2017
Matla a Buka ya Mormon
Mots´eanong 2017


Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Motsheanong 2017

Matla a Buka ya Mormon

Setśoantśo
Moetapele Thomas S. Monson

Ke ipiletsa ho emong le emong wa rona ka borapedi ho ithuta le ho nahana ka botebo ka Buka ya Mormon letsatsi-le- letsatsi.

Baena le dikgaitsedi tsaka tse ratehang, Ke le dumedisa ka mofuthu jwalo ka ha re boetse re kopane konsferenseng e kgolo ya kakaretso ya Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno. Pele ke qala molaetsa waka tsatsing lena, Ke rata ho etsa phatlalatso ya ho ahwa ha ditemple tse hlano dibakeng tse latelang: Brasilia, Brasil; Manalia o moholo, sebakeng sa Philipipines; Nairobi, Kenya; Pocatello, Idaho, USA; le Saratoga Springs, Utah, USA.

Hoseng hona ke bua ka matla a Buka ya Mormon le bohlokwa bo boholo boo re nang le bona jwalo ka ditho tsa Kereke ho ithuta, ho teba monahanong, le ho kenya tshebetsong dithuto tsa yona maphelong a rona. Bohlokwa ba ho ba le bopaki bo matla ba sebele ba Buka ya Mormon bo keke ba hatellwa hofeta.

Re phela nakong ya tlokotsi le bokgopo bo boholo. Ke eng seo se ka re bolokang sebeng le bokgopong bo seng bo jele setlwaedi lefatsheng kajeno? Ke ntse ke hatella hore bopaki bo matla ho Mopholosi, Jesu Kreste, le ho evangedi ya Hae di tla re thusa ho finyella polokehong. Ebang o sa bale Buka ya Mormon tsatsi ka letsatsi, hle etsa jwalo. Ha o ka e bala o tletse thapedi le ka tabatabelo ya nnete ho tseba nnete, Moya o Halalelang o tla hlahisa nnete tsa yona ho wena. Sena ke nnete – mme ke paka ke tiile hore – Joseph Smith e ne ele moporofeta ya boneng Modimo Ntate le mora Hae, Jesu Kreste.

Hobane Buka ya Mormon ke nnete, Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno ke Kereke ya Morena lefatsheng, mme boprista bo halalelang ba Modimo bo tsosolotswe molemong le hlohonolofatsong ya bana ba Hae.

Ebang o sena bopaki bo tiileng ba ntho tsena, etsa se hlokehang ho bo fumana. Ho bohlokwa hore o be le bopaki boo e leng ba hao nakong tsena tse thata, hobane bopaki ba ba bang bo ka o jara feela ha kaalo. Empa, hang hoba o bo fumane, bopaki bo hloka ho bolokwa bo ntjhafetse mme bo phela ka ho tswela pele o obamela melao ya Modimo le ka thapedi le boithuto ba mangolo a halalelang ka mehla.

Bang ka nna mosebetsing wa Modimo, Ke ipiletsa ho emong le emong wa rona ho ithuta le ho teba monahanong wa Buka ya Mormon letsatsi le letsatsi re tletse thapedi. Ha rentse re etsa sena, re tla ba boemong ba ho utlwa ntswe la Moya, ho qoba moleko, ho hlola pelaelo le tshabo, le ho amohela thuso ya lehodimong maphelong a rona. Ke paka sena ka pelo yaka yohle lebitsong la Jesu Kreste, amen.

Hatisa