2017
Morumuwa eo a senang Karata ya boitsibuso
Phuptjane 2017


Batjha

Morumuwa ya senang Karata ya boitsibiso

Sekolong ke ena le mosuwe eo mofuta wa botho ba hae o ka tshosang motho e mong ho abelana ka pono e fapaneng tabeng e itseng. Ka tsatsi le leng re ile ra kena tabeng ka barumuwa ba Mehleng ena. Ke ne ke tseba hore ke ne nka kgona ho araba dipotso tsa hae, empa ke ile ka ikutlwa eka ke lokela ke ho se etse jwalo. Ka hoo ke ile ka bua se lekaneng feela ho ka mo kgotsofatsa ka nako eo.

Dibekeng tse mmalwa tse latelang ke hlolehile ho kgaotsa ho nahana ka puisano ya rona. Qetellong, monahano o ile wa mphihlela hore ke lokela ho mo nea Buka ya Mormon eo ho yona ho tshwailweng dingolwa tse mmalwa ka mosebetsi wa borumuwa. Monahano o ne o ntshosa, leha hole jwalo wa phehella. Ke ile ka tseba hore sena ke tshusumetso eo ke lokelang ho e latela.

Nakong ya dikgwedi tse pedi ka morao, ke ile ka beha le ho lokisa Buka ya Mormon. Letsatsi kaofela ke ile ka ikutlwa eka buka e chesa lesoba. Metsotswana e meraro eo ke e nkileng ho mo nea yona, jwalo ka ha ke ne ke eya kgefutsong ya matsatsi a phomolo mariha, e bile motsotso o tshosang bophelong ba ka.

Tsatsing la pele la ho kgutla, ke ile ka feta phapusing ya hae empa ke ne ke tshaba ho kena ka hare. Hang ka utlwa a mpitsa, mme a nnea karata. Ke ile ka e bala ha ke ntse ke le tseleng e pakeng tsa diphapusi. O ne a ngotse hore o badile “ka botebo” dingolwa tseo ke neng ke di tshwaile, mme o ne a se a qala ho bona lebaka la tumelo ya ka.

Ke se ke thabela ho abelana ka evangedi jwale, haholoholo ke bile ke thabetse ho ya sebeletsa Ntate wa ka ya Mahodimong borumuweng haufinyane.

Hatisa