapa ho hatella.

Lerato la Kreste le phethahetseng le re dumella ho tsamaya ka boikokobetso, tlhompho, mmoho le boitshepo bo matla jwalo ka balatedi ba Mopholosi wa rona a nnotshi. Rato la Kreste le phethahetseng le re nea boitshepo ba ho feta tshabong ya rona le ho beha tshepo ya rona ka botlalo matleng le ho lokeng ha Ntata rona ya Mahodimong le ho Mora Hae, Jesu Kreste.

Malapeng a rona, dibakeng tsa rona tsa kgwebo, pitsong tsa rona tsa Kereke, pelong tsa rona, a re beheng bakeng sa tshabo lerato la Kreste le phethahetseng. Lerato la Kreste le tla beha tumelo sebakeng sa tshabo!

Lerato la hae le tla re kgontsha ho elellwa, ho tshepa, le ho ba le tumelo holokeng ha Ntate wa rona ya Mahodimong, moralong wa Hae o halalelang, evangeding ya Hae, le melaong ya Hae.21 Ho rateng ha rona Modimo le beng-ka-rona ho tla fetola kobamelo ya rona melaong ya Modimo hobeng tlhohonolofatso ho ena le morwalo. Lerato la Kreste le tla re thusa ho ba pelo-nolo, ho tshwarela haholo, ho ba le tlhokomelo, le ho ba le boinehelo mosebetsing wa Hae.

Ha re ntse re tlatsa pelo tsa rona ka lerato la Kreste, re tla tsosolosa ka ntjhafatso ya semoya mme re tla tsamaya ka thabo e tletseng, tshepo, re tsoile molota mme re fadimehile kganyeng le kgalalelong ya Mopholosi, Jesu Kreste.

Ke nea bopaki, mmoho le Moapostola Johanne, “Ha ho tshabo leratong la [Kreste].”22 Baena le dikgaitsedi, metswalle ya ka e ratehang, Modimo o le tseba ka phethahalo. O le rata ka phethahalo. O tseba seo bokamoso ba lona bo se tshwereng. O batla hore “le se tshabe, dumelang fela”23 mme le “dule ratong la hae le[phethehileng].”24 Sena ke thapelo le tlhohonolofatso ya ka lebitsong la Jesu Kreste, amen.

Mengolo

  1. George Whitefield mmoho le Jonathan Edwards ke mehlala e mmedi ya bareri ba mofuta ona ba itlhommeng pele.

  2. Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 121:37.

  3. Bakgalata 5:22–23.

  4. Tsatsi le leng, Mopholosi o ne a batle ho kena motseng wa Masamaria, empa batho ba ile ba hana Jesu mme ba hana ho Mo amohela motseng wa bona. Barutuwa ba hae ba babedi ba ile ba kgopiswa ke sena mme ba botsa, “Morena, na O batla re laele mollo ho tla fatshe hotswa lehodimong mme o ba timetse?” Jesu o ile a araba senaka hloko: “Ha le tsebe hore lona le ba mofuta ofe wa moya. Hobane Mora Motho ha a ya tla ho heletsa maphelo a batho empa ho a pholosa” (bona Luka 9:51–56, New King James Version [1982]).

  5. BonaMoshe 1:39; mmoho le Baefese 3:19.

  6. Eksoda 34:6.

  7. Bona Baefese 3:19.

  8. Bona Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 121:41 Efela ebang Modimo a lebeletse hore rona, bana ba Hae ba shwang- nameng, ho itshwara ka tsela ena dikamanong le ba bang, Eena – sebopuwa se phethahetseng se nang le ditlhweko tsohle – o tla ba mohlala wa boitshwaro so tjhena.

  9. Lekgotla le bileng teng pele ho bophelo ba lefatsheng, Lehodimong ke mohlala-thuto o kgabane o bontshang semelo sa Modimo. Ke teng moo Ntate wa rona ya Mahodimong a ileng a hlahisa moralo wa Hae o ka ha kgolo-tswelopele ya rona ho ya ka hosafeleng. Dintlha tse ka sehlohong moralong oo di akga ka hare bolokulohi ba boikgethelo, kobamelo, le pholoso ya Kreste feela, Diabolosi o hlahisitse tsela e fapaneng. O ile a tshepisa hore bohle ba tla obama – ha ho le ya mong ya tla lahleha. Tsela eo sena se ka finyellwang ka yona e ne e le ka taolo a maatla mmoho le qobello. Empa Ntate wa rona ya Mahodimong a le lerato, ha aka a dumella moralo to tjena. O ne a beile bohlokwa boikgethelong ba bana ba Hae. O tsibile hore re tla lokela ke ho etsa diphoso tseleng ebang re ithuta e le kannete. Ke ka hoo A ileng a nehelana ka Mopholosi, eo sehlabelo sa hae sa bosafeleng se nang le ho ka re hlwekisa sebeng le hore dumella hore re boele re kene mmusong wa Modimo.

    Nakong eo Ntate wa rona ya Mahodimong a bona hore boholo ba bana ba Hae ba hohetswe ke Diabolosi, na O ile a ba qobella ho latela moralo wa Hae? Na O ile tshosetsa kapa ho tshabisa bao baneng ba entse kgetho ena e bosula? Tjhe. Modimo wa rona ya matla ohle o ne a ka emisa borabele bona. O ne a ka qobella marabele thatong ya Hae le ho ba etsa ba e latele. Empa, O ile a dumella bana Ba Hae ho ka etsa kgetho ka bo bona.

  10. 2 – Timothea 1:7 .

  11. Bona, mohlala Joshua 1:9 ; Esaia 41:13; Luka 12:32; Johanne 16:33 ; 1 Petrose 3:14; Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 6:36; 50:41; 61:36; 78:18.

  12. Luka 12:32.

  13. Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 68:11.

  14. Keletso ya Moshe bathong ba mehleng ya hae e ntse e sebetsa: “Le seka la tshaba. … Bonang pholoso ya Morena, eo A tlang ho e phethisa bakeng sa lona tsatsing la kajeno” (Eksoda 14:13, New King James Version).

  15. Deuteronoma 31:6.

  16. Eksoda 14:14, New King James Version.

  17. Esaia 54:17.

  18. Johanne 16:33.

  19. Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 90:24; boela o bone 2 – Bakorinte 2:14; Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 105:14.

  20. 1 – Johanne 4:18.

  21. Ha re hopoleng hore Mopholosi ha a ya tla “lefatsheng ho rohaka lefatshe; empa ele hore lefatshe le pholohe ka ena” Johanne 3:17. Hantle – ntle “ha a etse letho ntle le hore sena se be molemong wa lefatshe; hobane o ratile lefatshe, hoo a ileng a beha bophelo ba hae fatshe etle ele hore a hohele batho bohle ho ena,” 2 – Nephi 26:24.

  22. 1 – Johanne 4:13 boela o bone 1 Johanne 4:16.

  23. Mareka 5:36.

  24. Johanne 15:10.

Hatisa